Tsa Mona le Mane
“Ka January 2009, linaha tse robeli li ne li e-na le libetsa tsa nyutlelie tse ka holimo ho tse 23 300.”—STOCKHOLM INTERNATIONAL PEACE RESEARCH INSTITUTE, SWEDEN.
Linaheng tsa Afrika, lipompo tsa fatše, liliba le lipompo tsa metsi tse likete tse mashome—tseo boholo ba tsona li sa tsoa hahoa ka lithuso tsa linaha tse ling—li senyehile “ka lebaka le bonolo le le ka qojoang: e leng ho se hlokomeloe hantle.”—INTERNATIONAL INSTITUTE FOR ENVIRONMENT AND DEVELOPMENT, BRITHANI.
Bo-rasaense ba Hlahloba Lelinyane la Tlou ea Tonanahali
Bo-rasaense ba Russia ba nkile litšoantšo tse qaqileng tse bontšang litho tse ka hare tsa tlou ea tonanahali. Setopo sa phoofolo eo—e shoeleng e le likhoeli li tharo kapa li ’nè—se ile sa fumanoa se sa bola leqhoeng le Yamalo-Nenets le karolong e batang haholo ea Russia. Alexei Tikhonov, eo e leng motlatsi oa mookameli oa Setsi sa Saense sa Thuto ea Bophelo ba Liphoofolo Russia, o re: “Lelinyane lena le ntseng le le boemong bo botle hase feela hore ke la tlou ea tonanahali empa e boetse ke la mofuta oa liphoofolo tse neng li fele khale.” Mochine oa computer tomography, o tšoanang le oo ho hlahlojoang bakuli ka oona, ha o bontše hore e ne e tsoile likotsi. Bo-rasaense ba ile ba etsa qeto ea hore e tlameha ebe tlou eo “e ile ea khangoa ke metsi,” kaha ba ile ba fumana hore seretse se ne se e “koetse” ’metsong le ka maleng.
Ho Hlalana ka ho Panya ha Leihlo
Koranta ea El Universal e tlaleha hore morao tjena ho batla ho le bonolo ho hlala Mexico City. Ka 2008, mabaka a 21 a ho hlala—ho se tšepahale lenyalong, ho ba mabifi le a mang—a ile a tlosoa libukeng tsa molao. Hona joale sohle seo motho a lokelang ho se etsa ke ho kenya hoo e ka bang R3 000 bankeng ea ofisi ea molao le ho romela lekhotla foromo e saennoeng e fumanehang Inthaneteng, a bolele hore ha a sa rata molekane oa hae. Ha ho hlokahale hore ba hlahe ka pel’a moahloli. Ho se ho nka likhoeli tse peli ho isa ho tse ’nè ho hlala, ho fapana le lilemo tse ngata tse neng qetoa tsamaisong e fetileng ea molao. Hamorao ho etsoa qeto ea hore na ke mang ea tla abeloa ho hōlisa bana, chelete ea sapoto e tla ntšoa joang le hore na thepa e aroloa joang ’me ho lokisoa le mathata a mang.
Li-hummingbird—‘li Lebelo ho Feta Lifofane Tsa Ntoa’
Mofuputsi e mong Univesithing ea California, Berkeley, U.S.A, o re ho latela bolelele ba ’mele oa eona, hummingbird e qoelang e fofa ka lebelo le fetang la sefofane sa ntoa. Christopher Clark o ile a nka litšoantšo tsa lintho tseo li-hummingbird tsa Anna tse tona li li etsang nakong ea lefereho ’me a hlokomela hore ha li ubella e le hore li khahle tse tšehali “linonyana tsena li fofa sebaka se ka lekanang le bolelele ba ’mele ea tsona ka makhetlo a ka isang ho a 400 ka motsotsoana.” Clark o re, li fofa ka lebelo le batlang “le feta [la] sefofane sa ntoa” ha se tsamaea ka lebelo le feletseng. Ha nonyana ena e tsoa ka metsing, e hatelloa ke matla a fetang a khoheli ka makhetlo a leshome—e leng se ka etsang hore bakhanni ba lifofane tsa ntoa ba akhehe.