Kaofela re Lelapa le le Leng
U IKUTLOA joang ka batho ba ’mala kapa morabe o mong? Na u nka hore le bona ke batho joaloka uena? Ka masoabi, ba bangata ba shebela merabe e meng fatše. Ho ea ka dikishinari e ’ngoe, “khethollo ea merabe ke ho lumela hore ntho e ka sehloohong e khethollang litšobotsi le bokhoni ba batho ke morabe oa bona le hore ho se tšoane ha merabe ho etsa hore morabe o itseng o phahamele e meng.”
Thuto ena e hlahisitse mathata a mangata. Bukeng ea hae e reng Handbook of Cultural Psychiatry, Moprofesa Wen-Shing Tseng o re maikutlo a hore morabe o mong o phahametse e meng “a entse hore bo-ralikolone ba hatelle batho ba bang ’me ba ba etse makhoba.” O ile a boela a re taba ea merabe e ’nile ea sebelisetsoa “ho lokafatsa tsela e leeme eo batho ba tšoaroang ka eona sechabeng, litabeng tsa moruo le lipolotiking.” Esita le kajeno, khethollo ea merabe e ntse e le teng libakeng tse ngata. Empa na thuto ee e kotsi e thehiloe ’neteng? Bibele le bo-rasaense ba re’ng?
Bo-rasaense ba Re’ng?
Lintho tse sibolotsoeng liphatseng tsa lefutso li tiisitse hore taba ea ho lumela hore morabe o mong o phahametse e meng ha e na motheo. Bafuputsi ba hlahlobileng batho ba tsoang lik’honthinenteng tse sa tšoaneng ba fumane hore DNA ea batho ba babeli ba tsoang sebakeng leha e le sefe lefatšeng e fapana ka hoo e batlang e le karolo ea 0,5 lekholong.a Karolo ea 86 ho isa ho ea 90 lekholong ea ho se tšoane hoo e ne e le har’a batho ba morabe ofe kapa ofe. Kahoo, ho se tšoane ho bang teng bathong ba merabe e sa tšoaneng ho etsa karolo ea 14 feela lekholong kapa ka tlaase ho eona.
Makasine ea Nature e re hore ebe “batho ba na le liphatsa tse tšoanang tsa lefutso, ke habohlokoa ’me ho lokela ho hlakisa taba ea khethollo ea merabe le ho fokotsa mathata ao e a bakang.”
Taba ena ha e ncha. Ho qala ka 1950, Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso o ile oa phatlalatsa litokomane tse ’maloa tse neng li reretsoe ho loantša khethollo ea morabe. Litokomane tsena li ne li ngotsoe ke litsebi tse ithutetseng mekhoa ea batho ea bophelo le setso, liphatsa tsa lefutso le maemo a kahisano. Empa khethollo ea merabe e ntse e tsoela pele. Ho hlakile hore ha hoa lekana ho ba le boitsebiso feela. Pelo kapa eena motho ea ka hare, e lokela ho finyelloa. Jesu Kreste o ile a re: “Pelong ho tsoa menahano e khopo.”—Matheu 15:19, 20.
Pono ea Bibele
Bibele e ngoletsoe hore e finyelle pelo. Ka mohlala, ho phaella ho boleleng ’nete ea saense ea hore “[Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle,” Bibele e boetse e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35; 17:26) Na see ha se etse hore u rate Molimo ea joalo?—Deuteronoma 32:4.
Jehova Molimo o batla hore re bontše hore rea mo rata ka hore re mo etsise. Baefese 5:1, 2 e re: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang, ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong.” “Ho tsamaea leratong” ho akarelletsa ho rata batho bao Molimo a ba ratang, ho sa tsotellehe hore na ke ba ’mala kapa morabe ofe.—Mareka 12:31.
Molimo ha a na ho amohela bao lipelo tsa bona li tletseng bokhopo, ho akarelletsa lehloeo le khethollo ea merabe, hore e be bahlanka ba hae. (1 Johanne 3:15) Ha e le hantle, nako ea hore Molimo a felise batho bohle ba khopo lefatšeng, e ntse e atamela ka potlako. Ho tla sala feela ba etsisang litšobotsi tsa hae. Ka nako eo, moloko oohle oa batho e tla ba lelapa le le leng ka tsela ea sebele—nameng le moeeng.—Pesaleme ea 37:29, 34, 38.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lintho tse seng kae tse batlang li sa tšoane liphatseng tsa batho tsa lefutso, e ka ’na eaba boholo ba tsona ke tse amanang le tsa bongaka, kaha ho bonahala eka maloetse a mang a amana le liphatsa tsa lefutso.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
“Batho ba na le liphatsa tse tšoanang tsa lefutso,” kapa ha e le hantle baa tšoana