Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/09 maq. 24-25
  • Makhoba a Lebetsoeng a Pacific Boroa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Makhoba a Lebetsoeng a Pacific Boroa
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rekisoa ha Makhoba Pacific Boroa
  • Lintho Lia Fetoha
  • Makhoba a Lebetsoeng aa Hopoloa
  • Ak’u Tl’o Roba Monakeli Vanuatu
    Tsoha!—2007
  • Re Fumane “Perela . . . e Theko e Phahameng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • ‘Litaba Tse Molemo’ li Boleloa Lihlekehlekeng Tse Hōle ka Leboea Australia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ba Limilione e ba Makhoba
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 1/09 maq. 24-25

Makhoba a Lebetsoeng a Pacific Boroa

KA MONGOLI OA TSOHA! FIJI

LETŠOELE le ne le thabile haholo ha likepe tse peli li tloha li khutsitse mopopotlong oa sehlekehleke se ka thōko, Leoatleng la Pacific. Lilemo pele ho moo, motho ea neng a pholohile ha sekepe se soahlamana o ne a file lelapa ka leng la moo maqephe a seng makae a tsoileng Bibeleng ea hae. Batho bana ba ikokobelitseng ba ile ba bala maqephe ao ka cheseho ’me ho tloha ka nako eo ba emela hore mosuoe oa Mokreste a fihle.

Baeti bana ba tsamaeang ka likepe ba ile ba ba tšepisa hore ba tla ba isa moo ba ka ithutang ho eketsehileng ka Molimo. Banna le basali ba tletseng tšepo ba ka bang 250 ba ile ba palama likepe tseo, ba bangata ba bona ba kakatletse maqephe a Bibele ao ba neng ba a nka e le a bohlokoa.

Leha ho le joalo, ba ne ba qhekeletsoe ka bomenemene. Ha ba se ba palame, ba ile ba tlangoa, ba kenngoa mokatong o ka tlaase eaba ba isoa boema-kepeng bo hōle ba Callao, Amerika Boroa. Ka lebaka la litšila tse neng li le ka likepeng tseo, ba bangata ba ile ba shoella tseleng. Ba bang ba bangata ba ile ba hlekefetsoa ka thobalano. Ba ileng ba pholoha leetong leo ba ile ba rekisoa e le makhoba hore ba sebetse masimong le merafong kapa e be basebetsi ba malapeng, ’me ha baa ka ba khutlela sehlekehlekeng sa habo bona.

Ho Rekisoa ha Makhoba Pacific Boroa

Baahi ba lihlekehleke tsa Pacific Boroa ba ne ba koeteloa lekholong la bo19 la lilemo le mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Sena se ile sa etsa hore baahi ba likete ba lihlekehleke tseo ba isoe Amerika Boroa mathoasong a lilemo tsa bo-1860. Lilemo tse leshome ka mor’a moo, baahi ba lihlekehleke tse ka bophirimela ba ile ba koeteloa ’me ba isoa Australia. Ka 1867, Ross Lewin, ea neng a kile a ba Lebothong la Metsing la United Kingdom, o ile a tšepisa balemi ba ’moba le k’hothone hore a ka ba rekisetsa “matsoalloa a molemo ka ho fetisisa a lihlekehlekeng tseo a bileng a sebetsang ka thata, ka [liponto] tse 7 motho ka mong.”

Boiteko ba Ofisi ea Brithani ea Bokolone ba ho thibela ho rekisoa ha makhoba ha boa ka ba atleha. Lebaka le leng ke hore ho ne ho le boima hore Brithani e sebelise molao oa eona ho batho ba linaha tse ling. Lebaka le leng hape ke hore molao oa Brithani o ne o se na tlhaloso e batsi ea hore na lekhoba ke’ng. Kahoo, batho ba rekisang makhoba ba ne ba atleha ho ipuella ka lekhotleng, ba bolela hore baahi bana ba lihlekehlekeng—le hoja ba ne ba thetsoa ebile ba nkoa ka sheshe—ha e le hantle e ne e se makhoba, empa e ne e le basebetsi ba nakoana ba neng ba tla lefshoa, ’me ka mor’a nako ba khutlisetsoe hahabo bona. Ba bang ba ne ba bile ba bolela hore ba etsetsa batho bana bao pele e neng e le bahetene molemo ka hore ba ba buse ka molao oa Brithani le ho ba ruta mosebetsi! Kahoo, ka nako e itseng khoebo ea ho rekisa makhoba e ile ea hōla.

Lintho Lia Fetoha

Lintho li ile tsa qala ho fetoha ha baahi ba se nang leeme ba nyatsa mokhoa ona oa ho rekisa makhoba. Le hoja baahi ba bang ba lihlekehlekeng ba ne ba ithaopela hore ba nkoe, ho ne ho se ho sa lumelloe hore ba nkoe ka sheshe. Hape ho ne ho se ho sa lumelloe hore ba hlekefetsoe ka mekhoa e kang ea ho shapuoa, ho tšoauoa ka tšepe e chesang kapa maemo a mabe ao ba bang ba basebetsi bana ba neng ba phela ho ’ona ba bile ba sebetsa ho ’ona.

Boemo bo ile ba mpefala le ho feta ha mobishopo oa Chache ea bitsoang J. C. Patteson—ea neng a bua ka sebete ha a nyatsa mokhoa ona oa ho rekisa makhoba—a ne a bolaoa ke baahi ba lihlekehlekeng bao a neng a batla ho ba sireletsa. Joalokaha ba ne ba tloaetse, batho ba rekisang makhoba ba ile ba sebelisa bomenemene, ba fihla sehlekehlekeng pele ho Patteson ba ikhakantse ka sekepe se kang sa hae. Joale batho ba moo ba ile ba bolelloa hore ba kene ka sekepeng ba tl’o kopana le mobishopo. E ile eaba ha ba sa khutla. Ha Patteson a fihla, ka ho utloahalang, o ile a khahlametsoa ke letšoele le halefileng, ’me la mo bolaea ka phoso e le ha le iphetetsa. Ka lebaka la ketsahalo ena—le ka lebaka la boipiletso bo ntseng bo eketseha ba sechaba—Brithani le Fora li ile tsa isa likepe tsa lebotho la metsing Leoatleng la Pacific, tsa laela hore ho emisoe tlhekefetso eo.

’Muso oa New South Wales le oa Queensland, Australia, e ile ea ikopanya le Ofisi ea Bokolone ka ho etsa melao e mecha ho thibela tlhekefetso le ho laola khoebo ea basebetsi ba nakoana. Ho ile ha khethoa bahlahlobi ’me baemeli ba ’muso ba ne ba tsamaea le likepe tse thaothang basebetsi. Boiteko bona bo matla bo ile ba atleha, kaha batho ba ne ba qosetsoa ho koetela le ho bolaea, ho e-na le ho qosoa ka melaoana e khahlanong le bokhoba e neng e sa sebetse. Lintho li ile tsa fetoha Pacific Boroa lilemong tse leshome tsa ho qetela tsa lekholo la bo19 la lilemo. Ho koeteloa hona ha makhoba ho ne ho batla ho emisitse, ’me “basebetsi” ba bacha ba ne ba rothela mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo.

Ka 1901, paramente e ncha ea sechaba, e leng ’muso oa Selekane oa Australia, e ile ea laola litaba tse amanang le bojaki naheng eohle. Maano a eona a ne a bontša maikutlo a sechaba, seo nakong eo se neng se qalile ho hloea basebetsi ba tsoang linaheng tse ling, kaha ba bangata ba ne ba tšaba hore seo se tla beha basebetsi ba Maaustralia tsietsing. Ebang e ne e le basebetsi ba nakoana kapa che, baahi ba lihlekehleke tsa Pacific Boroa ba ne ba se ba sa batlehe. Ba likete ba ile ba khutlisetsoa ka sheshe lihlekehlekeng tsa habo bona, ’me seo sa baka tlokotsi kaha joale ba bang ba neng ba tlositsoe hahabo bona ba ne ba arohantsoe le baratuoa ba bona.

Makhoba a Lebetsoeng aa Hopoloa

Ka September 2000, ’muso oa Queensland o ile oa ngola phatlalatso e lulang e bonoa kamehla. Ka phatlalatso eo ’muso o ananela karolo eo baahi ba lihlekehlekeng tsa Pacific Boroa ba e phethileng ntlafatsong ea moruo, ea setso le ea sebaka sa Queensland. Ka nako e tšoanang, o ikoahlaela tsela e mpe eo ba neng ba tšoeroe ka eona.

Ho theosa le histori, batho ba bangata ba ’nile ba ithuisa ka bophelo ba batho ba bang le ho ba amoha tokoloho. Bibele e tšepisa hore ’Musong oa Molimo ho ke ke ha e-ba le ho hloka toka ho joalo. Ha e le hantle, bafo ba lefatšeng ba phelang tlas’a puso eo ea leholimo, “e mong le e mong [oa bona] o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4.

[Setšoantšo/’Mapa o leqepheng la 25]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Litsela tse neng li isa makhoba Australia le Amerika Boroa

LEOATLE LA PACIFIC

MICRONESIA

LIHLEKEHLEKE TSA MARSHALL

New Guinea

LIHLEKEHLEKE TSA SOLOMON

TUVALU

AUSTRALIA KIRIBATI

QUEENSLAND VANUATU

NEW SOUTH WALES NEW CALEDONIA AMERIKA BOROA

Sydney ← FIJI → Callao

SAMOA

TONGA

LIHLEKEHLEKE TSA COOK

FRENCH POLYNESIA

Sehlekehleke sa Easter

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

National Library of Australia, nla.pic-an11279871

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela