Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/10 maq. 7-8
  • Litsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako—Na U Monghali Kapa U Lekhoba la Eona?
    Tsoha!—1987
  • Nka sebelisa nako ea ka ka bohlale Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Tieho—Lesholu la Nako
    Tsoha!—1995
  • Kamoo U ka Laolang Nako ea Hao Kateng
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 4/10 maq. 7-8

Le Sehe ’me U le Boloke

Litsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng

“Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale . . . , le ithekele nako e loketseng.”—Bakolose 4:5.

HA U se u tseba lintho tseo u batlang ho li etsa ka nako ea hao, taba ea bohlokoa joale ke hore u li phethahatse. Litlhahiso tse latelang li ka ’na tsa u thusa hore u etse seo.

1 NGOLA FATŠE LINTHO TSEO U LOKELANG HO LI ETSA LETSATSI KA LENG. Li thathamise ka tsela eo u lokelang ho li etsa ka eona. Bontša hore na ke life tseo u lokelang ho qeta nako e ngata ho tsona. Tšoaea tseo u qetileng ho li etsa. Tseo u sa li qetang, li kenye lethathamong la tseo u tla li etsa ka le hlahlamang.

2 NGOLA BOITSEBISO BO TŠOANANG LIK’HALENDARENG KAOFELA. U se ke ua ipeha kotsing ea ho se etse ntho e itseng hobane feela u e ngotse k’halendareng e ’ngoe. Haeba u e-na le k’halendara k’homphiuetheng le mochineng o mong o monyenyane, leka ho etsa hore li be le boitsebiso bo tšoanang.

3 NGOLA “SEO U RERANG HO SE ETSA,” u bontše mehato eohle e amehang mosebetsing o itseng ’me u e ngole ka ho latellana ha eona.

4 QALA KA LINTHO TSA BOHLOKOA. U tla nolofalloa ho fumana nako ea ho etsa lintho tse ling tseo e seng tsa bohlokoa haholo.

5 IPEHELE LIPAKANE TSEO U KA LI FINYELLANG. Ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang ho ntlafatsa tsebo ea hao mosebetsing o itseng ho fapana le ho ba mookameli oa k’hamphani.

6 AMOHELA HORE U KE KE UA BA LE NAKO EA HO ETSA NTHO E ’NGOE LE E ’NGOE. Haeba ho khoneha, qala ka lintho tse tla beha litholoana tse molemo ka ho fetisisa. U lokela ho etsa’ng ka mesebetsi e meng e potlakileng kapa e tlamehang ho etsoa? Haeba u sa khone ho e behella ka thōko kapa ho kōpa motho e mong hore a e etse, leka ho e etsa ka nako e khutšoanyane. Lintho tse ling tseo e seng tsa bohlokoa haholo li ka ema likhoeli haeba ho hlokahala, kapa li ka ’na tsa se ke tsa etsoa. Behella ka thōko nako e ngata kamoo u ka khonang ea ho etsa lintho tseo u nkang hore li amana le tsa bohlokoa ho latela lipakane tsa hao.

7 NGOLA HORE NA U QETA NAKO U ETSA’NG. E le hore u tsebe hore na nako ea hao e fella hokae, boloka tlaleho ea lintho tseo u li etsang ka beke kapa tse peli. Na u qeta nako e ngata u etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa? Na ke motho a le mong kapa ba babeli ba atisang ho u sitisa mosebetsing oa hao? Na u atisa ho hlaheloa ke lintho tse u sitisang nakong e itseng ea letsatsi kapa bekeng? Fokotsa lintho tse u senyetsang nako.

8 RERA HO ETSA LINTHO TSE FOKOLANG. Haeba ka letsatsi le le leng, u rera ho reka lijo, ho lokisa koloi, ho mema metsoalle, ho ea shebella filimi le ho bala, u ka ’na ua ikutloa u phathahane ’me ua se ke ua thabela leha e le efe ea tsona.

9 FOKOTSA LITŠITISO. Beha nako e itseng letsatsi ka leng eo ho seng letho le lokelang ho u sitisa ntle le haeba maemo a tlama ka ho feletseng. Haeba ho khoneha, koala fono ka nako eo. Tima le mechine e fanang ka litlhokomeliso tse itlhahelang thoboloko, haeba li u sitisa.

10 LOKISETSA HO ETSA LINTHO TSE THATA NAKONG EO U LENG MAHLAHAHLAHA U BILENG U FALIMEHILENG KA EONA.

11 ETSA LINTHO TSEO U SA THABELENG HO LI ETSA KAPELE KAMOO HO KA KHONEHANG. Hang ha li se li tlohile tseleng, u tla ikutloa u e-na le matla a ho etsa lintho tse ling tse sa khathatseng matla hakaalo.

12 IPHE NAKO EA MAEMO A SA LEBELLOANG. Haeba u nahana hore u tla nka metsotso e ka tlaase ho e 15 ho fihla sebakeng se itseng, e-re u tla nka metsotso e ka tlaase ho e 25. Haeba u nahana hore ntho e itseng e tla nka hora, iphe hora le metsotso e 20. Siea karolo e ’ngoe ea letsatsi ho se na letho leo u rerileng ho le etsa.

13 HA U NTSE U ETSA NTHO E ITSENG, ETSA HO HONG. Mamela litaba kapa k’hasete ha u ntse u kuta. Bala ha u ntse u emetse terene kapa u le ka tereneng. Ke ’nete hore u ka phomola ka nako eo. Empa u se ke ua senya nako ebe hamorao u llela lebese le qhalaneng.

14 HLOAEA LINTHO TSA BOHLOKOA EBE U ETSA TSONA PELE.a Na linthong tse leshome tseo u lokelang ho li etsa, tse ka bang peli ke tsona tsa bohlokoa ka ho fetisisa? Na ho ka tšoana le ha u e entse ntho e itseng ka ho feletseng, haeba u tsepamisa maikutlo likarolong tse itseng feela tsa bohlokoa?

15 HA U IKUTLOA U SITHABELITSOE KE MOSEBETSI, ngola ntho ka ’ngoe eo u lokelang ho e etsa kareteng. Ebe u arola likarete tseo ka lihlopha tse peli: “Tseo ke li Etsang Kajeno” le “Tseo ke Tla li Etsa ka le Hlahlamang.” Etsa se tšoanang le ka le hlahlamang.

16 KHAFETSA, IPHE NAKO EA HO PHOMOLA E LE HORE ‘U KHE MOEA.’ Ho khutlela mosebetsing ka kelello le ’mele o khathalohileng ho ka ’na ha u thusa hore u bone tema ho feta ha u sebetsa lihora tse eketsehileng.

17 NGOLA SEO U SE NAHANANG. Ngola bothata boo u tobaneng le bona, u hlalose hore na ke hobane’ng ha bo u tšoenya, ’me u thathamise lintho tsohle tseo u nahanang hore li ka u thusa ho bo rarolla.

18 U SE KE UA BATLA HO ETSA LINTHO KA TSELA E PHETHAHETSENG. Tseba ha e le nako ea hore u khaotse ho etsa ntho e itseng ’me u fetele ho e ’ngoe ea bohlokoa.

19 SEBETSA JOALOKA SETSEBI. U se ke ua emela hore u ikutloe u le moeeng oa ho etsa ntho e itseng. Kena khabong hang-hang.

20 E-BA EA TENYETSEHANG. Lintlha tsena ke litlhahiso, hase melao e sa fetoheng. Leka metsi ka lere ho fumana hore na ke life tse sebetsang ’me u li sebelise ho latela maemo le litlhoko tsa hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Khopolo ena e thehiloe ho se ngotsoeng ke setsebi sa moruo sa Letaliana sa lekholong la bo19 la lilemo se bitsoang Vilfredo Pareto ’me e boetse e tsejoa ka hore ke molao-motheo oa Pareto. E akarelletsa tlhaloso ea hore hangata karolo ea 80 lekholong ea liphello tsa mosebetsi o itseng e hlahisoa ke karolo ea 20 lekholong ea boiteko bo entsoeng. E ’nile ea sebelisoa linthong tse ngata, empa mohlala o bonolo ke ona: Ha k’hapete e fieloa, hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea litšila tse tsoang moo, ho ka etsahala hore ebe li tsoa karolong ea 20 lekholong ea k’hapete eo, e leng moo batho ba tsamaeang teng haholo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela