Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g96 3/8 maq. 6-8
  • Ho Hloka Mosebetsi Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hloka Mosebetsi Hobane’ng?
  • Tsoha!—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabaka a Bothata Bona
  • Tlokotsi ea Sechaba
  • Na ho Tla ba le Tharollo Leha e le Efe Haufinyane?
  • Tlokotsi ea—ho Hloka Mosebetsi
    Tsoha!—1996
  • Ho Felloa ke Mosebetsi—Phihlelo e Bohloko ho Motho ea Sebetsang
    Tsoha!—1991
  • Tokoloho ho Hlokeng Mosebetsi Joang Hona Neng?
    Tsoha!—1996
  • Ekaba ho Etsahetse’ng ka “Mosebetsi oa Bophelo Bohle”?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1996
g96 3/8 maq. 6-8

Ho Hloka Mosebetsi Hobane’ng?

LINAHENG tse ngata batho ba bangata ba qobelloa ho iphelisa ka ho etsa mosebetsi o thata oa matsoho ka lihora tse telele le ka sekhahla se qetang matla, mohlomong ba bile ba etsa mosebetsi o kotsi bakeng sa moputso o fokolang. Ho fihlela haufinyane tjena batho ba bangata linaheng tse ling ba ne ba kholisehile hore hang feela ha ba hiriloe ke k’hamphani e khōlō kapa ke lefapha le tsamaisoang ke ’muso, ba ne ba tla ba le mosebetsi o sireletsehileng ho fihlela ba tlohela mosebetsi. Empa kajeno ha ho sa bonahala eka ho na le likhoebo kapa mekhatlo ea khoebo e khonang ho fana ka mosebetsi o ratehang le tšireletso boemong leha e le bofe. Hobane’ng?

Mabaka a Bothata Bona

Bacha ba likete ba bile ba sitoa le ho fumana mosebetsi oa bona ka lekhetlo la pele—hore na ba na le lengolo le phahameng la koleche kapa che. Ka mohlala, Italy, karolo e fetang ea boraro ea batho ba hlokang mosebetsi ke ba lipakeng tsa lilemo tse 15 le tse 24. Karolelano ea ba seng ba ntse ba sebetsa le ba lekang ho boloka mesebetsi ea bona e ntse e eketseha, ’me kahoo ho thata haholoanyane ho bacha hore ba fumane mosebetsi ka lekhetlo la pele. Esita le har’a basali—ba seng ba le bangata haholoanyane mesebetsing—ho na le tekanyo e phahameng ea ho hloka mosebetsi. Kahoo, hona joale ho na le palo e fetang e tloaelehileng ka boholo ea basebetsi ba bacha e etsang boiteko bo matla ba hore e kopanyelletsoe mesebetsing.

Ho tloha nakong ea mechine ea pele ea indasteri, ho kenngoa tšebetsong ha lintho tse ncha tsa thekniki ho fokolitse tlhokahalo ea basebetsi. Kaha batho ba bangata ba ne ba tlameha ho sebetsa ka thata nako e telele ba chenchana, basebetsi ba ne ba nahanne hore mechine e ne e tla fokotsa mosebetsi kapa esita le ho o felisa. Mechine e itšebetsang e ekelitse tlhahiso ’me e felisitse likotsi tse ngata, empa e boetse e fokolitse le mesebetsi. Batho ba sa hateleng pele ba ba kotsing ea ho hloka mosebetsi ka nako e telele ntle leha ba ithuta mahlale a macha.

Re ba kotsing ea ho qoela ka har’a lintho tse ngata haholo tse hlahisoang khoebong. Ba bang ba ikutloa hore re se ntse re fihlile meeling ea khōlo e eketsehileng. Ho phaella moo, ha ho e-na le batho ba fokolang ba sebetsang, ho ba le bareki ba fokolang. Kahoo ’maraka o hlahisa se sengata ho feta se ka sebelisoang. Lifeme tse khōlō tse seng li sa sebelisetsoe khoebo, tse neng li hahetsoe ho sebetsana le keketseho e neng e lebelletsoe tlhahisong lia koaloa kapa li fetoleloa mosebetsing o mong. Mekhoa e kang ena e ba le bahlaseluoa—batho ba felloang ke mosebetsi. Nakong eo moruo o theohileng, tlhokahalo ea basebetsi ea fokotseha ’me ho thata hore mesebetsi e felang nakong eo, e hlahisoe hape ha ho atolosoa mesebetsi ea khoebo. Ka ho hlakileng, ho na le lisosa tse fetang se le seng tsa ho hloka mosebetsi.

