Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata
HA BILL a ntse a hōla o ne a lumela hore ho ntša mpa ke sebe se tebileng, se tšoanang le ho bolaea. Empa ka mor’a ho qeta lilemo tse mashome a lumela seo ka tieo, ka 1975 o ile a fetola maikutlo ha a thulana le taba ena. Victoria, eo e neng e le kharebe ea hae, o ile a ima ’me Bill o ne a sa ikemisetsa ho jara boikarabelo ba lenyalo le ba ho ba motsoali. Bill o re: “Kapele ke ile ka nahana ka tharollo e bonolo, ’me ka bolella Victoria hore o lokela ho ntša mpa.”
Batho ba bangata ba khetha ho etsa sena seo Bill a se bitsang tharollo e bonolo ha ka tšohanyetso ba fumana hore mosali o imme e se ka morero. Phuputso e entsoeng lefatšeng lohle ka 2007 e boletse hore ka 2003 basali ba ka bang limilione tse 42 lefatšeng ka bophara ba ile ba ntša mpa. Basali ba ntšang mpa ke ba merabe eohle le ba lichaba tsohle le ba malumeli a sa tšoaneng, ba ruileng le ba futsanehileng, ba rutehileng le ba sa rutehang, ba baholo le ba banyenyane. Haeba u ne u ka ima e se ka morero, u ne u ka etsa’ng? Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba khetha ho ntša mpa?
“Ke ne ke Bona Eka ha ke na Boikhethelo”
Mosali e mong ea lilemo li 35 o re: “Ke ne ke sa tsoa feta nakong e thata ea boimana ’me ke pepile ka thata, re bile re e-na le mathata a lichelete le a lelapa. Joale libeke tse tšeletseng ka mor’a hore ke be le ngoana, ke ile ka boela ka ima. Re ile ra etsa qeto ea hore ke ntše mpa. Ka pelong, ke ne ke utloa hore sena se fosahetse, empa ke ne ke bona eka ha ke na boikhethelo.”
Ho na le mabaka a mangata a etsang hore basali ba batle ho ntša mpa, a mang ke mathata a lichelete kapa kamano e senyehileng, eo ho eona mohlomong basali ba hlekefetsoang ke banna ’me seo se fella ka hore ba se ke ba batla ho utloa letho ka banna bao. Kapa e ka ’na eaba mosali kapa ka bobeli ha ba e-s’o rere ho ba le ngoana.
Ka linako tse ling, batho ba khetha ho ntša mpa e le hore ba sireletse botumo ba bona. Sena ke seo Dr. Susan Wicklund a reng se etsahetse, bukeng ea hae e reng This Common Secret—My Journey as an Abortion Doctor. Ngoanana e mong ea neng a tlile ho eena a batla ho ntša mpa o ile a re: “Batsoali ba ka ba chesehela bolumeli haholo. . . . Ha nka ba le ngoana ke sa nyaloa, seo e tla ba sekhobo ho bona. Se tla bontša metsoalle eohle ea bona hore morali oa bona o entse sebe.”
Dr. Wicklund o ile a mo botsa, a re: “Kea utloa hore u entse sebe mahlong a bona, empa joale u nahana hore ba ikutloa joang ka ho ntša mpa?” Ngoanana eo o ile a re: “Ho ntša mpa hona; ke sebe se tšabehang. Empa ha ho hobe hakaalo kaha e tla ba lekunutu. Haeba ke ntša mpa, metsoalle e kenang kereke le [batsoali ba ka] e ke ke ea tseba.”
Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ha ho bonolo ho etsa qeto ea ho ntša mpa. Hangata e ba qeto e utloisang bohloko haholo. Empa na ho ntša mpa ke tharollo e se nang mathata?
Nahana ka Liphello
Phuputso e ileng ea etsoa ka 2004 ho basali ba Marussia ba 331 le ba Maamerika ba 217 ba neng ba ntšitse mpa, e ile ea bontša hore hoo e batlang e le halofo ea bona, e anngoe maikutlo habohloko ke seo. Hoo e batlang e le karolo ea 50 lekholong ea basali ba Marussia le hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea basali ba Maamerika ba ne ba ikutloa ba le “molato” ke mokhoa oo ho ntšoang mpa ka oona. Basali ba Maamerika ba fetang karolo ea 60 lekholong ‘ba ne ba sitoa ho itšoarela.’ Kaha basali ba bangata ba ntšang mpa ba lula ba khoebethoa ke letsoalo—esita le ba inkang hore hase balumeli—ke hobane’ng ha ba bangata ba ntse ba ntša mpa?
Ba atisa ho ba tlas’a khatello e matla ea hore ba ntše mpa. Batsoali, molekane e mong, kapa metsoalle e nang le sepheo se setle ba ka ’na ba re ho ntša mpa hase ntho e mpe hakaalo. Sena se ka etsa hore motho a be lepotlapotla ’me a etse qeto a sa nahanisisa hantle. Dr. Priscilla Coleman, eo e leng setsebi sa mathata a kelello a amanang le ho ntša mpa, o re: “Leha ho le joalo, hangata ha basali bana ba qala ho nahana ka tsela e tloaelehileng ka mor’a hore ba be tlas’a khatello ea ho etsa qeto ’me ba ntše mpa, ba ikutloa ba le molato haholo, ba saretsoe ba bile ba ikoahlaea ka seo ba se entseng.”
Hangata ntho e etsang hore ba ikoahlaee ke hore ba ipotsa potso ena: Na ho ntša mpa ho felisitse bophelo bo neng bo se bo ntse bo le teng? Tlaleho e ntšitsoeng ke Mokhatlo oa Task Force to Study Abortion oa South Dakota e bontšitse hore basali ba bangata ba neng ba imme ’me ba nahana ho ntša mpa, “ba ne ba thetsitsoe ka hore ba mpa ba ntša ‘lisele’ tse itseng feela, ’me ba re ba ka be ba sa ntša mpa hoja ba ne ba boleletsoe ’nete.”
Ka mor’a hore bafuputsi ba sekaseke “bopaki bo hlomolang pelo” ba basali ba 1 940 ba ntšitseng mpa, ba ile ba fihlela qeto ena: “Ba bangata ba basali bana ba utloisitsoe bohloko ke ho shoeloa ke bana bao ba boleletsoeng hore ha ba eo.” Ba ile ba boela ba bolela “kamoo basali bana ba atisang ho utloa bohloko bo tebileng kateng ha ba tseba hore ba bolaile bana ba bona.”
Empa ’nete ke efe tabeng ee? Na ho ntša mpa ke taba feela ea ho ntša lisele tse itseng ’meleng oa moimana? Na ngoana ea e-song ho hlahe ke motho ea phelang ka pōpelong?
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 4]
HO BA LE NGOANA HA HO BAPISOA LE HO NTŠA MPA
Phuputso e entsoeng ka 2006 e ile ea hlahloba tlaleho ea bophelo ba basali ba bangata ba ileng ba ima ba le ka tlaase ho lilemo tse 20. Ba etsang halofo ba ile ba e-ba le bana ’me ba bang bona ba ntša mpa. Bafuputsi ba ile ba etsa qeto ea hore “ba bileng le bana ha ba atise ho ba le mathata a kelello a hlokang hore ba ee ho baeletsi, ha ba be le mathata a makaalo a ho robala le hore hase hangata ba tsubang matekoane ha ba bapisoa le ba ntšitseng mpa.”—Journal of Youth and Adolescence.
Tlaleho e ’ngoe e ile ea fana ka “boitsebiso bo senotsoeng ke liphuputso tse ’nè tse pharaletseng tse entsoeng lefatšeng .” Liphuputso tsee li ile tsa senola eng? Li senotse hore: “Basali bao ho tsebahalang hore ba ntšitse mpa ba na le mathata a mangata a kelello ha ba bapisoa le basali bao ho sa tsejoeng hore na ba ntšitse mpa.”—Report of the South Dakota Task Force to Study Abortion—2005.