Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 maq. 22-23
  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Lokela ho Tšaba Bafu?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Seo Bafu ba se Tsebang?
  • Ke Leshano
  • Baholo-holo ba Rōna ba Hokae?
    Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong?
  • Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Tšepo e Molemo Bakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 maq. 22-23

Pono ea Bibele

Na U Lokela ho Tšaba Bafu?

Batho ba Nigeria ba morabe oa Maannang ba lumela hore ha bafu ba sa patoe ka tsela e loketseng, e ba tlotlang le e bontšang tlhompho, meea ea bona e tla tlisetsa litho tse ling tsa lelapa tlokotsi, ho akarelletsa le lefu. Machaena a mang ’ona a lumela hore haeba ho sa lateloe meetlo e itseng ea lepato, meea ea bafu e tla hlasela batho esita le ho ba bolaea.

BATHO ba litso tse ngata lefatšeng ka bophara ba lumela hore ha motho a shoa ho na le ntho e tsoang ho eena—e leng moea. Ba bangata ba lumela hore moea ona o ka itšunya-tšunya litabeng tsa litho tsa lelapa kapa tsa metsoalle.

Empa na ha e le hantle ho na le karolo e itseng e tsoelang pele e phela ka mor’a hore motho a shoe? Hona na ho na le “ntho” e ka ntšang ba phelang kotsi? Bibele e re’ng tabeng ee?

Na ho na le Seo Bafu ba se Tsebang?

Bibele e re ‘ho hang bafu ha ba tsebe letho.’ E boetse e re bafu “ha ba na matla lefung.” (Moeklesia 9:5; Esaia 26:14) Lentsoe la Molimo ha le bua ka motho oa pele, e leng Adama, le re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.”—Genese 2:7.

Ela hloko hore ha Adama a bōptjoa e ne e le moea, ke hore motho ea phelang. Ho latela Bibele, Adama ha a ka fuoa moea o neng o ka phela o arohane le ’mele oa hae. Kahoo ha Adama a etsa sebe, o ile a shoa. E ile ea e-ba ‘moea o shoeleng.’ (Numere 6:6) Bibele e boetse e re: “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Kaofela ha rōna re futsitse sebe, kapa ho se phethahale ho motho oa pele, e leng Adama. Kahoo ha re shoa, moea oa shoa.—Baroma 5:12.

Bibele ha e hlalose boemo ba bafu ka tsela e poteletseng, empa e bo hlalosa ka tsela eo re ka e utloisisang, e sebelisa mantsoe a kang ho “robala lefung.” (Pesaleme ea 13:3) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re ka ngoanana e mong ea lilemo li 12: “Ha aa shoa empa o robetse.” Batho ba ile “ba qala ho mo tšeha ka ho nyefola, hobane ba ne ba tseba hore o shoele.” Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore Jesu o ile a mo tsosa borokong ba lefu.—Luka 8:51-54.

Ho ile ha etsahala se tšoanang le ha Lazaro a ne a shoele. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore o etela Lazaro ho ea “mo tsosa borokong.” Barutuoa ba ne ba sa utloisise seo Jesu a se bolelang, kahoo “Jesu a re ho bona ka ho toba: ‘Lazaro o shoele.’” Moapostola Pauluse le eena o ile a bua ka “ba robetseng lefung” ’me a bolela hore ka nako ea Molimo e loketseng, ba tla tsosetsoa bophelong.—Johanne 11:11-14; 1 Bathesalonika 4:13-15.

Ha e le hantle, ha ho moo Bibele e rutang hore moea o tsoela pele o phela ka mor’a hore motho a shoe. Kahoo ha ho na lebaka la hore re tšabe bafu. Joale ke’ng e susumeletsang batho ba bangata ho lumela hore ho na le karolo e itseng ea motho e tsoelang pele e phela ka mor’a lefu? Hona ke’ng se hlohlelletsang batho hore ba tšabe bafu?

Ke Leshano

Bolumeli ba bohata bo jalile khopolo ea hore ha e le hantle batho ha ba shoe. Thuto ea hore moea ha o shoe e ile ea amoheloa hohle qalong ea histori ea batho. Ka lebaka leo, ha babusi ba bang ba shoa—ba kang bo-Faro ba Egepeta ea boholo-holo—makhoba a bona a ne a bolaoa e le hore a il’o ba sebeletsa bophelong bo tlang.

Batho ba bangata ba ’nile ba hlokofatsoa ke seo ba boleletsoeng hore ke meea ea bafu. Ba kholisehile hore ba hlokofatsoa ke meea e sa thabang ea beng ka bona le batho ba bang ba shoeleng. Empa joalokaha Mangolo a bontša ka ho hlaka, sena hase ’nete. Meea e sa bonahaleng e bitsoang bademona ke eona e hlaselang batho ’me e thabela ho hlokofatsa batho le ho ba tšosa.—Luka 9:37-43; Baefese 6:11, 12.

Mangolo a re Satane ke “ntate oa leshano,” ’me o “ntse a iphetola lengeloi la leseli.” Eena le bademona ba hae ba ‘khelosa lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Johanne 8:44; 2 Bakorinthe 11:14; Tšenolo 12:9) Ha e le hantle, ke Satane ea qapileng leshano la hore moea ha o shoe le hore o ka ntša ba phelang kotsi.

Empa ba lumelang seo Bibele e se rutang ba sirelelitsoe mashanong ao. Ba tseba ’nete ea hore Satane o leka ho thetsa batho e le hore ba lumele hore bafu ba ka buisana le ba phelang. ’Nete ke hore Bibele e re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ka sebele, Lentsoe la Molimo le tšoere linnete tse re lokollang lithutong tsa leshano ka boemo ba bafu!—Johanne 8:32.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Na ho na le seo bafu ba se tsebang?—Moeklesia 9:5; Esaia 26:14.

◼ Ke’ng e jalileng thuto e atileng ea hore ho na le karolo e itseng ea motho e sa shoeng?—Johanne 8:44.

◼ Ke hokae moo re ka fumanang ’nete ka boemo ba bafu?—Johanne 8:32; 17:17.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Ke libōpuoa tse khopo tsa moea tse thabelang ho hlokofatsa batho, eseng bafu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela