Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/10 leq. 3
  • “Ke Batla ho mo Hlala!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Batla ho mo Hlala!”
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhalo E Hlile e na le Bao e ba Hlaselang
    Tsoha!—1991
  • Ho Ata ha Tlhalo
    Tsoha!—1992
  • Tlhalo—Litholoana tsa Eona tse Babang
    Tsoha!—1992
  • Tlhalo—Hantle-ntle Bibele e Re’ng ka Eona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 2/10 leq. 3

“Ke Batla ho mo Hlala!”

Ntlo e makhatheng a ho putlama e bontša hore ha ea hlokomeloa. Ho theosa le lilemo e ’nile ea mamella lifefo tse ngata, ’me tse ling tsa e tsukutla. Joale ea tetema, ’me ho bonahala eka e ka ’na ea putlama neng kapa neng.

PAPISO ena e bontša boemo boo manyalo a mangata a leng ho bona kajeno. Na le kile la utloa eka lenyalo la lōna le boemong boo? Haeba ho joalo, kholisehang hore ha ho na banyalani ba sa thulaneng le mathata. Ha e le hantle, Bibele ea lumela hore ba kenang lenyalong ba ka ’na ba e-ba le “mesarelo le matšoenyeho.”—1 Bakorinthe 7:28, The New English Bible.

Ha ba totobatsa bonnete ba mantsoe ao, bafuputsi ba bang ba hlalosa hore lenyalo ke “boitlamo bo kotsi ka ho fetisisa boo batho ba bangata ba lulang ba bo etsa.” Ba phaella ka ho re: “Boemo bo qalileng e le kamano ea batho ba thabileng haholo ba bileng ba tletseng tšepo, bo ka fetoha bo ferekanyang le bo utloisang bohloko ka ho fetisisa bophelong ba motho.”

Lenyalong la lōna teng ho joang? Na le etsa e ’ngoe kapa ke tse ling tsa lintho tse latelang?

● Le lula le omana

● Le hlabana ka mantsoe

● E mong ha a tšepahale

● Le jarana ka pelo

Haeba ho bonahala eka lenyalo la lōna le ea thekesela ’me le mothating oa ho putlama, le lokela ho etsa’ng? Na tlhalo ke tharollo?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]

‘E NE E SA TLOAELEHA QALONG, JOALE E SE E LE KOBO-ANELA’

Linaheng tse ling, palo ea batho ba hlalanang e hloele mekoalaba. Ak’u nahane ka United States, moo ka lilemo tse ngata tlhalo e neng e batla e sa tloaeleha. Bukeng ea hae e bitsoang The Divorce Culture, Barbara Dafoe Whitehead o re ka mor’a 1960, “palo ea batho ba hlalanang e ile ea eketseha ka sekhahla se tšosang.” O re: “E ile ea imena habeli ka lilemo tse ka bang leshome ’me ea tsoela pele ho eketseha ho fihlela mathoasong a bo-1980, ha e e-ba boemong bo holimo ka ho fetisisa linaheng tse tsoetseng pele tsa Bophirimela. Ka lebaka la keketseho eo e sekhahla e bileng e sa eeng moriting, tlhalo eo qalong e neng e sa tloaeleha, joale e ile ea e-ba kobo-anela bophelong ba Maamerika, nakong ea lilemo tse mashome a mararo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela