Bana ba Imetsoeng Kelellong
◼ Ha tichere e ne e botsa moshanyana e mong ea lilemo li robeli ea bitsoang Pablo hore na mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae o kae, o ile a re: “Ke ne ke se na nako. Ke khathetse.” Joaloka moshanyana enoa oa Spain ea shebahalang a tšoeroe ke boroko, bana ba bangata ba na le mosebetsi o mongata o ba khathatsang, o ka ’nang oa akarelletsa ho qeta lihora tse 12 kapa ho feta ba ithuta ba bile ba etsa mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae. Ke hobane’ng ha ba phathahane hakaale?
Batsoali ba bang ba romela bana libakeng tseo ho etsoang lintho tse itseng ka mor’a sekolo e le hore bana ba be le seo ba se etsang ho fihlela ha e mong oa bona a fihla hae. Ba bang ba qobella bana hore ba lule ba phathahane hobane ba batla hore ba ipabole sekolong ’me ba tle ba fumane mosebetsi o tla ba atlehisa. E le hore ba finyelle seo, batsoali ba bangata ba Korea Boroa ba isa bana ba bona likolong tseo ho ithutoang ka thata, moo ka linako tse ling ba tlamehang ho qeta matsatsi a supileng ka beke ba ithuta ho tloha hoseng ka 7:30 ho fihlela ka khitla kapa ka meso. Tlaleho e ho New York Times e re: “Ba labalabela hore bana ba bona ba ee liunivesithing tsa maemo, hoo ba ikemiselitseng ho etsa ntho leha e le efe hore ba amoheloe ho tsona.”
Makasine ea Spain e tsoang beke le beke e bitsoang Mujer hoy, e re: “‘Batsoali ba khannang bana ka thata’ ba ba batlela se molemo, empa ba batla hore ba sebetse ka thata haholo.” E le hore ba finyelle lintho tseo batsoali ba bona ba li lebeletseng, bana ba ka ’na ba ipehela lipakane tse holimo haholo, e leng se ka ba bakelang khatello haholo. Antonio Cano, eo e leng mopresidente oa Mokhatlo oa Spain o Fuputsang ho Tšoenyeha le ho Imeloa Kelellong, o re “Seo re se hlokometseng ke hore bacha ba imetsoe.” Ho ea ka setsebi se seng, karolo ea 40 lekholong ea bana ba ka tlaase ho lilemo li 15, Spain, ba imetsoe haholo kelellong. Ho ba tlas’a khatello e joalo ho ka ba kotsi haholo ho bacha, mohlomong ha ba ha etsa hore ba ipolaee. Ka mohlala, The New York Times e re Korea Boroa, “ho bacha ba shoang ba le lilemo li 10 ho isa ho 19, ho ipolaea ke sesosa sa bobeli se latelang likotsi tsa mebileng.”
Ke ’nete hore bana ba lokela ho sebetsa ka thata ha ba le sekolong, ’me batsoali ba lokela ho ba thusa kahohle kamoo ho ka khonehang, etsoe ha ho mohla lilemo tseo li tlang ho khutla. Tichere e ’ngoe e bitsoang Irene Arrimadas, e re empa “bana hase batho ba baholo. Ba ke ke ba khona ho qeta nako e telele hakaalo ba sebetsa ka thata.” Batsoali ba lerato ba ela sena hloko, ’me ba netefatsa hore bana ba bona ba ba le nako e lekaneng ea ho phomola le ho etsa lintho tse ling tse hahang e le lelapa. Ha Morena Solomone ea bohlale a bua ka taba ea ho ba ba leka-lekaneng, o ile a ngola a re: “Phomolo e tletseng letsoho e molemo ho feta mosebetsi o boima o tletseng matsoho a mabeli le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 4:6.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng bo tšohlang khatello eo bana ba bangata ba tobanang le eona, sheba lihlooho tse buang ka “Khatello ha ba le Sekolong le ha ba se Sekolong,” Tsoheng! ea April 2009.