Tlokotsi ea Sechaba

Kaha ho ka hlasela motho leha e le mang, ho hloka mosebetsi ke tlokotsi ea sechaba. Linaha tse ling li lokisetsa mekhoa e sa tšoaneng ea ho sireletsa batho ba seng ba ntse ba sebetsa—ka mohlala, ho sebetsa lihora tse fokolang ka beke motho a fumana moputso o fokolitsoeng. Leha ho le joalo, sena se ka ’na sa senya litebello tsa ba bang ba ntseng ba batla mosebetsi.

Batho ba sebetsang le ba hlokang mosebetsi khafetsa ba ipelaetsa haholoanyane ka mathata a amanang le mosebetsi. Empa le hoja ba hlokang mosebetsi ba batla mesebetsi e mecha, ba nang le mosebetsi ba leka ho baballa tšireletso ea bona—e leng lipheo tse peli tseo kamehla li sa nyallaneng. Makasine ea Italy Panorama e re: “Ba nang le mosebetsi hangata ba memeloa ho sebetsa lihora tse telele. Ba se nang mosebetsi ba lula ba ntse ba o hloka. Ho na le kotsi ea hore sechaba se ka ’na sa aroha likoto tse peli . . . ka lehlakoreng le leng, e be ba sebetsang lihora tse telele mosebetsing, ’me ka ho le leng, e be ba khesehang ba hlokang mosebetsi, ba batlang ba itšetlehile ka ho feletseng mohaung oa ba bang.” Litsebi li bolela hore Europe, liphello tsa khōlo ea moruo li ’nile tsa thabeloa haholo-holo ke ba seng ba ntse ba sebetsa, ho e-na le batho ba hlokang mesebetsi.

Ho feta moo, ho hloka mosebetsi ho amana le boemo ba moruo sebakeng ka seng, hoo lichabeng tse ling, tse kang Jeremane, Italy le Spain, ho nang le phapang e khōlō pakeng tsa lintho tse hlokoang ho ea ka sebaka ka seng. Na basebetsi ba ikemiselitse ho ithuta mahlale a macha kapa esita le ho fallela sebakeng se seng kapa naheng e ’ngoe? Hangata sena e ka ba lebaka le etsang qeto.

Na ho Tla ba le Tharollo Leha e le Efe Haufinyane?

Ka kakaretso, tšepo e etsoa ho itšetlehiloe ka ntlafalo e itseng moruong. Empa batho ba bang ba na le pelaelo ’me ba nahana hore ntlafalo e joalo e ke ke ea e-ba teng ho fihlela hoo e ka bang selemong sa 2000. Ho ea ka ba bang, tsosoloso e se e ntse e qalile, empa e hlahisa liphello butle, joalokaha ho totobetse ka ho fokotseha ha mesebetsi haufinyane tjena Italy. Tsosoloso ea moruo hase hakaalo hore e bolela ho fokotseha ha tlhokahalo ea mosebetsi. Le hoja khōlo e le e fokolang, likhoebo li khetha ho sebelisa basebetsi bao li seng li ntse li e-na le bona ho e-na le ho hira ba bang—e leng hore, ho na le “khōlo ea ho hloka mesebetsi.” Ho feta moo, hangata palo ea batho ba hlokang mosebetsi e hōla ka sekhahla ho feta palo ea mesebetsi e mecha e hlahisoang.

Kajeno ho hokahanngoa ha moruo oa lichaba lefatšeng ka bophara ho tsoela pele. Litsebi tse ling tsa moruo li nahana hore ho hlahisoa ha libaka tse khōlō tse ncha tsa khoebo tse fetelang ka ’nģane ho meeli ea linaha tse ling, joaloka tsa North American Free Trade Agreement (NAFTA) le Asia-Pacific Economic Cooperation (APEC), li ka ’na tsa boela tsa fana ka tšusumetso moruong oa lefatše. Leha ho le joalo, mokhoa ona o etsa hore likoporasi tse khōlō li hlome litsi tsa tsona moo basebetsi ba fumanehang ka chelete e fokolang, e leng se fellang ka hore lichaba tse tsoetseng pele indastering li lahleheloe ke mesebetsi. Ka nako e tšoanang, basebetsi ba sa fumaneng chelete e ngata ba bona meputso ea bona e fokolang e se ntse e fokotseha. Hase ho makatsang ha linaheng tse ngata, batho ba bangata ba ’nile ba etsa lipontšo tsa nyatso, esita le ka mabifi, khahlanong le litumellano tsena tsa khoebo.

Litsebi li fana ka litlhahiso tse ngata tsa ho loantša ho hloka mosebetsi. Tse ling li bile lia hanyetsana, ho itšetlehile ka hore na li etsoa ke litsebi tsa moruo, bo-ralipolotiki, kapa basebetsi ka bobona. Ho na le ba etsang tlhahiso ea hore lik’hamphani li eketse basebetsi ka ho fokotsa moroalo oa lekhetho. Ba bang ba eletsa ka hore ’muso o hle o kenelle ka ho feletseng. Ba bang ba etsa tlhahiso ea hore mosebetsi o abjoe ka ho fapa-fapana ’me ho fokotsoe lihora tsa tšebetso. Sena se se se ’nile sa etsoa lik’hamphaning tse khōlō, esita le hoja lekholong le fetileng la lilemo, beke ea tšebetso e ile ea fokotsoa ka ho feletseng lichabeng tsohle tse tsoetseng pele indastering, empa sena ha sea fokotsa ho hloka mosebetsi. Setsebi sa moruo Renato Brunetta, se tsoela pele: “Qetellong, leano le leng le le leng le ipaka le sa atlehe, le na le litšenyehelo tse fetang melemo ea lona.”

Makasine ea L’Espresso, e etsa qeto ena: “Ha rea lokela ho ikisa le khongoana holimo, ehlile bothata bo boholo.” Na bo thata haholo hore bo ka rarolloa? Na ho na le tharollo bothateng ba ho hloka mosebetsi?

[Lebokose le leqepheng la 8]

Bothata Ba Boholo-holo

Ho hloka mosebetsi ke bothata ba khale. Ka makholo a lilemo, ka makhetlo a mangata batho ba ’nile ba iphumana ba se na mosebetsi ka ntle ho boikhethelo. Hang ha mosebetsi o ne o felile, joale basebetsi ba likete tse mashome ba neng ba sebelisoa mererong e meholo ea kaho ba ne ba hloka mosebetsi ka bobona—bonyane ho fihlela ba ne ba ka hiroa sebakeng se seng. Ho sa le joalo, ho hobe le feta, ba ne ba phela bophelo bo sa sireletsehang.

Nakong ea Mehla e Bohareng, “esita le hoja bothata ba ho hloka mosebetsi ka kutloisiso ea kajeno bo ne bo le sieo,” ho ne ho e-na le batho ba hlokang mosebetsi. (La disoccupazione nella storia [Ho Hloka Mosebetsi Historing]) Leha ho le joalo, mehleng eo, batho leha e le bafe ba neng ba sa sebetse ba ne ba talingoa e le ba se nang thuso kapa e le baleleri. Lilemong tsa morao tsa lekholong la bo19 la lilemo, Moprofesa John Burnett o hlalosa hore bahlahlobisisi ba bangata ba Brithani “ba ne ba amahanya ho hloka mosebetsi haholo-holo le ‘bo-ramerusu’ le baleleri ba neng ba robala mapatlelong kapa ba neng ba solla literateng le bosiu.”—Idle Hands.

“Ho hlahella ha bothata ba ho hloka mosebetsi” ho ile ha etsahala ho ella bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo kapa mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo. Likomisi tse khethehileng tsa ’muso li ile tsa thehoa bakeng sa ho ithuta le ho rarolla bothata boo, tse kang Select Committee of the British House of Commons mabapi le “Tlokotsi ea ho Hloka Mosebetsi,” ka 1895. Ho hloka mosebetsi ho ne ho fetohile tlokotsi ea sechaba.

Temoho ena e ncha e ile ea hōla ka potlako, haholo-holo ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše. Ntoa eo, hammoho le tlhahiso ea eona ea libetsa e hlanyang, e ne e felisitse ho hloka mosebetsi ka ho feletseng. Empa ho qala ka bo-1920, lefatše la Bophirimela le ile la tobana le letoto la ho theoha ha moruo le ileng la qetella ka Ho oa ho Hoholo ha Moruo ho qalileng ka 1929 ’me ha hlasela moruo oohle oa lefatše o nang le indasteri. Ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše, linaha tse ngata li ile tsa ba le khōlo e ncha ea moruo, ’me ho hloka mosebetsi ho ile ha fokotseha. Empa “ho qaleha ha bothata ba kajeno ba ho hloka mosebetsi ho ka saloa morao ho fihla bohareng ba lilemong tsa bo-1960,” ho bolela Organization for Economic Cooperation and Development. Mesebetsi ea khoebo e ile ea hlaseloa habohloko ke tlokotsi ea oli ea lilemong tsa bo-1970 le tšebeliso e pharaletseng ea lik’homphutha ka hore phello e be ho fokotsoa ha basebetsi. Ho hloka mosebetsi ho ’nile ha phahama ho sa khaotse, ha kenella esita le mafapheng a basebetsi ba ofisi le a batsamaisi ao pele a neng a talingoa a sireletsehile.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho batla mesebetsi e eketsehileng ho ke ke ha rarolla bothata ba ho hloka mosebetsi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Reuters/Bettmann

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela