Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sibolloa Mabitso a ka Bibeleng
  • Ho Sebelisoa Theknoloji ho Loantša Tlōlo ea Molao
  • Linonyana Tsa Magpies Lia Itemoha
  • Tiiso ‘ea Jukale’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Mapolesa—Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
    Tsoha!—2002
  • Tšireletso ea Mapolesa—Seo Batho ba se Tšepileng le Seo ba se Tšabang
    Tsoha!—2002
  • Sebelisa Seipone Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 leq. 29

Tsa Mona le Mane

◼ “Re tobane le bothata bo tebileng [qaka ea lipolotiki Georgia] . . . Molimo o na le rōna le Maria Mofereko o [re] sirelelitse, empa ho na le ntho e le ’ngoe e re tšoenyang—Maorthodox a Russia a hlasela Maorthodox a Georgia ka libomo.”—GEORGIAN CATHOLICOS PATRIARCH ILLIA II.

◼ “Likhoeling tse tšeletseng tse fetileng, lenane la batho ba eang ngakeng ba il’o kōpa lipilisi tseo ho phehisanoang khang ka tsona, tse thibelang kemolo hang feela ha e qala, le eketsehile ka makhetlo a mararo, [’me] lenane la tse rekisitsoeng ho tloha ka 2004 le se le imenne habeli. . . . Batho ba ea ngakeng ka bongata ka Mantaha. ’Me boholo ba bona ke bacha.”—CLARÍN, ARGENTINA.

◼ Ho bacha ba Maamerika ba sebelisang selefouno ba pakeng tsa lilemo tse 13 le tse 17, a le mong “o ile a romela melaetsa e ka bang 1 742 ka khoeli kapa a e amohela ho tloha ka April ho isa ka June [2008].”—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.

◼ “Mafu a kelello a tšoara hoo e ka bang karolo ea 12 lekholong ea baahi ba lefatše.”—WORLD FEDERATION FOR MENTAL HEALTH, U.S.A.

◼ “Ho hakanyetsoa hore motho a le mong e moholo ho ba bahlano ba Europe o kile a leka ho sebelisa [cannabis, e leng eona e ntšang matekoane] neng-neng bophelong ba hae.”—EUROPEAN MONITORING CENTRE FOR DRUGS AND DRUG ADDICTION, PORTUGAL.

Ho Sibolloa Mabitso a ka Bibeleng

Baepolli ba lintho tsa khale ba neng ba epa Motseng oa Davida, Jerusalema ea boholo-holo, ba sibollotse tiiso ea letsopa, kapa bulla, e entsoeng lilemong tse ka bang 2 600 tse fetileng e nang le lebitso “Gedalia mora oa Pashkure.” Ho buuoa ka Gedalia ka Bibeleng ho Jeremia 38:1, hammoho le Yehukale—ea bitsoang “Jukale [khutsufatso ea Jehukale (Yehukale)] mora oa Shelemia”—eo lebitso la hae le ileng la fumanoa tiisong e ’ngoe hona sebakeng seo ka 2005. Banna bao ba babeli e ne e le liofisiri lekhotleng la Morena Tsedekia. The Jerusalem Post e re: “Lena ke lekhetlo la pele tlalehong ea histori ea Iseraele ea boholo-holo, ho epolloa sebakeng se le seng, litiiso tse peli tsa letsopa tse nang le mabitso a batho ba babeli ba hlahang temaneng e le ’ngoe ea Bibele.”

Ho Sebelisoa Theknoloji ho Loantša Tlōlo ea Molao

Baahi ba bangata ba tlalehela Mapolesa a New York maemo a tšohanyetso ka fono. Morao tjena, theknoloji e nolofalletsa baahi ho romela mapolesa molaetsa ka selefouno. Koranta ea The New York Times e re: “Hona joale baahi ba khothalletsoa ho sebelisa liselefouno tsa bona ho nka litšoantšo nakong eo tlōlo ea molao e etsahalang ebe ba romella mapolesa livideo tseo.” Koranta eo e boetse e bontša hore ho nkiloe mehato “ho nolofalletsa Setsi sa Toantšo ea Tlōlo ea Molao ho romela litšoantšo likoloing tsa mapolesa tse sebakeng seo tlōlo ea molao e etsahalang ho sona.”

Linonyana Tsa Magpies Lia Itemoha

Tlaleho ea Reuters e re: “Ho ne ho nahanoa hore ke lichimpanzi, li-dolphin le litlou feela tse nang le bokhoni bo kang ba batho ba ho itemoha ha li ichebile ka seiponeng.” Hona joale ho hlokometsoe hore linonyana tsa mofuta oa magpies tse fumanehang Europe le Asia le tsona lia itemoha, e leng seo pele ho neng ho lumeloa hore se etsoa ke liphoofolo tse seng kae feela. Bafuputsi ba ile ba li tšoaea matheba ao li ka a bonang feela ha li ichebile ka seiponeng. Tlaleho e re: “Linonyana tsena li ne li lula li ingoaea moo li nang le letšoao, e leng se ileng sa bontša hore lia lemoha hore ke tsona tse ka seiponeng le hore hase linonyana tse ling.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela