Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 3/8 maq. 2-5
  • Tlokotsi ea—ho Hloka Mosebetsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlokotsi ea—ho Hloka Mosebetsi
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hloka Mosebetsi ho ke Keng ha Thibeloa
  • Litšenyehelo Tse Phahameng Tsa ho Hloka Mosebetsi
  • ‘Batšoaruoa ba Tsamaiso e Senyehileng’
  • Ponelo-pele le Masoabi
  • Ho Hloka Mosebetsi Hobane’ng?
    Tsoha!—1996
  • Tokoloho ho Hlokeng Mosebetsi Joang Hona Neng?
    Tsoha!—1996
  • Ekaba ho Etsahetse’ng ka “Mosebetsi oa Bophelo Bohle”?
    Tsoha!—2000
  • “Mosebetsi o Felile”
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 3/8 maq. 2-5

Tlokotsi ea—ho Hloka Mosebetsi

KA MONGOLLI OA TSOHA! ITALY

Ke boemo ba tlokotsi linaheng tse ngata tse tsoetseng pele—empa hape bo khathatsa le lichaba tse tsoelang pele moruong. Bo hlasetse moo pele bo neng bo bonahala bo le sieo. Bo ama batho ba limilione tse makholo—bao boholo ba bona e leng bo-’mè le bo-ntate. Ke “tšokelo e ka sehloohong” ho Mataliana a etsang karolo ea bobeli borarong. Bo hlahisa mathata a macha sechabeng. Ho isa bohōleng bo itseng, ke sesosa sa bothata ba bacha ba bangata ba sebelisang lithethefatsi. Bo hlobaetsa batho ba limilione, ’me bo ka ’na ba qetella joalo ho ba bang ba limilione . . .

“MOHLOMONG ho hloka mosebetsi ke ketsahalo e sa tloaelehang e tšajoang ka ho fetisisa ea mehleng ea rōna,” ho tiisitse joalo Organization for Economic Cooperation and Development (OECD). Commission of European Communities ea ngola: “Boholo le liphello tsa ketsahalo ena e sa tloaelehang lia tsejoa, empa ho thata haholo ho sebetsana le eona.” Setsebi se seng se bolela hore ke “sethotsela se khutlelang ho tla tšoenya literata tsa K’honthinente ea Khale.” Linaheng tsa European Union (EU), hona joale palo ea batho ba hlokang mosebetsi e ka ba limilione tse 20, ’me ka October 1994, Italy feela palo ea molao ea ba hlokang mosebetsi e ne e le 2726 000. Ho ea ka Padraig Flynn, mokomishinara oa European Union, “ho rarolla bothata ba ho hloka mosebetsi ke phephetso ea bohlokoa ka ho fetisisa sechabeng le moruong eo re tobaneng le eona.” Haeba u hloka mosebetsi kapa u kotsing ea ho lahleheloa ke mosebetsi oa hao, u tseba tšabo e bakoang ke hona.

Empa ho hloka mosebetsi hase bothata ba Europe feela. Ho hlasela linaha tsohle tsa Amerika. Ha ho siee ka thōko Afrika, Asia, kapa Linaha tsa Pacific Boroa. Lilemong tsa morao tjena linaha tsa Europe Bochabela li ’nile tsa tobana le bothata ba ho hloka mosebetsi. Ke ’nete hore ha bo hlasele ka tsela e tšoanang hohle. Empa ho ea ka litsebi tse ling tsa moruo, sekhahla sa ho hloka mosebetsi Europe le Amerika Leboea se tla lula se ntse se le holimo haholoanyane ho feta lilemong tse mashome tse fetileng.a Setsebi sa moruo Renato Brunetta, se supa hore boemo bo “mpefatsoa ke keketseho ea ho hloka mosebetsi le ho senyeha ho akaretsang ha boleng ba mesebetsi e leng teng.”

Ho Hloka Mosebetsi ho ke Keng ha Thibeloa

Ho hloka mosebetsi ho thefutse likarolo tsohle tse khethehileng tsa moruo ka ho latellana ha tsona: ea pele ke temo, ka ho sebelisoa ha mechine e eketsehileng, e leng ho entseng hore batho ba behelloe ka thōko mosebetsing; joale ke indasteri, e ’nileng ea thefuloa ke maqakabetsi a matla ho tloha lilemong tsa bo-1970 ho ea pele; ’me hona joale, karolo e khethehileng ea mosebetsi—khoebo, thuto—karolo e khethehileng eo pele ho neng ho nahanoa hore e ke ke ea hlaseleha. Lilemong tse 20 tse fetileng, sekhahla sa ho hloka mosebetsi se fetang karolo ea 2 kapa ea 3 lekholong se ne se tla makatsa haholo. Kajeno sechaba se ruileng se italima se atlehile haeba ho hloka mosebetsi ho lula ho le ka tlaase ho karolo ea 5 kapa ea 6 lekholong, ’me lichaba tse ngata tse tsoetseng pele moruong li na le sekhahla se phahameng le ho feta.

Ho ea ka International Labor Organization (ILO), motho ea hlokang mosebetsi ke motho ea sa sebetseng, ea itokiselitseng ho sebetsa le eo ka boiteko bohle a ntseng a batla mosebetsi. Empa ho thoe’ng ka motho ea se nang mosebetsi o tsitsitseng oa nako eohle kapa ea khonang ho sebetsa ka lihora tse seng kae feela ka beke? Mosebetsi oa nakoana o talingoa ka ho fapana ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Lichabeng tse itseng batho ba bang bao ka sebele ba hlokang mosebetsi ba nkoa e le ba nang le mosebetsi ka molao. Maemo a sa lokelang pakeng tsa ho ba le mosebetsi le ho hloka mosebetsi a etsa hore ho be thata ho fumana hantle hore na ke mang eo ka sebele a hlokang mosebetsi, ’me ka lebaka lena lipalo-palo li hlalosa karolo e itseng feela ea boemo ba sebele. Phuputso e ’ngoe ea Europe e re: “Esita le palo ea molao ea batho ba limilione tse 35 ba hlokang mosebetsi [linaheng tsa OECD] ha e bonahatse boholo bo feletseng ba ho hloka mosebetsi.”

Litšenyehelo Tse Phahameng Tsa ho Hloka Mosebetsi

Empa lipalo-palo ha li bolele taba ka ho feletseng. Commission of European Communities e re: ‘Litšenyehelo tsa ho hloka mosebetsi moruong le sechabeng li khōlō haholo, ’me ha li bakoe feela ke litšenyehelo tse tobileng tsa ho lefella liphallelo bakeng sa batho ba hlokang mosebetsi empa hape se bakoa ke tahlehelo e bang teng ea chelete ea lekhetho eo batho ba hlokang mosebetsi ba neng ba tla etsa tlatsetso ho eona haeba ba ne ba sebetsa ’me ba lefa lekhetho.’ ’Me lichelete tsa thuso tse fuoang ba hlokang mosebetsi e ntse e e-ba moroalo ka ho eketsehileng e seng feela ho mebuso empa hape le ho batho ba sebetsang, ba tlamehang ho lefa makhetho a eketsehileng.

Ho hloka mosebetsi hase feela taba ea boitsebiso boo e leng ’nete le lipalo-palo. Ho ba le liphello tse amang batho ka bomong, hobane tlokotsi ena e hlasela batho—banna, basali le bacha ba leng maemong ’ohle a bophelo. Ha ho kopanngoa le mathata a mang ’ohle a ‘matsatsi ana a ho qetela,’ ho hloka mosebetsi ho ka ipaka e le moroalo o moholo haholo. (2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 6:5, 6) Haholo-holo haeba a hlasetsoe ke “ho hloka mosebetsi ka nako e telele,” haeba ho se maemo a mang a tlatsetsang boemong boo, motho ea ’nileng a hloka mosebetsi ka nako e telele o tla fumana ho le thata le ho feta ho fumana mosebetsi. Ka bomalimabe, ba bang le ka mohla ba ka ’na ba se ke ba hlola ba fumana mosebetsi hape.b

Litsebi tsa kelello li fumana hore har’a batho ba kajeno ba hlokang mosebetsi, mathata a kelello le phekolo ea eona a ntse a eketseha, hammoho le ho se tsitse maikutlong, tsieleho, ho se thahaselle letho ka ho tsoelang pele le ho lahleheloa ke boitlhompho. Ha motho ea nang le bana bao a lokelang ho ba hlokomela a lahleheloa ke mosebetsi, ke tlokotsi e tšabehang ea botho. Ba selebaletsoe ke bophelo. Tšireletso e felile. Ha e le hantle, kajeno, litsebi tse ling li hlokomela ho hlahella ha “matšoenyeho a lebeletsoeng” a amanang le monyetla oa hore motho a lahleheloe ke mosebetsi oa hae. Matšoenyeho ana a ka ama likamano tsa lelapa ka ho teba ’me a ka ba le liphello tse bohloko le ho feta, joalokaha ho ipolaea har’a batho ba hlokang mosebetsi ho bontša morao tjena. Ho feta moo, bothata ba hore motho a fumane mosebetsi ka lekhetlo la pele ke bo bong ba lintho tseo e ka ’nang ea e-ba lisosa tsa pefo le ho ikarola ha bacha sechabeng.

‘Batšoaruoa ba Tsamaiso e Senyehileng’

Tsoha! e ile ea buisana ka lipotso le batho ba bangata ba feletsoeng ke mosebetsi. Armando ea lilemo li 50 o ile a bolela hore ho eena ho ne ho bolela “ho bona boiteko ba ho sebetsa ka lilemo tse 30 bo senyeha, a tlameha ho qala hape,” ’me a ikutloa “joaloka motšoaruoa oa tsamaiso e senyehileng.” Francesco ‘o ile a bona ha lefatše le mo oela holimo.’ Stefano “o ile a ba le boikutlo bo tebileng ba ho sareloa tsamaisong ea hona joale ea bophelo.”

Ka lehlakoreng le leng, Luciano, ea ileng a lelekoa ka mor’a ho sebetsa lefapheng la tsamaiso ea thekniki indastering ea makoloi ea Italy ka lilemo tse ka bang 30, “o ile a ikutloa a halefile ’me a thetsitsoe ha a bona hore boiteko ba hae, ho khothala ha hae le ho tšepahala ha hae ka lilemo tse ngata hakaalo tsa tšebetso li ne li talingoa e se letho.”

Ponelo-pele le Masoabi

Litsebi tse ling tsa moruo li ne li lebeletse liketsahalo tse latellanang tse fapaneng haholo. Ka 1930 setsebi sa moruo John Maynard Keynes, a tletse tšepo o ile a ba le ponelo-pele ka “mosebetsi bakeng sa bohle” lilemong tse 50 tse tlang, ’me ka lilemo tse mashome mosebetsi o feletseng o ’nile oa talingoa e le pakane e ka finyelloang. Ka 1945 Tumellano ea mokhatlo oa Machaba a Kopaneng e ile ea etsa pakane ea ho finyella ho fumana mosebetsi o feletseng ka potlako. Ho fihlela haufinyane tjena ho ne ho lumeloa hore khatelo-pele e ne e tla bolela mosebetsi bakeng sa bohle le lihora tse fokolang haholoanyane mosebetsing. Empa lintho ha lia etsahala ka tsela eo. ILO e bolela hore ho theoha ho tebileng ha moruo lilemong tse leshome tse fetileng ho bakile “tlokotsi e mpe ka ho fetisisa ea mosebetsi lefatšeng ka bophara ho tloha nakong ea Ho oa ho Hoholo ha Moruo lilemong tsa bo-1930.” Afrika Boroa bonyane batho ba limilione tse 3,6 ha ba sebetse, ho akarelletsa le Maafrika a matšo a ka bang limilione tse tharo. Esita le Japane—e neng e e-na le batho ba fetang limilione tse peli ba neng ba sa sebetse selemong se fetileng—e tobane le tlokotsi.

Ke hobane’ng ha ho hloka mosebetsi e le tlokotsi e atileng tjee lefatšeng ka bophara? Ke litharollo life tse ’nileng tsa hlahisoa bakeng sa ho sebetsana le hona?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sekhahla sa ho hloka mosebetsi ke karolo ea lekholong ea kakaretso ea basebetsi ba hlokang mosebetsi.

b “Batho ba hlokang mosebetsi ka nako e telele” ke ba ’nileng ba hloka mosebetsi ka likhoeli tse fetang tse 12. Linaheng tsa EU hoo e ka bang halofo ea batho ba hlokang mosebetsi e oela sehlopheng sena.

[’Mapa o leqepheng la 2, 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Canada—9,6 lekholong

U.S.A.—5,7 lekholong

Colombia—9 lekholong

Ireland 15,9 lekholong

Spain 23,9 lekholong

Finland 18,9 lekholong

Albania 32,5 lekholong

Afrika Boroa 43 lekholong

Japane 3,2 lekholong

Philippines 9,8 lekholong

Australia 8,9 lekholong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela