Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/09 leq. 30
  • Mokuli o na le Tokelo ea ho Ikhethela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokuli o na le Tokelo ea ho Ikhethela
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lipotso Tsa Thuto ea Bukana Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Litšelo Tsa Mali—Na ke Senotlolo sa Pholoho?
    Tsoha!—1990
  • Tsamaeang ka Mokhoa oo Jehova a le Rutang ka Oona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 6/09 leq. 30

Mokuli o na le Tokelo ea ho Ikhethela

KA MONGOLI OA TSOHA! ITALY

◼ Lipaki Tsa Jehova li hana tšelo ea mali. Li etsa sena ka lebaka la litaelo tse ka Bibeleng, ’me ea pele e ne e re: “Ke feela nama e nang le moea oa eona—mali a eona—eo le ke keng la e ja.” Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba laetsoe hore: “Le ’ne le ile . . . mali.”—Genese 9:4; Liketso 15:29; Levitike 17:14.

Liithuti tsa sekolo se bohareng, Monterenzio, Italy, li ile tsa kōpuoa hore li ngole moqoqo ka bohlokoa ba ho fana ka mali. Se seng sa liithuti tseo ke Benedetta, eo e leng Paki ea Jehova, ea ileng a ngola se latelang:

“Hoa tsebahala hore Lipaki Tsa Jehova li hana ho tšeloa mali hobane li khomarela melao-motheo e ka Bibeleng, empa sena ha se bolele hore li hana mekhoa e meng ea phekolo. Ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova li nka bophelo e le ba bohlokoa. Li leka ka matla hore li fumane phekolo e molemo ka ho fetisisa bakeng sa tsona le bana ba tsona. Li ikemiselitse ho sebelisana le lingaka ka hohle kamoo ho ka khonehang, hafeela li hlompha tumelo ea tsona.”

Benedetta a phaella ka ho re: “Mokuli e mong le e mong o na le tokelo ea ho ikhethela phekolo eo a e ratang, o na le tokelo ea ho hlomphuoa le tokelo ea ho tseba likotsi le melemo e ka ’nang ea tlisoa ke phekolo eo a e khethang.”

Lekala la Monterenzio la AVIS (Mokhatlo oa Italy oa Phano ea Mali) le ile la fa liithuti tse itlhalositseng hantle likhau. Tlaleho e makasineng ea Monterenzio Vivace e re: “Ho ile ha buuoa ka ho khetheha ka Benedetta Barbi ea ngotseng moqoqo o sa tšoaneng le oa ba bang—ea buileng ka lintho tse khahlanong le maano a AVIS—empa a li hlalositse ka tsela e bontšang teka-tekano le tlhompho.”

Le hoja maikutlo a Lipaki Tsa Jehova ‘a fapana le a batho ba bangata’ mabapi le tšelo ea mali, hona joale lingaka tse ngata lia elelloa hore seo ke sa bohlokoa. Ho se tšele mali ha Lipaki ho thusitse hore ho qaptjoe mekhoa ea phekolo e fokotsang tahlehelo ea mali ha motho a buuoa. Sena se tsoetse Lipaki le batho bao e seng Lipaki molemo. Empa lebaka le ka sehloohong leo Lipaki Tsa Jehova li hanang mali ka lona ke hobane li khomarela se ka Bibeleng, joalokaha ho boletsoe qalong ea sehlooho sena.

Re u khothalletsa hore lekhetlong le latelang ha Lipaki Tsa Jehova li u etetse lapeng, u li botse hore na pono ea ’Mōpi ke efe ka mali. Li tla thabela ho u hlalosetsa taba eo, li etsa seo ka “tlhompho e tebileng.”—1 Petrose 3:15.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 30]

BOITSEBISO BO EKETSEHILENG

Litsebi tse ngata tse hlaheletseng li thusitse ho hlahisa DVD ea Transfusion Alternatives, e lekolang litaba tsa phekolo, tsa molao le tsa boitšoaro tse amanang le mekhoa e meng e sa hlokeng tšelo ea mali. U ka e fumana ho Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela