Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 maq. 24-27
  • Bacha ba Mak’hatholike ba Khothalletsoa ho Paka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Mak’hatholike ba Khothalletsoa ho Paka
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Felloa ke Tumelo”
  • Lipontšo Tse Mahalihali le Mekete
  • “Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”
  • Bacha ba Fanang ka Bopaki
  • Leeto la Mopapa Australia—Na ke Leeto la Bohahlauli Feela?
    Tsoha!—1987
Tsoha!—2009
g 6/09 maq. 24-27

Bacha ba Mak’hatholike ba Khothalletsoa ho Paka

KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA

SELEMONG se fetileng ka July, Maroma a K’hatholike a tsoang likarolong tsohle tsa lefatše a ile a khobokana Sydney, Australia, moketeng oa Letsatsi la Lefatše la Bacha oa 2008, e leng mokete oa bolumeli o tšehetsoang ka lichelete ke Kereke e K’hatholike.

Baeti ba tsoang lichabeng tse 170 ba neng ba tsoka lifolakha ba ile ba khobokana literateng, ba hlaba litlatse, ba bina ba bile ba keteka motseng oo. Bashebelli ba likete ba ne ba eme Koung ea Likepe ea Sydney e le hore ba bone Mopapa Benedict XVI, ea ileng a fihla ka sekepe se neng se felehelitsoe ke tse ling tse 12 tse mebala-bala. Batho ba ka bang limilione tse 500 lefatšeng ka bophara ba ile ba shebella ketsahalo eo ha e hasoa ka ho toba thelevisheneng.

’Miseng oa ho qetela o neng o tšoaretsoe lebaleng la mojaho oa lipere motseng oo, ho ne ho e-na le batho ba ka bang 400 000 ho akarelletsa le ba 4 000 ba boholong kerekeng le baqolotsi ba litaba ba 2 000. E ne e le mokete o moholo ka ho fetisisa o kileng oa tšoareloa Australia, ’me ho e-na le batho ba bangata ho feta ba neng ba tlile Lipapaling tsa Liolimpiki tse neng li tšoaretsoe Sydney ka 2000.

Letsatsi la Lefatše la Bacha ke eng? Ke hobane’ng le ketekoa? Ho etsoa’ng moketeng oo? Hona mokete oo o ile oa senola eng ka tumelo ea bacha ba Sydney?

“Ho Felloa ke Tumelo”

Letsatsi la Lefatše la Bacha ke mokete oa selemo le selemo o reretsoeng ho khothatsa bacha ba Mak’hatholike tumelong. Litho li atisa ho tšoara mokete ona e le likereke tse laoloang ke mobishopo ea itseng. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse peli kapa tse tharo, mokete ona o tšoareloa motseng o itseng o moholo ’me ho mengoa bacha bohle ba Mak’hatholike lefatšeng. Mokete ona o se o kile oa tšoareloa metseng e leshome e moholo, lik’honthinenteng tse hlano ’me ha ea batho ba limilione.

Empa baeta-pele ba kereke baa lumela hore Letsatsi la Lefatše la Bacha le boetse le reretsoe ho tsosolosa balateli ba Kereke e K’hatholike. Moruti e moholo oa Kereke e K’hatholike, Australia, e leng George Cardinal Pell, o ile a re: “Re tobane le bothata bo tebileng ba batho ba seng ba sa latele mekhoa ea kereke ’me ba bang ba felloa ke tumelo. Letsatsi la Lefatše la Bacha le ketekoa ka sepheo sa ho rarolla bothata bona.”

Ho ea ka lipalo tse fanoeng ke Vatican, palo ea baruti e ntse e fokotseha lefatšeng ka bophara. Lilemong tse mashome tse sa tsoa feta, baruti ba likete tse mashome ba tlohetse boruti ha ba il’o nyala. Lilemong tse fetang 30 tse fetileng, palo ea ba ithutelang boruti Australia e fokotsehile ka ba fetang karolo ea 70 lekholong. Hona joale, ka karolelano baruti ba sebakeng se seholo ka ho fetisisa se laoloang ke mobishopo Australia, ba ka ba ka holimo ho lilemo tse 60, e leng lilemo tse ka bang 20 ho feta tsa baruti ba neng ba le moo ka 1977.

Linaheng tse ngata palo ea batho ba eang kerekeng le eona e theohile. Karolo e ka etsang 25 lekholong ea Maaustralia e ipolela hore ke Mak’hatholike, empa ho ’ona ke a etsang karolo ea 14 lekholong feela a eang kerekeng kamehla. Ho hakanngoa hore palo ea bacha ba Mak’hatholike ba eang kerekeng e ka tlaase ho 10 lekholong. Ka nako e tšoanang, Mak’hatholike a mangata ha a latele lithuto tsa kereke tabeng ea boitšoaro ba ho kopanela liphate, ea ho sebelisa lithibela-pelehi le ea ho hlala. Ba bang ba khathalitsoe matla ke mahlabisa-lihlong a etsoang kerekeng, a kang a baruti ba kopanelang liphate le bana.

The Sydney Morning Herald e re Letsatsi la Lefatše la Bacha “ke leoa la ho qetela la ho leka ho khaotsa boemo bona. Baeta-pele ba kereke e K’hatholike ba Australia le Roma ba batla ho tsosolosa tumelo ka hore ba finyelle bacha.” Ke eng seo baeta-pele ba kereke ba se etsang hore ba ba finyelle?

Lipontšo Tse Mahalihali le Mekete

Mokete oa Letsatsi la Lefatše la Bacha oa 2008, o ne o akarelletsa lipontšo tse mahalihali tse neng li tšoaretsoe kerekeng, ho buisana ka lihlopha, ho ea libakeng tseo ho nkoang hore lia halalela le litšebeletso tse khōlō tsa ’Misa. Le hoja lintho tsena li ile tsa ama balumeli ba bang ba neng ba le teng moo ka ho teba, ba bang ba hlokometse hore ho na le ntho e ’ngoe e phelisang mokete ona. Mocha e mong oa Mok’hatholike ea bitsoang Alexandra ea neng a tsoa United States o ile a re ka Letsatsi la Lefatše la Bacha, “Ke mokete feela oa semetletsa.”

Moketeng o nkileng matsatsi a tšeletseng o neng o tšoaretsoe Sydney, ho ne ho e-na le meketjana e 450, e neng e akha likonsarete, lifilimi, lipapali, lipontšo le menyakoe literateng. Ho ne ho bapaloa mefuta e sa tšoaneng ea ’mino, ho akarelletsa oa opera, oa lifela o binoang ke motho a le mong, o morethetho o boima le oa rap. Ho ne ho tla bacha ba likete ba lerata likonsareteng tsa ’mino oa rock.

Mak’hatholike a mang a ile a tšoenngoa ke lintho tsena. Moruti e mong ea bitsoang Peter Scott o ile a bolella Mokhatlo oa Litaba oa Australia oa ABC hore mokete ona “e se e le phathi feela ea semetletsa—eo batho ba qetang beke ba ithabisa ba bile ba ea likonsareteng le linthong tse ling tsa lefatše tse sa amaneng hakaalo le khalalelo.” Ha e le hantle, ka 2000, Mopapa Benedict XVI, eo ka nako eo e neng e le Mok’hadinale Ratzinger, o ile a ngola, a re: “’Mino oa ‘rock’ o bontša hore batho ba na le litakatso tse matla, ’me batho ba eang meketeng ea ’mino ona ba bontša hore ba o rapela, e leng seo ha e le hantle se leng khahlanong le borapeli ba Bokreste.”—The Spirit of the Liturgy.

Potso eo ba bang ba ka ’nang ba ipotsa eona ke hore: “Na Letsatsi la Lefatše la Bacha le tla fetola bophelo ba batho?” Paul Collins, eo e neng e le moruti o ile a araba potso eo, a re: “Mohlomong ba batho ba seng bakae. Empa ba bangata ba tla ikhutlella mekhoeng ea bona ea pele. Phetoho ea motheo ha e tlisoe ke mekete e mahalihali, empa e tlisoa ke ho nahanisisa, ho rala lintho ka hloko le ho ikemisetsa ho rarolla mathata a tebileng.”

“Le Tla ba Lipaki Tsa Ka”

Ho hlakile hore baeta-pele ba kereke ba tseba taba ena hantle. Ke kahoo, mokete oa Letsatsi la Lefatše la Bacha oa 2008 o neng o e-na le sehlooho se reng: “Le tla amohela matla ha Moea o Halalelang o se o theohetse holim’a lōna. Le tla ba lipaki tsa ka.”a

Babishopo ba ile ba khothalletsa balumeli hore “ba tsosolose cheseho e kang ea baapostola ’me ba hase Kosepele ka botlalo lefatšeng la kajeno.” Mopapa Benedict XVI o ile a khothalletsa balumeli hore e lokela ho ba “moloko o mocha oa baapostola,” ’me puong e ’ngoe a ba phehella hore ba bolelle “metsoalle ea bona, ba malapa a bona le bohle bao ba kopanang le bona Litaba Tse Molemo.”

Boipiletso bona bo ile ba ama maikutlo a balumeli ba bang ba ratang ’nete. Ramido ea lilemo li 20 ea neng a tsoa United States, o ile a bolella moqolotsi e mong oa litaba, a re: “Ke nka taba ea ho ba paki ka ho teba.” Empa Beatrice ea lilemo li 18 ea neng a tsoa Italy, o ile a re: “Bacha ba bangata kajeno ha ba bue ka Molimo. Ke ntho e thata haholo ho ba paki mehleng ena.” Balumeli ba bangata ba ile ba lumellana le banana ba babeli ba neng ba tsoa Texas, U.S.A., ba ileng ba re: “Moo re tsoang teng, batho feela ba pakang ke Lipaki Tsa Jehova!”

Bacha ba Fanang ka Bopaki

Ha ho potang hore Lipaki Tsa Jehova, tse nyenyane le tse hōlileng li tumme ka ho chesehela ho paka. Ke hobane’ng ha li etsa see? Ha mocha e mong ea lilemo li 22 oa Paki ea lulang Sydney, ea bitsoang Sotir a araba o re: “Ke hobane li rata Molimo, li rata batho, ebile li rata Bibele.”

Nakong ea mokete oa Letsatsi la Lefatše la Bacha oa 2008, bacha ba ka bang 400 ba Lipaki ba Sydney, ba ile ba tsoa letšolo la ho buisana ka Bibele le Mak’hatholike a etileng, le hoja bona ba ne ba sa ea moketeng oo. Travas ea lilemo li 25, o ile a re: “Ke ile ka thabela ho kopana le bacha bana ba Mak’hatholike ba hlomphang Bibele. Ba bangata ba bona ba ne ba botsa lipotso tse thahasellisang mabapi le Bibele ’me ke ile ka thabela ho ba bontša likarabo tse khotsofatsang.”

Tarsha ea lilemo li 23, o ile a re: “Ke ne ke buisana le bona ke phutholohile ke bile ke le botsoalle. Ke ne ke batla ho ba amohela ka mofuthu Sydney ke bile ke batla ho utloa hore na ba lumela eng.” Frazer ea lilemo li 20, o ile a re: “Ha ho ne ho loketse, ke ne ke fa baeti mpho—e leng buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?”b Bohle bao ke ileng ka kopana le bona ba ile ba e thabela.”

Ho hlakile hore baeti ba bangata ba ne ba thabela ho buisana le bacha ba Lipaki. Suzanne, ea neng a tsoa Fiji, o ile a botsa Belinda, e leng Paki e lilemo li 19, hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko. Belinda o ile a mo khothalletsa hore ba tšohle karabo e fanoeng bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. Ha ba qeta, Suzanne o ile a re: “Kamehla batho ba nkaraba ka hore feela mesebetsi ea Molimo ea makatsa. Ka sebele lekhetlong lena ke fumane karabo!” Ha Belinda a mo fa buka eo, Suzanne o ile a tsota a re: “Ke ne ke ntse ke leka ho tšoara sohle seo u se buang ka hlooho. Ke ne ke sa nahane hore u tla mpha eona!”

Moeti e mong oa Mofilipino o ile a kōpa Marina, e leng Paki e lilemo li 27, hore a mo nke setšoantšo ka pel’a mohaho o mong oa mehleng ea khale oa Sydney. Ka mor’a moo ba ile ba buisana hamonate, ’me Marina a mo fa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Mosali eo o ile a re: “Ha e le hantle, bosiung bo fetileng ke rapeletse hore ke utloisise se ka Bibeleng. Mohlomong buka ena ke karabo thapelong ea ka!”

Levi, e leng Paki e lilemo li 27, o ile a qoqa le ’mè e mong ea neng a tsoa Panama hammoho le morali oa hae. Ka mor’a nakoana, ba ile ba qala ho buisana ka litaba tsa moea, ’me ba tšohla lithuto tsa Bibele. Ka bobeli ba ile ba amohela buka ea Seo Bibele e se Rutang. Hamorao Levi o ile a ba botsa, a re: “Ke ntho efe eo le e thabetseng haholo leetong lee?” A mamaretse buka ea Seo Bibele e se Rutang, morali o ile a re, “Ke ho kopana le uena.”

Ka sebele, bacha ba bangata ba Mak’hatholike ba ne ba labalabela ho tseba ho eketsehileng ka Bibele. Uena? Na u ka rata ho utloisisa Bibele hantle? Re u khothalletsa hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Le uena li tla thabela ho u thusa!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehlooho sena se qotsitsoe lengolong la Liketso 1:8 ho Bibele—Phetolelo e Ncha.

b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

“Re tobane le bothata bo tebileng ba batho ba seng ba sa latele mekhoa ea kereke ’me ba bang ba felloa ke tumelo.”​—George Cardinal Pell oa Roma e K’hatholike

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

PONTŠO EA MESEBETSI EA KEREKE

Moketeng oa Letsatsi la Lefatše la Bacha oa 2008 ho ile ha tšoaroa pontšo ea bolumeli e khōlō ho feta tsohle tse kileng tsa tšoareloa Australia, ea mesebetsi eo batho ba ka e etsang kerekeng. Mekhatlo e fetang lekholo ea K’hatholike e ile ea khothalletsa baeti ba fetang 50 000 hore ba nahane ka mesebetsi e etsoang Kerekeng e K’hatholike, e kang ho ba baruti, baitlami kapa basebeletsi ba kereke.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Baeti ba neng ba apere liaparo tse mebala-bala ba tsamaea literateng

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Lipaki Tsa Jehova li buisana le baeti ba tlileng motseng oa Sydney

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela