Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/10 leq. 3
  • “Mosebetsi o Felile”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mosebetsi o Felile”
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le se ke la Tšoenyeha ka Letsatsi le Hlahlamang”
    Tsoha!—2010
  • Tlokotsi ea—ho Hloka Mosebetsi
    Tsoha!—1996
  • “E Nthusa Hore ke Finyelle Batho Lipelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ke Mang eo re Lokelang ho Buisana le Eena Sebakeng sa Moea?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 7/10 leq. 3

“Mosebetsi o Felile”

BAOKAMELI ba ne ba mo bitsa Fred ea Mahlahahlaha.a Ka lilemo tse tšeletseng tseo a li qetileng a sebetsa k’hamphaning eo, o ne a e boloketse chelete e ngata ka likhopolo tse ncha tseo a faneng ka tsona. Kahoo ha Fred a bitsoa ofising ea mookameli, o ne a lebeletse hore o il’o ekeletsoa moputso kapa o il’o nyolloa mosebetsing. Ho e-na le hoo, mookameli o ile a re, “Mosebetsi o felile.”

Fred ha aa ka a kholoa seo a se utloang. O re: “Ke ne ke lefuoa hantle ke bile ke thabela mosebetsi oa ka, empa lintho tsohle li ile tsa fetoha ka ho panya ha leihlo.” Hamorao ha Fred a bolella mosali oa hae Adele, se etsahetseng, le eena o ile a tsieleha. O re: “Ke ile ka khathala matla haholo. Ka ipotsa, ‘Ekaba re tlil’o etsa joang joale?’”

Se etsahalletseng Fred se ’nile sa etsahalla batho ba limilione, joalokaha krafo e sehloohong sena e bontša. Empa lipalo ha li senole bohloko ba maikutlo boo motho a bo utloang ha a felloa ke mosebetsi. Nahana ka Raúl oa Peru ea ileng a felloa ke mosebetsi hoteleng e ’ngoe e khōlō, New York City, eo a neng a e sebelelitse ka lilemo tse 18. Raúl o ile a batla mosebetsi, empa o ne a sa o fumane. O re: “Ke qetile lilemo tse ka bang 30 ke hlokomela ba lelapa la ka. Empa hona joale ke utloa eka kea hlōleha.”

Se etsahalletseng Raúl se bontša ’nete eo batho ba bangata ba sa sebetseng ba e tsebang—ho felloa ke mosebetsi ha ho tlise mathata a lichelete feela. Hangata ho tlisa bohloko bo tebileng ba maikutlo. Renée eo monna oa hae, Matthew, a qetileng lilemo tse tharo le likhoeli a sa sebetse, o re: “Ke ile ka qala ho ikutloa ke se na thuso. Ha u se na letho, batho ba u tšoara joalokaha eka ha u letho, ’me ka mor’a nakoana u qala ho ikutloa ka tsela eo.”

Ho phaella bohlokong ba maikutlo, motho ea felloang ke mosebetsi o tobana le bothata bo bong ba ho phela ka chelete e fokolang. Fred o re: “Ha re ne re e-na le chelete, re ne re sa nahane ka ho itima lintho tse itseng. Empa hona joale ha re tlameha ho lefella lintho tseo—’me re sa sebetse—joale ha re na boikhethelo haese hore re phele ka mokhoa o itekanetseng.”

Ha u ntse u batla mosebetsi, u lokela ho sebetsana le bohloko ba kelello le ba maikutlo bo bakoang ke ho se sebetse. Hape u ka ’na ua lokela ho phela ka chelete e fokolang. A re qale ka ho hlahloba mehato e ’meli eo u ka e nkang e le hore u sebetsane le bohloko ba maikutlo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe lihloohong tsena.

[Krafo e leqepheng la 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lenane la batho ba neng ba sa sebetse ka 2008 linaheng tse tharo feela

Japane 2,650,000

Spain 2,590,000

United States 8,924,000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela