Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/95 leq. 3
  • Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Nako—Na U Monghali Kapa U Lekhoba la Eona?
    Tsoha!—1987
  • Na U Sebeletsa Molimo ka Botlalo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Mokhoa oa ho Reka Nako e Loketseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 6/95 leq. 3

Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo

1 Jehova o amehile ka nako. O batla hore le rōna re amehe ka nako. Ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o re thusa hore re amehe ka nako. Kamehla re khothalletsoa hore re be le ‘ho hongata hoo re ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Ba-Kor. 15:58, NW) Ka tsela ena, re tla atleha haholoanyane tšebeletsong ea Jehova.

2 Kaofela ha rōna re na le nako e lekanang beke le beke—lihora tse 168. Re sebelisa nako ea rōna hamolemo hakae? Na re bontša hore ruri rea tseba hore na ke nako efe ho ea ka pono ea Jehova? Na re khelosoa ke mesebetsi eo e seng ea bohlokoa?

3 Ke habohlokoa hore re hlophisehe hantle. Ba bangata ba leka ho ba le lethathamo la lintho tse tlang pele. Ntho ka ’ngoe e behoa lethathamong ho latela bohlokoa ba eona. See se ka lekanyetsoa joang? Bibele e bolela hore motho o lokela ho “fumana tse molemo ka mesebetsi ea hae.” (Moek. 3:13, BPN) Mesebetsi e meng e na le liphello tse molemo ho feta e meng. Hlahloba liphello tseo mosebetsi ka mong o tla li hlahisa. Na ho phetha mosebetsi oo ho tla hlahisa melemo e hlokomelehang? Na u tla “fumana tse molemo” bakeng sa mosebetsi oa hao o boima? Haeba ha ho joalo, mohlomong hase mosebetsi o tlang pele.

4 Tšebeletsong ea Rōna: Re ananela ha ba bang ba fihla libokeng tsa tšebeletso ka nako, ba mamela litaelo ka hloko, ’me ba tloha hang-hang ho ea tšimong. Re khetha ho tšoareha ka boboleli ho e-na le ho leta. Ka ho totobetseng Pauluse o ile a bona ho hlokahala ka matla hore ho be le tlhophiso ha a ne a ngola: “Tsohle li etsoe ka tšoanelo le ka molao.”—1 Ba-Kor. 14:40.

5 Ha re le tšebeletsong ea tšimo, re ka lahleheloa ke nako ea bohlokoa ka khefu ea lijo tse bobebe. Leha ho le joalo, ha maemo a leholimo a se matle, ho ba le khefu ho tla re khatholla ’me ho re thuse hore re ’ne re tsoele pele. Leha ho le joalo, ba bangata ba khetha ho tšoareha ka ho pakela batho ’me ba tlohela ho ba le botsoalle le baena linakong tsa khefu ea lijo tse bobebe ka nako e beheletsoeng ka thōko bakeng sa tšebeletso. Ho hlokahala ho leka-lekana.

6 “Mokotatsie e tseba nako ea eona” ea ho falla, ’me bohloa “bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula” e le hore bo itokisetse mariha, joalokaha Bibele e bolela. (Jer. 8:7; Liprov. 6:6-8) Ke lona lekunutu la ho sebelisa nako hamolemo. Le rōna re tlameha ho tseba ‘nako ea rōna.’ Re lokela hore re amehe ka nako, empa leha ho le joalo ha ho hlokahale hore re be ba sa fetoheng ka ho fetelletseng. Ho hlokahala hore re tsebe eseng feela seo re tlamehang ho se etsa empa hape le nako eo re tlamehang ho se etsa ka eona. Re tlameha ho tloaela ho nahanela pele, ho fana ka sebaka bakeng sa lintho tse ka ’nang tsa re liehisa. Hape re lokela ho ikemisetsa ho fokotsa mesebetsi e meng bakeng sa ho ba le nako ea ntho e itseng ea bohlokoa haholoanyane, e kang ho lokisetsa liboka tsa rōna, tšebeletso ea tšimo, le mesebetsi e meng ea puso ea Molimo.

7 Re batla ho tšoana le Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova Molimo, ea re rutang hore “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona.” (Moek. 3:1) Ka ho sebelisa nako ea rōna hantle, re ka ‘phethisisa tšebeletso ea rōna.’—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela