Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/09 maq. 21-23
  • Batho ba Batlang Letsoai ba Sahara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Batlang Letsoai ba Sahara
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maralla a Maiketsetso le Matamo a Mebala-bala
  • Tsela e sa Tloaelehang ea ho Ntša Letsoai
  • Ba Etsa Chelete ka Letsoai
  • “Le Tsoa Batsoaling ba Hloekileng Tlhoeko”
    Tsoha!—2006
  • “Le Letsoai la Lefatše”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Tsoha!—2009
g 1/09 maq. 21-23

Batho ba Batlang Letsoai ba Sahara

HA RE ntse re tsamaea ka koloi ea rōna e hulang ka mabili a mane, re bona matšoao pel’a tsela. Matšoao ana aa bontša hore na tsela e hokae ha lifefo tsa lehoatateng li e koahetse ka lehlabathe. Ha e le hantle, lifefo tse joalo li tloaelehile mona Lehoatateng la Sahara.

Tsela ena eo re tsamaeang ka eona e latela tsela ea boholo-holo ea likamele e kopanyang motse oa Agadez, o ka leboea ho Niger, le moeli oa Algeria le libaka tse ling. Re lebile motsaneng oa Teguidda-n-Tessoumt—o hōle le e meng, o ka bang lik’hilomithara tse 200 ka leboea-bophirimela ho Agadez. Malapa a 50 a lulang sebakeng seo, a ntse a tšoareletse mokhoeng o ’nileng oa sebelisoa ka lilemo-lemo oa ho ntša letsoai la bohlokoa letsopeng la Sahara.

Maralla a Maiketsetso le Matamo a Mebala-bala

Ka pel’a rōna ho hlahella marallana thoteng ea lehoatata, a bontšang moo re habileng teng. Motho ea re tsamaisang o paka koloi haufi le leralla le bophahamo ba limithara tse 10 ’me o re re tsoe ka koloing, re hloelle ka holim’a lona hore re bone motse. Ha re ntse re nyolosa butle, o re hlalosetsa hore leralla lena le a mang a tšoanang le lona, ke la maiketsetso le entsoeng ka mesaletsa e bileng teng ka lilemo tse ngata ha ho ntse ho ntšoa letsoai sebakeng sena.

Ha re le ka holim’a leralla leo, re bona botle bo hlollang. Hoo e batlang e le lintho tsohle tlaase motseng—fatše, maboteng le marulelong—’mala oa tsona o tšoana le oa letsopa le besitsoeng. Ntho feela e ’mala o fapaneng ke makala a lifate tse peli tse khorong ka ’ngoe ea motse joalokaha eka ke tsona tse o lebetseng. Ha e le hantle, metero ea teng le matlo a entsoe ka letsopa. Mehaho e ’mala o mong e fapane le matamo a makholo a letsoai a mebala-bala, a haufi le moo. Sebakeng sena hoa phethesela—banna, basali le bana, kaofela ba sebetsa ka thata.

Tsela e sa Tloaelehang ea ho Ntša Letsoai

Ha re theoha leralleng moo, motho ea re tsamaisang o re hlalosetsa tsela ea boholo-holo ea ho ntša letsoai e sebelisoang ke batho ba motsaneng oo. O re: “Ha e le hantle ho na le mefuta e ’meli feela ea matamo. Matamo a mang, a ka bang bophara ba limithara tse peli, a sebelisetsoa ho qitisa mobu metsing a nang le letsoai le lengata. Matangoana a mang a sebelisetsoa hore metsi a fetoloe mouoane. Metsi a liliba tse 20 tse sebakeng seo a letsoai. Leha ho le joalo, mohloli o ka sehloohong oa letsoai hase metsi, empa ke mobu, ’me sena ke sona se etsang hore ho ntša letsoai ka mokhoa ona e be ho ikhethang.” Hantle-ntle letsoai le ntšoa joang mobung?

Ha re ntse re shebile re bona monna a tšela mobu ka letamong le tletseng metsi a tsoang selibeng. O hatakela motsoako oo, joalokaha eka o hatakela sehatelo sa veine. Ha a khotsofetse, o tlohella motsoako oo o letsoai ka lihora tse ’maloa hore o qite. Haufi le eena ho na le matamo a mang a tletseng metsi a lukehileng. Metsi a ka matamong a ba bosootho bo sa tšoaneng, kaha ’mala oa matamo oa fetoha ha mobu o qita.

Haufi le monna eo, e mong o kha metsi a nang le letsoai letamong ka mohope, ebe o a tšela ka matangoaneng. Banna ba atisa ho etsa mosebetsi ona. Ba boetse ba hlokomela matamo ao. A mang a matamo ao ke a tlhaho, athe a mang a chekiloe matlapeng. Ha ba sa khone ho cheka, banna ba bōpella letsopa letlapeng hore ba etse letamo. Ba bōpa lebota ka letsopa ebe ba le setla ka molamu ho fihlela le tiea. Selemo le selemo, matamo ana a lokela ho lokisoa kapa a etsoe bocha.

Basali bona ba etsa’ng? Ba etsa mosebetsi o boima, ba tiisa hore kamehla ho na le mobu o letsoai o lekaneng o ka sebelisoang. Ba boetse ba tlosa lithollo tsa letsoai matangoaneng ao ho ’ona metsi a fetoloang mouoane. Ka mor’a moo, ba hloekisa matangoana ao hantle ho a lokisetsa ho tla tšela metsi a mang.

Ka nako eo, bana ba bapalla haufi le matangoana ao. Mosebetsi oa bona ke hore ba shebe ha metsi a ntse a e-psha. Ha metsi a ntse a fetoha mouoane, lithollo tsa letsoai li phaphamala ka holim’a metsi. Haeba lithollo tseo li tloheloa feela, li etsa hore letsoai le tšoarane ebe le thibela metsi hore a tsoele pele ho fetoha mouoane. Kahoo bana ba le fafatsa ka metsi hore le arohane ebe lithollo li tebela tlaase. Metsi a tsoela pele ho fetoha mouoane ho fihlela ha qetellong ho sala letsoai la bohlokoa feela.

Ke hobane’ng ha matamo aa a na le mebala e metle hakaale e sa tšoaneng? Motho ea re tsamaisang oa hlalosa: “Ha e le hantle, ho na le mefuta e meraro ea letsopa sebakeng sena, ’me mofuta ka mong o hlahisa ’mala oa oona ka metsing. Ho phaella moo, mebala e fapa-fapana ho latela hore na metsi a letsoai hakae. Hape, matamo a mang a ba le bolele ’me bo fetola ’mala oa metsi.” Ho feta moo, rea hlokomela hore ’mala oa matamo oa fetoha ha letsatsi le ntse le reteletsa mahlaseli a lona a matla a phatsimang.

Ba Etsa Chelete ka Letsoai

Koana motseng, basali ba etsa lipolokoe ka letsoai le mongobo, tseo ba li omisang letsatsing le bataolang. Ha ba le hloekise, kahoo lipolokoe tseo li lula li le sootho. Re hlokomela hore basali ba etsa lipolokoe tsena ka libōpeho tse tharo—e leng tse motopo, tse chitja le tse likhutlo li tharo. E mong oa basali bao o hlalosa hore lipolokoe tse motopo le tse chitja lia rekisoa, athe tse likhutlo li tharo tsona li tla fanoa e le limpho.

Ke bo-mang ba rekang letsoai lee? Ke bo-hloma-u-hlomole le bahoebi ba letsoai. Ba pholletsa le motsana oa Teguidda-n-Tessoumt, ’me ba reka letsoai ka hore ba fane ka lijo le lintho tse ling. Boholo ba letsoai leo bo tla rekisoa metseng e meholoanyane e moeling oa lehoatata. Letsoai le sa hloekisoang le tsoang motsaneng ona, mohlomong le ke ke la sebelisoa ke batho. Empa le tla sebelisetsoa ho fepa liphoofolo.

Ha re khutlela koloing, re bona monna e mong a ntse a cheka letsopa ka letamong le se nang metsi leo ho qitisetsoang ka ho lona. O le isa moo ho qhalloang mobu ’me le eena o kenya letsoho ho eketseng maralla ana a maiketsetso. Ha re se re tsamaea, re nahana kamoo maralla ana a fanang ka bopaki ba batho ba batlang letsoai ba phetseng Teguidda-n-Tessoumt, ba sebetsa teng ba ba ba shoela teng.—Se nehetsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

“Mohloli o ka sehloohong oa letsoai hase metsi, empa ke mobu, ’me sena ke sona se etsang hore ho ntša letsoai ka mokhoa ona e be ho ikhethang”

[’Mapa o leqepheng la 21]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

SAHARA

NIGER

Agadez

Teguidda-n-Tessoumt

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Based on NASA/Visible Earth imagery

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ho ntša letsoai la bohlokoa letsopeng la Sahara

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Victor Englebert

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Matangoana ao metsi a fetoloang mouoane ka ho ’ona a ba le mebala e mengata

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Ioseba Egibar/age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Lipolokoe tsa letsoai li omisoa letsatsing le bataolang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela