Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 maq. 6-7
  • Lintho Tse Matla Tse Sireletsang Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse Matla Tse Sireletsang Lefatše
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Polanete e Nang le Bophelo
    Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
  • Setsebi sa Fisiks se Hlalosa Tumelo ea Sona
    Tsoha!—2014
  • Boemo ba Leholimo bo Ferekaneng
    Tsoha!—1998
  • Na U Lokela ho Tšoenyeha ka ho Qeta Nako e Ngata U le Letsatsing?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 2/09 maq. 6-7

Lintho Tse Matla Tse Sireletsang Lefatše

SEPAKAPAKA ke sebaka se kotsi se tletseng mahlaseli a bolaeang le linaleli tse oang. Empa ho bonahala eka polanete ea rōna e putsoa e khona ho feta sebakeng sena se kotsi, e sa hlaheloe ke letho. Hobane’ng? Hobane lefatše le sirelelitsoe ka tsela e hlollang ke tikoloho eo matla a maholo a khoheli a fihlang ho eona le sepakapaka se entsoeng ka tsela e ikhethang.

Tikoloho eo matla a lefatše a khoheli a fihlang ho eona e tloha mpeng ea lefatše ho ea fihla sepakapakeng, moo e etsang lera le sa bonahaleng le sireletsang, le bitsoang magnetosphere (le bontšitsoeng ka ho le letona). Lera lena le re sireletsa hore mahlaseli a bokahohleng le lintho tse ling tse kotsi tse tsoang letsatsing li se ke tsa fihla ho rōna ka matla a maholo. Tse ling tsa lintho tsena tse kotsi ke liprothone le lielektrone tse lulang li tsoa ka sekhahla letsatsing, likhase tse hlahisoang ke letsatsi, tseo ka metsotso e seng mekae feela li ntšang matla a lekanang le a libomo tse limilione tse likete tsa haedrojene; le ho phatloha ho hoholo ho bang teng letsatsing, ho ntšetsang sepakapakeng lithane tse limilione tse likete tsa karolo e ka ntle ea letsatsi. Likhase tse hlahisoang ke letsatsi hammoho le ho phatloha hona ho hlahisa mafube (a bontšitsoeng tlaase ka ho le letona), a mebala-bala a bonahalang holimo sepakapakeng haufi le lintlha tsa lefatše tse nang le matla a khoheli.

Sepakapaka le sona se fana ka tšireletso. Karolo e ka holimo ea sepakapaka e na le oksijene ea mofuta o mong e bitsoang ozone, e monyang hoo e ka bang karolo ea 99 lekholong ea mahlaseli a kotsi a kenang ho eona. Kahoo, lera la ozone le thusa ho sireletsa lintho tse ngata tse phelang, tse akarelletsang batho le limela, mahlaseling ana a kotsi. Ho thahasellisang ke hore ho teteana ha ozone ha ho tšoane ka linako tsohle, empa ho tsamaisana le hore na mahlaseli a kotsi a mangata hakae ka nako eo, e leng se etsang hore lera lena la ozone le tenyetsehe le maemo ’me le atlehe ho fana ka tšireletso e loketseng.

Sepakapaka se boetse se re sireletsa linaleling tse limilione tse oang letsatsi le letsatsi, tseo tse ling tsa tsona li leng nyenyane haholo ha tse ling e le lipitlahali. Ka lehlohonolo, tse ngata tsa tsona li chella sepakapakeng, ebe li etsa khanya e bang teng ha linaleli li oa.

Lintho tse sireletsang lefatše ha li thibele mahlaseli ao lintho tse phelang li a hlokang, a kang a mocheso le a khanya. Sepakapaka se bile se thusa ho etsa hore mocheso o fihle likarolong tsohle lefatšeng, ’me bosiu sepakapaka se ba joaloka kobo, se fokotsa sekhahla seo mocheso o tsoang ka sona lefatšeng.

Ka sebele, sepakapaka le tikoloho eo matla a khoheli a fihlang ho eona li entsoe ka tsela e hlollang eo batho ba ntseng ba sa e utloisise ka ho feletseng. Ho ka boleloa hore metsi a mangata a teng lefatšeng le ’ona a entsoe ka tsela e hlollang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela