Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/09 leq. 17
  • Baesekele e Leotsang Lithipa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baesekele e Leotsang Lithipa
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tlōla Litlhase ’me oa Fufuleloa!
  • Potso e Bonolo eo u ka e Botsang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • U ka Thaba ha U E-na le Maikutlo a Nepahetseng!
    Tsoha!—2016
  • “Ka Melomo ea Bana”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Tsoha!—2009
g 2/09 leq. 17

Baesekele e Leotsang Lithipa

KA MONGOLI OA TSOHA! TANZANIA

◼ U ne u ka nahana’ng ha u bona monna a lutse holim’a baesekele a shebile morao ’me a ntse a e soaela ka matla empa e sa tsamaee? Ha u le likarolong tse ling tsa lefatše, joaloka mona Afrika Bochabela, e ka ’na eaba u tla be u shebile motho ea leotsang lithipa—ea iphelisang ka ho etsetsa ba bang seo ba se hlokang.

Baesekele ea hae ke e tloaelehileng empa e ntlafalitsoe mona le mane hore e etse mosebetsi oa bohlokoa. Ho kentsoe leloala le chitja karolong e entsoeng ka thata eo ho behoang thōtō ho eona. Ho etsoa lebanta le tsamaisang baesekele ka khoele ea naelone e thateloang riming ea lebili le leng le arotsoeng ka lehare ’me la cheselletsoa karolong e ka morao ea lebili la baesekele.

Ha ho tsebahale hore na ho tlile joang hore kofuto ena e entsoeng ka bohlale e fihle Afrika. Andrea, e leng monna ea leolitseng lithipa ka tsela ena ho tloha ka 1985, o re: “Ke boleletsoe hore libaesekele tsa mofuta ona li ne li sebelisoa Dar es Salaam, e leng motse-moholo oa Tanzania, pele li fihla motseng oa Moshi oo ke lulang ho oona.” O phaella ka ho re: “Li qalile ho sebelisoa mona ka 1982.”

Motho a ka fumana baesekele e leotsang lithipa joang? Andrea o re: “Re ea ho fundi, e leng lebitso la Seswahili la ‘motho ea etsang mesebetsi ea matsoho,’ ’me re mo kōpa hore a fetole baesekele e tloaelehileng hore e be ka tsela eo re batlang hore e be ka eona.” Hangata o nka letsatsi kapa a mabeli hore a e qete.

Ho Tlōla Litlhase ’me oa Fufuleloa!

Letsatsi la Andrea le qala hoo e ka bang ka hora ea bosupa hoseng, ha a palama baesekele ea hae ’me a leba moo ho nang le batho ba bangata. Ha a fihla moo, oa hoeletsa, o re: “Ke leotsa lithipa! Ke leotsa lithipa!” Ka nako e tšoanang o letsa tšepe eo a e kentseng baesekeleng ea hae. Ka mor’a nakoana, mosali o hlaha le fensetereng. O bitsa Andrea ’me o mo fa lithipa tse seng kae tse nthithi. Moahelani e mong o tlisa thipa e khōlō; ’me motho ea kutang moriri o tlisa likere. Andrea o boetse o leotsa mehoma, liboro le ntho leha e le efe e sehang.

Ha Andrea a lokisetsa ho qala mosebetsi, o batla sebaka se motsitseng ebe o theola tšepe e tšehetsang baesekele, e phahamisang lebili le ka morao. Ha a qetile o tlamella lebanta le e tsamaisang ’me o lula setulong sa bobeli a shebile morao ebe oa soaela. Ho tlōla litlhase ’me o thunya mofufutso ha a ntse a leotsa lithipa tse sa tšoaneng hore li be bohale joaloka lehare. Andrea o qeta mosebetsi hoo e ka bang ka hora ea botšelela mantsiboea.

Ho leotsa lithipa ka baesekele ke tsela e ’ngoe eo “ba khothetseng” ba ka sebelisang bohlale le boqapi ho iphelisa ka eona ba sa qhekelle, le tlas’a maemo a boima a moruo.—Liproverbia 13:4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela