Ua Ameha Ntoeng ea ho Boloka Liphiri!
Na u kile ua rarolla selotho sa lentsoe le itseng le ngotsoeng ka tsela e fapaneng? Na u kile ua reka ntho e itseng ka Inthanete kapa ua sheba litlaleho tsa hao tsa banka ka eona? Haeba ho joalo, joale u ile ua kena mokhoeng oa ho sebelisa linomoro le litlhaku tsa sephiri esita le kamoo li hlalosoang kateng.
HO FIHLELA morao tjena, matšoao a sephiri a ne a atisa ho sebelisoa ke basebetsi ba itseng ba ’muso, manģosa a linaha, lihloela le masole. Empa lintho li fetohile. Ka lebaka la ho sebelisoa ha lik’homphieutha le Inthanete, boitsebiso ba bohlokoa bo atisa ho bolokoa e le lekunutu ka ho bo sireletsa ka litsela tse sa tšoaneng, tse akarelletsang ho sebelisa password, eo ho hlokahalang hore motho a e kenye nako le nako ha a batla ho fihla litlalehong tsa hae. Ha e le hantle, hona joale ho boloka sephiri ho phetha karolo e khōlō bophelong ba rōna ho feta leha e le neng pele.
Kahoo, ka nepo re ka ’na ra ipotsa: Boitsebiso ba ka ba sephiri bo sireletsehile hakae? Nka bo sireletsa haholoanyane joang? Pele re araba lipotso tseo, a re ke re tšohle ho se hokae kamoo ho ’nileng ha kupa ntoa ka nako e telele kateng pakeng tsa baetsi ba mantsoe kapa lipalo tsa sephiri le batho ba batlang ho fumana moelelo oa tsona—e leng ntoa e qalileng khale hoo e ka bang nakong eo batho ba neng ba qala ho ngola ka eona.
Mengolo ea Sephiri
Mofuta o mong oa mongolo oa sephiri oa khale haholo ke o bitsoang steganography, kapa “mongolo o koahetsoeng.” Sepheo sa mofuta ona oa mongolo ke ho pata molaetsa. Rahistori e mong oa mehleng ea khale ea bitsoang Herodotus o tlaleha hore motlamuoa e mong oa Mogerike o ile a lemoha hore Persia e ne e itokisetsa ho hlasela naha ea habo. Kaha o ne a batla ho lemosa batho ba habo, o ile a ngola molaetsa holim’a lehong ’me a le nyeta ka boka e le hore a pate seo a se ngotseng, e leng leqheka le neng le boetse le sebelisoa ke Baroma ba boholo-holo. Ho ea ka Herodotus, leqheka leo la Mogerike le ile la nyopisa morero oa Morena Xerxes oa Persia oa ho tsometsa Bagerike, ’me mabotho a hae a ile a hlōloa.
Mefuta ea morao tjena ea mengolo ena e koahetsoeng e akarelletsa ho etsa letheba le lenyenyane le patileng boitsebiso le ho kenya litšoantšo tsa sephiri pampiring le litšoantšo tse sirelelitsoeng tse ke keng tsa kopitsoa ntle ho tumello. Ha e le hantle, letheba le lenyenyane le patileng boitsebiso le neng le sebelisoa Ntoeng ea II ea Lefatše, e ne e le setšoantšo se nyenyefalitsoeng hore se lekane le khutlo. Motho ea romelloang molaetsa o ne a hōlisa letheba leo feela. Kajeno linokoane tse rekisang litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso li sebelisa mokhoa oo. Li sebelisa mananeo a k’homphieutha hore li pate litšoantšo tseo ka har’a litšoantšo tse ling feela tse tloaelehileng, tabeng e ngotsoeng kapa ka har’a lipina.
Kaha mongolo oa steganography o pata molaetsa, ha ho bonolo ho hlokomela motho ea o romelang le ea o amohelang. Ka lehlakoreng le leng, haeba molaetsa oo o fumanoa, motho a ka o bala—ntle le haeba ho patiloe moelelo oa oona.
Ho Pata Moelelo
Cryptology e leng “mantsoe a patiloeng,” ke tsela ea ho boloka puisano e le lekunutu ka ho pata moelelo, eseng molaetsa. Mokhoa ona o akarelletsa ho kopanngoa le ho arohanngoa ha boitsebiso ho latela melao e reriloeng esale pele, kahoo ke ba utloisisang melao eo feela ba khonang ho hlalosa moelelo oa molaetsa.
Batho ba boholo-holo ba Sparta ba ne ba sebelisa molangoana o bitsoang scytale, hore ba pate moelelo oa molaetsa. Motho ea ngolang molaetsa o ne a thatela molangoana oo ka thata ka lebanta la letlalo ebe o ngola molaetsa ho theosa le molangoana oo. Ha lebanta leo le thatolloa, ho ne ho bonahala eka ho ngotsoe mantsoe feela a se nang moelelo. Empa ha motho ea romeloang molaetsa a thatela lebanta leo molangoaneng o lekanang hantle le o sebelisitsoeng qalong, o ne a khona ho bala molaetsa. Ho feta moo, ka linako tse ling moromuoa o ne a boetse a koahela molaetsa, a itlama ka lebanta, a shebisitse mongolo ka hare.
Ho boleloa hore ha Julius Caesar a ne a le ntoeng o ne a pata melaetsa ea hae ka hore feela a fapanye litlhaku tsa alfabeta—ka mohlala, o ne a tlōlisa tatellano ea tsona ka litlhaku tse tharo. Kahoo, o ne a ngola a e le d, b e le e, joalo-joalo.
Mehla ea Tsosoloso Linaheng Tsa Europe e ile ea etsa hore ho ngoloe mongolo o patiloeng ka tsela e ntlafetseng, e rarahaneng le ho feta. E mong oa batho ba ileng ba ntlafatsa mongolo oo ke Blaise de Vigenère ea hlahileng ka 1523, eo e neng e le setsebi sa Lefora litabeng tsa puso. Vigenère o ile a khothalletsa hore ho fapakanngoe litlhaku tse ngata ha ho ngoloa molaetsa oa sephiri, e leng mokhoa o neng o qapiloe pejana. Leoa lena la hae le neng le bonahala eka le ke ke la hlalosoa ke batho ba bang, le ile la bitsoa “mongolo oa sephiri o ke keng oa hlalosoa” (le chiffre indéchiffrable). Leha ho le joalo, ha batho ba etsang mengolo ea sephiri ba ntse ba hatela pele, batho ba batlang ho se utolla le bona ba ile ba hatela pele.
Ka mohlala, ha litsebi tsa Maislamo li ne li hlahlobisisa Koran, e ngotsoeng ka Searabia, li ile tsa hlokomela hore litlhaku tse itseng li hlaha khafetsa ho feta tse ling, e leng mokhoa o tloaelehileng le lipuong tse ling. Ho lemoha sena ho ile ha etsa hore ho qaptjoe mokhoa oa bohlokoa oa ho ngola ka sephiri ho hlahlojoa makhetlo ao litlhaku li hlahang ka ’ona, e leng se neng se ka senola hore na ke litlhaku life tse patiloeng ha ho ngoloa, ka hore ho baloe makhetlo ao litlhaku tse itseng li hlahang ka ’ona.
Lekholong la bo15 la lilemo, baemeli ba mebuso ea Europe ba ne ba atisa ho sebelisa mongolo o patiloeng. Empa ka linako tse ling mokhoa ona o ne o sa atlehe ho boloka sephiri. Ka mohlala, monna e mong oa Lefora ea bitsoang François Viète o ile a atleha ho utolla lekunutu la lekhotla la boreneng la Spain. Ho feta moo, o ile a atleha hoo Morena Philip II ea nyahameng a ileng a bolela hore Viète o khema le Diabolose ’me a tsitlella hore a ahloloe ke lekhotla la K’hatholike!
Joale ho Sebelisoa Theknoloji
Lekholong la bo20 la lilemo, haholo-holo nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše ho ile ha qaptjoa mechine e rarahaneng ea ho ngola melaetsa e patehileng, e kang oa Enigma ea Jeremane, e leng mochine o tšoanang le oa ho thaepa. Ha motho ea o sebelisang a ngola molaetsa o utloahalang, mochine oo o fapanya litlhaku e le hore o sothe molaetsa. Ka mor’a moo, molaetsa o ne o romeloa ka Morse code ebe mochine o mong oa Enigma o o ngola ka tsela e hlakileng ea qalong. Leha ho le joalo, liphoso le ho se tsotelle ha basebetsi ba khathetseng ho ile ha phetlela mohatl’a nku masholu ka ho fana ka lintlha tsa bohlokoa tse ka sebelisoang ho senola molaetsa.
Mehleng ena eo ho sebelisoang lik’homphieutha, lichelete tse libankeng, tse fetisetsoang liak’haonteng tse ling, tse lefuoang—hammoho le litlaleho tsa ngakeng, tsa mekhatlo e itseng le tsa mebuso—li sireletsoa ka mekhoa e rarahaneng ea lekunutu. Batho ba nang le tokelo ea ho bala boitsebiso boo ba na le senotlolo se hlokahalang e le hore ba bo busetse boemong ba bona ba pele.
Le hoja senotlolo sa tšepe hangata se e-na le likhetše, senotlolo sa k’homphieutha sona ke letoto la linoto le bo-’ngoe, tse ka ngoloang ka mekhoa e sa tšoaneng. Linotlolo tse telele li rarahane le ho feta, kahoo ha ho bonolo ho li hlalosa. Ka mohlala, senotlolo se nang le letoto la linoto le bo-’ngoe tse robeli, se ka ngoloa ka mekhoa e sa tšoaneng e 256, athe se nang le tse 56 sona se ka ngoloa ka mekhoa e fetang li-quadrillion tse 72. Mokhoa oa hona joale oa ho kena Inthaneteng ka lekunutu ke letoto la linoto le bo-’ngoe tse 128, tse ka ngoloang ka mekhoa e sa tšoaneng e fetang ea tse 56 ka li-sextillion tse 4,7!a
Leha ho le joalo, linokoane li ntse li khona ho fumana boitsebiso boo. Ka mohlala, ka 2008 bachochisi ba ’muso oa United States ba ile ba qosa banna ba 11 nyeoeng eo ho nahanoang hore ke eona e khōlō ka ho fetisisa ea ho utsuoa ha boitsebiso. Ho boleloa hore sehlopha sena se ile sa sebelisa lik’homphieutha tsa li-laptop, thepa ea theknoloji e sa sebeliseng lithapo le mananeo a ikhethang a k’homphieutha e le hore se fumane linomoro tsa likarete tsa ho reka ka mokitlane le tsa banka tseo batho ba lefang ka tsona mabenkeleng.
Na Boitsebiso ba Hao ba Lekunutu bo Sireletsehile?
Bonneteng, ho thata haholo hore linokoane li fumane lipalo tsa sephiri tse sirelelitseng liak’haonte tsa hao tsa banka le lintho tseo u li etsang ka Inthanete. Empa ho boetse ho itšetlehile haholo ka uena. Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.” (Liproverbia 22:3) Kahoo, e-ba masene ’me ka tsela ea tšoantšetso u ‘ipatele’ linokoane le masholu ka hore bonyane u etse lintho tsena tse latelang:
◼ Sebelisa lenaneo le thibelang livaerase ho kena k’homphieutheng ea hao.
◼ Sebelisa lenaneo le lemohang mananeo a romeloang ke linokoane.
◼ Kenya lenaneo le thibelang ba bang ho kena k’homphieutheng ea hao.
◼ Lula u nchafatsa mananeo a boletsoeng ka holimo, ’me u kenye a morao-rao a sireletsang k’homphieutha ea hao.
◼ Hlokomela lintho tse hokeletsoeng melaetseng ea elektronike, haholo-holo haeba u sa tsebe moo e tsoang teng ’me e u kōpa hore u fane ka boitsebiso ba hao ba lekunutu kapa u phete password ea hao.
◼ Ha u fana ka boitsebiso ba bohlokoa Inthaneteng, bo kang ba karete ea ho reka ka mokitlane, sebelisa mecha ea boitsebiso e sirelelitsoeng ’me u e koale ha u qetile.b
◼ Khetha password eo ho leng thata hore motho a e nahane, ’me u e sireletse.
◼ U se ke ua kopitsa kapa ua nka mananeo a k’homphieutha ao u sa tsebeng moo a tsoang teng.
◼ Kamehla boloka likopi tsa lifaele sebakeng se seng se sireletsehileng.
Haeba u latela litemoso tsena tsa bohlokoa le tse ling tse ka ’nang tsa e-ba molemo hona joale le nakong e tlang, bonyane u tla ntlafatsa monyetla oa hore u hlōle ntoeng ena ea ho boloka boitsebiso e le sephiri le ho bo sireletsa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Quadrillion ke 1 e lateloang ke linoto tse 15. Sextillion ke 1 e lateloang ke linoto tse 21.
b Mecha ea Inthanete e sirelelitsoeng e na le matšoao a tšireletso, a kang letšoao la senotlolo kapa “https://” atereseng ea eona. S e bolela “secure” kapa hore e sireletsehile.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“Scytale” sa batho ba boholo-holo ba Sparta
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Mochine oa Enigma ea Jeremane oa lekholong la bo20 la lilemo
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Kajeno boitsebiso ba lekunutu bo sireletsoa ka mengolo ea sephiri