Nako—Na U Monghali Kapa U Lekhoba la Eona?
“KE HOBANE’NG ha u fihla kamorao ho nako?” ho botsa tichere ha Albert a kena ka phaposing. “Hobane ke ne ke matha ke bapile le baesekele ea ka ho tla fihlela sekolong,” ho araba Albert ka ho feheloa. “Ke hobane’ng ha u ne u sa palame baesekele ea hao?” ho botsa tichere e batla ho tseba. “Hobane ke ne ke siuoe ke nako hoo ke neng ke sena nako ea ho ema le ho palama baesekele,” ho hlalositse Albert.
Taba ena e fetelelitsoeng, e tšehisang e bontša boemo boo ba bangata ba rōna ba talimanang le bona letsatsi le leng le le leng. Re potlaketse ho etsa mesebetsi e mengata le ho ba nakong ka mosebetsi, re ka ikutloa eka re potlakela nthong e ’ngoe ho tsoa ho e ’ngoe. Empa, joale ka Albert, ka linako tse ling re ka itiehisa ka ho etsa qeto ea hore ha re na nako ea ho ema le ho itlhophisa bakeng sa ho sebetsa ka tsela e atlehileng.
Leha ho le joalo, re ka boloka nako, ra finyella ho eketsehileng qetellong, le ho fokotsa ho tepella maikutlong haeba re ile ra nka nako ho leotsa menahano ea rōna ho e sebelisa. Kahoo, ho e-na le ho nka nako e le monghali ea hatellang, e ka fetoha lekhoba le nang le thuso.
U ka sebelisa nako ea hao ka tsela e hlahisang liphello tse molemo joang? Ka ho sebelisa litlhahiso tse ling. Ha u ntse u li bala, khetha tse tšoanelehang hantle litlhoko tsa hao le ho li fetola ho tšoanela maemo a hao.
Rera Letsatsi la Hao
Nka hore u sa tsoa qala letsatsi la hao. Ka pel’a hao ho na le mosebetsi o mongata o bonahalang o ke ke oa fela. Ho nahana ka mesebetsi ena kaofela ho ka etsa hore u tšabe letsatsi lena. U lokela ho qalisa hokae? Ka ho rera letsatsi la hao.
Ba bangata ba qala ka ho ngola se bitsoang Lethathama la Mesebetsi e Lokelang ho Etsoa. Monna e mong ea nang le boikarabelo bo boholo femeng e khōlō o bontša kamoo a khomarelang kemiso kateng. Oa tlaleha: “Ke boloka lethathama le ngotsoeng la lintho tse lokelang ho etsoa. Ha ho hlaha mesebetsi e mecha kapa ke nahana e meng, ke e ngola lethathameng leo. Ha mosebetsi o itseng o qetuoe ke o hlakola lethathameng.”
Na lethathama le tšoanang la mesebetsi e reriloeng le ka u thusa ho hlophisa mesebetsi ea hao ea letsatsi le letsatsi? U ka arabela: ‘Hoo ho ka ’na ha nthusa ho qalisa, empa nke ke ka qeta ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lethathameng la ka!’ ’Me ho ka etsahala hore u nepile. Ke ka baka leo ho leng bohlokoa ho . . .
Ngola Lintho tsa Pele Sebakeng sa Tsona
U ka ngola lintho tsa pele ka ho tšoaea ntho ka ’ngoe lethathameng la hao ho ea ka bohlokoa ba eona. Joale, kamoo ho ka etsahalang, etsa mosebetsi ka mong ka tatellano ena. Ka tlhaho, ka linako tse ling u ka khetha ho etsa mesebetsi ka tsela e fapaneng ’me u se latele kemiso ka ho hlahlamana ha mesebetsi ea bohlokoa, ho itšetlehile ka maemo a hao le ka boikhethelo. Kahoo tenyetseha. Morero oa hao ke ho laola lintho e le hore seo u se finyellang letsatsi ka leng ebe kamoo u ratileng kateng e seng feela hobane ho iketsahaletse.
Se ke ua potlakela ho qalisa mosebetsi o mong kamor’a ho qeta o mong kapa ho khathatseha ka ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e thathamisitseng. Setsebi se atlehileng ho sebelisa nako Alan Lakein o a hatella: “Hase kamehla motho a fihlang botlaseng ba leqephe la hae Lethathameng la Mosebetsi o Lokelang ho Etsoa. Ha bohlokoa ha se ho qeta lintho tse lethathameng, empa ke ho sebelisa nako ea hao hamolemohali.”
U tla be u finyelletse sena haeba nako e khōlō ea hao e ne e lebisitsoe mesebetsing ea bohlokoa ka ’nete. Ha e le ka mesebetsi e sa qetoang, bona haeba e ke ke ea fetisetsoa ho ba bang kapa ea kengoa lethathameng la hosasane. Ho hlahlobisisa lintho tseo e seng tsa bohlokoa bo boholo ka linako tse ling ho senola hore li ne li sa hloke ho etsoa ho hang. Ka lehlakoreng le leng, mosebetsi o ngotsoeng qetellong ea lethathama la kajeno o ka nka sebaka sa pele hosasane.
Empa u ahlola joang mesebetsi e nkang sebaka sa pele lethathameng? Ha u sheba lethathamo le lelelele la mesebetsi, lintho tse ngata li ka bonahala li e-na le bohlokoa bo tšoanang. Kahoo, hore u bee lintho tsa bohlokoa sebakeng sa tsona ka mokhoa o sebetsang, u lokela ho . . .
Khetholla Pakeng tsa Mesebetsi e “Potlakileng” le ea “Bohlokoa”
Monna ea bohlale oa mehleng ea Bibele o boletse hore motho o lokela ho ‘bona molemo bakeng sa mosebetsi ’ohle oa hae o boima.’ (Moeklesia 3:13, NW) Mesebetsi e meng e hlahisa liphello tse molemonyana ho feta e meng. Kahoo, ha u sheba lethathama la mesebetsi, nahana ka liphello tseo mosebetsi ka mong o tlang ho li hlahisa. Na ho qeta mosebetsi ho tla hlahisa melemo ea bohlokoa? Na u tla ‘bona molemo’ bakeng sa mosebetsi oa hao o boima? Haeba ho se joalo, e ka ’ne ea se be mosebetsi oa bohlokoa bo boholo.
Ke ’nete, hang ha u sheba lethathama la hao ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka bonahala e potlakile. Empa na lintho tse potlakileng kamehla ke tsa bohlokoa, ’me li batla ho fuoa nako e ngata? Miehael LeBoeuf, moprofesara oa tsamaiso ea nako Univesithing ea New Orleans, o re: “Hase kamehla lintho tsa bohlokoa li potlakileng ’me hase kamehla lintho tse potlakileng e leng tsa bohlokoa. Ho potlakile ho lokisa lebili la koloi le tsoileng moea bakeng sa taetsano e seng e siuoe ke nako ho feta ho hopola ho lefa chelete ea insurance ea koloi, empa bohlokoa ba lona [lebili] mabakeng a mangata, bo batla bo le bonyenyane.”
Eaba oa itšola: “Ka bomalimabe, ba bangata ho rōna ba qeta bophelo ba bona ba etsa lintho tse boima ba tšohile hore li potlakile. Phello ke hore re hlokomoloha lintho tse sa potlakang empa li le bohlokoa haholoanyane bophelong. Hoo ho bolaea ho atleha ha mosebetsi.”
Kahoo, ha u thathamisa mesebetsi e nkang sebaka sa pele, ipotse hore aa ke mesebetsi efe eo ka ’nete e leng bohlokoa. Ka nona leka ho sebelisa nako ea hao e ngata ho eona. Mohlomong taba e potlakileng ba e hloke ho etsoa hona hoo. Na mosebetsi oo o tšoanela hore nako e ngata e sebelisoe ho ’ona? Na u ka o etsa kapele ’me u fetele mosebetsing o mong o tla hlahisa liphello tse ngata? Ho leng molemo ho feta hoo, na u ka o fetisetsa ho e mong?
Ha ho pelaelo hore u tla lumela ho putsa haholoanyane ho etsa ntho e hlahisang liphello tsa bohlokoa ho e-na le ho tšoareha feela mosebetsing leha e le ofe o ka pel’a hao. Leka ho lebisa matla a hao a mangata mesebetsing e hlahisang liphello tsa ’nete.
Molao oa Karolo ea 80/20 Lekholong
Ho sebelisa melao-metheo e hlalositsoeng ho fihla mona, ke karolo e kae lekholong ea mesebetsi ea hao ea letsatsi eo u lebellang ho e thathamisa e le ea bohlokoa bo boholo? Ho hlakile hore hoo ho tla itšetleha kamoo u ikarabellang ka ho toba ka boikarabelo ba hao bo phethahetseng. Empa litsebi tse ngata tse atlehileng tšebelisong ea nako li ikutloa hore, mabakeng a mangata, u ka fokotsa lintho tsa bohlokoa bo boholo ho fihla karolong ea 20 lekholong. Li qotsa molao oa karolo ea 80/20 e le tataiso.
Molao-motheo ’ona o qapuoe ke setsebi sa moruo sa Motaliana sa lekholong la bo19 la lilemo Vilfredo Pareto. Se tlalehile hore ke mesebetsi e etsang feela karolo ea 20 lekholong e hlahisang liphello tse etsang 80 lekholong. Haeba u le seli, u ka fumana, hore ho na le maemo a mangata bophelong ba letsatsi le letsatsi moo molao oa Pareto o sebetsang. Empa u ka sebelisa joang molao oa karolo ea 80/20 tšebelisong ea hao ea nako?
Hlahloba lintho tse Lethathamong la hao la Mesebetsi e Lokelang ho Etsoa. Mohlomong u ka hlahisa liphello tse etsang karolo ea 80 lekholong ka ho etsa mesebetsi e ’meli ho e leshome e lethathameng la hao. Haeba ho joalo, mesebetsi eo e ’meli ke ea bohlokoa bo boholo lethathameng la hao. Hape, hlahloba mosebetsi pele u Itihela ho ’ona. Ke o mokae oa ’ona oo ka ’nete o leng bohlokoa ho finyella sepheo sa hao? Ke karolo efe ea mosebetsi e tla hlahisa liphello tsa bohlokoa haholo? Karolo ena ea mosebetsi ke ea bohlokoa ba pele.
Setsebi se atlehileng tšebelisong ea nako Dru Scott, kamor’a hore se bue ka molao-motheo oa Pareto, se hlalositse kamoo u ka etsang hore u sebetse boemong ba hao. O re: “Khetholla likarolo tsa bohlokoa tse hlokahalang ho finyella sepheo sa hao. Etsa likarolo tsena pele. U tla fumana liphello tse ntle ka nako e khutšoane.”
Thabela Melemo
Mohlomong joale u utloisisa hamolemo hore ho ba monghali oa nako ea hao hase taba ea ho phathahana hoo u sa batleng ho senya leha e le motsotsoana kapa ho potlakela ho qeta mosebetsi ’ona e le hore o qale oane. Ho e-na le hoo, ho sebelisa nako ka mokhoa o hlahisang liphello tse molemo ho bolela ho khetha mosebetsi o loketseng ka nako e loketseng. Ho bolela ho lemoha hore na ke mesebetsi efe e hlahisang liphello tse molemohali le ho sebelisa nako ea hao ho eona neng le neng ha ho ka etsahala. Ho na le melao e tsitsitseng bakeng sa ho itlhophisetsa nako. Ho rua melemo litlhahisong tse sehloohong sena, tenyetseha le maemo. Etsa liteko. Etsa liphetoho tse tšoanelehang. Fumana kemiso e molemo bakeng sa hao. Bala litlhahiso tse leqepheng lena le ho bona hore na ke life tse tla u thusa ho fetola monghali ea hatellang lekhoba le thusang.
Ka ho laola nako ea hao hamolemonyana, u tla ikutloa u entse mosebetsi o mongata hakaakang qetellong ea letsatsi ka leng! Leha mesebetsi e meng e ka salla letsatsi le hlahlamang, u khotsofalletse ho tseba hore u lebisitse boiteko ba hao linthong tsa bohlokoa bo fetisang. U tla ‘bona molemo’ mosebetsing oa hao o boima.
U ka ba ua ikutloa hore—qetellong—ho na le nako e lekaneng bakeng sa lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. U ke ke ua e-ba feela mohlaseluoa oa maemo a potlakileng, empa u tla ba monghali oa nako ea hao. Hoo ho ke ke ha eketsa katleho ea mosebetsi oa hao feela, empa ho ka eketsa le thabo.
[Lebokose le leqepheng la 24]
LITSELA TSA HO BOLOKA NAKO
1. E-ba le lenaneo le hlakileng la lintho tsa bohlokoa le lipheo bophelong. Ke senotlolo sa ho bea lintho tsa bohlokoa tsa letsatsi le leng le le leng sebakeng sa tsona.
2. Etsa mesebetsi e hlokang ho nahana ha u falimehile.
3. Letsa mohala nakong eo u ka fumanang motho.
4. Fetisetsa mosebetsi ho ba bang ha ho ka etsahala. Ho u lokolla hore u etse ho eketsehileng, le ho fa ba bang phihlelo.
5. Ha u sebetsa ka lipampiri tse bolokang litlaleho, leka ho sebetsa ka pampiri e le ’ngoe ka nako, ho e-na le ho e bea ‘sebakeng se itseng’ ka nakoana.
6. Ha le e-na le seboka le ba bang, khomarelang lintlheng tsa kemiso ea seboka. Ho be le linako tse tobileng tsa ho qala le ho qeta.
7. Hlophisa sebaka sa hao sa ho sebeletsa ka lintho tse hlokehang haufinyana.
8. U se ke ua ikutloa u tlamehile ho amohela memo e ’ngoe le e ’ngoe. Ithute ho hana ka bohlale.
9. Ngola lethathamo le ka sebelisoang kamehla la lintho tse lokelang ho rekoa ho e-na le ho ngola lintho tse ncha hangata.
10. Phomola le ho khatholoha ka ho lekaneng e le hore u ka sebetsa ka mokhoa o hlahisang liphello tse molemo.
11. Ipehele nako ea ho qeta.
12. U se ke ua khutlisetsa lintho morao.
13. Arola mosebetsi o moholo.
14. U se ke ua lebella ho etsa lintho ka ho phethahetseng. Nahana ka se hlileng se le bohlokoa.
15. Sebelisa nako ea ho leta ka tsela e molemo. Ngola lengolo, bala, kapa etsa mesebetsi e meng ea bohlokoa.
16. Tseba hore ho na se linako tseo u tla hloka ho sebelisa nako mesebetsing eo u sa e khethang. Se ke ua senya nako u hōlisa boikutlo bo bohloko ka eona. Ho e-na le hoo, e etse ’me u e qete.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ba bangata ba fumana ho thusa ho etsa lethathama la lintho tsa bohlokoa tse lokelang ho etsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ho itlhophisetsa lintho le ho liea tsa bohlokoa sebakeng sa tsona ho ka etsa phapang e khōlō