Topallo Leoatleng
◼ Na u kile ua bona setsokotsane holim’a metsi? Ka la 25 December, 2005, ho ile ha tsoha setsokotsane se joalo haufi le lebōpo la leoatle, Tahiti. Setsokotsane seo se ile sa nka metsotso e ka bang 30 se entse fanele e telele ea moea o kopaneng le metsi ka holim’a leoatle. Eaba butle-butle se ba sesoeu ho fihlela se nyamela.
Ka linako tse ling litsokotsane tsena li bitsoa maholiotsoana, empa hangata ha li be matla joaloka ’ona. Li atisa ho nka metsotso e leshome le hoja tse ling li nka hora. Kaha li qala leoatleng, hase hangata li bonahalang. Sena se thatafalletsa litsebi tsa maemo a leholimo ho li utloisisa ka botlalo. Litlaleho li bontša hore li ka ’na tsa etsa lerata le tšoanang le la terene e nkang thepa.
Ha mopesaleme e mong oa Bibele oa mehleng ea boholo-holo a hlalosa kamoo a ikutloang a ferekane kateng, o ile a ngola a re: “Boliba bo bong bo hoeletsa bo bong ha ho utloahala molumo oa [litsokotsane tsa hao metsing].” (Pesaleme ea 42:7) Le hoja re ke ke ra bolela hore mopesaleme eo oa Bibele o ne a bua ka setsokotsane sa mofuta ona, e ka ’na eaba boemo bona bo bontša hantle tsela eo a neng a ikutloa ka eona. O ile a bolela hore moea oa hae o ne o “feletsoe ke tšepo” o bile o le “morusu” ka hare ho eena. Leha ho le joalo, Molimo oa hae o ile a mo tšelisa. O ile a re ho moea oa hae: “Letela Molimo, etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō le joaloka Molimo oa ka.”—Pesaleme ea 42:11.
Joaloka mopesaleme, le rōna re ka ’na ra hlaheloa ke mathata a ka bapisoang le setsokotsane se fokang leoatleng. Empa ha re letela Molimo, o tla ipakahatsa hore ke Mopholosi oa rōna e moholo.