Khatello ea Kelello—E Kotsi Haholo
“Ke sebetsa lihora tse ngata, ka linako tse ling ke sebetsa motšehare ’me ka linako tse ling ke sebetsa bosiu. Hangata ha ke qeta ho etsa opereishene sepetleleng se seng ke salloa ke metsotso e seng mekae feela, eo ka eona ke tlamehang ho fohla sephethephethe pele ke etsa opereishene sepetleleng se seng.”—Dr. Peter Stuart oa Afrika Boroa.
E KA ’na eaba u utloisisa kamoo Dr. Stuart a ikutloang kateng, le hoja e ka ’na eaba boemo bo u bakelang khatello ea kelello bo fapane ka ho feletseng le ba hae. Ho sa tsotellehe hore na ke eng e u bakelang khatello ea kelello—ebang ke ho khanna ka har’a sephethephethe, ho senyeha ha likamano lapeng kapa mosebetsing, kapa ntho leha e le efe—khatello ea kelello ha e qale hona joale.
Lilemong tse fetang makholo a 30 tse fetileng, mohale e mong oa ntoa o ile a lumela ka ho toba, a re: “Ho thothomela ho kena ka ho ’na, ho tlakasela hoa nkoahela.” (Pesaleme ea 55:5) Monna enoa o ne a tseba hore na ho joang ho imeloa kelellong. Ha e sa le molisana, o ne a ile a tobana le tau, bere le mohlabani ea maloro a mabe ea neng a ikemiselitse ho mo bolaea.—1 Samuele 17:4-10, 23, 24, 34-36, 41-51.
Ke ’nete hore ho ba tlas’a khatello ea kelello ka bohona ha ho hobe. Ho ka re hlomella ho thulana le mathata ka katleho. Maemong a behang bophelo kotsing, ho ’nile ha thusa batho ho etsa lintho tseo le ka mohla ba neng ba sa nahane hore ba ka li etsa. Ha u abetsoe ho etsa ntho e itseng ea bohlokoa, ho ka ’na ha eketsa adrenaline e u thusang hore u etse ntho eo ka nako.a
Empa re ba le mathata ha re lula re le tlas’a khatello e sa eeng moriting ea kelello ’me re sitoa ho phomola ’meleng. Mofuputsi e mong o re: “Ho ba tlas’a khatello ea kelello ke eona ntho e ka sehloohong e sokelang bophelo le boiketlo ba rōna.” Haeba u ikutloa u le tlas’a khatello ea kelello hoo u seng u sa khone ho mamella, kapa haeba u sa batle ho ba boemong boo, u ka ’na ua botsa, “Na ho na le seo nka se etsang ho ikimolla khatellong ea kelello?”
Ka lehlohonolo se teng! Ntho e thusitseng ba bangata hore ba sebetsane le boemo bona, bohle ba ka e fumana. E tsoa mohloling oo u neng u ka ’na ua se ke ua o lebella—e leng Bibele, Lentsoe la Molimo. Le hoja e se buka e fanang ka tataiso ea tsa bongaka, Bibele e fana ka keletso e bohlale e ka re thusang. E hlalosa hore na ke hobane’ng ha khatello ea kelello e atile hakana ’me e bolela lintho tse e bakang kapa tse tlatsetsang ho eona. E boetse e na le litlhahiso tse ntle tse thusang ho fokotsa khatello ea kelello le ho pholisa kelello.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Adrenaline ke homone e ntšoang ke litšoelesa, e u thusang ho sebetsana le maemo a tšohanyetso.