Ho Felloa ke Mosebetsi—Phihlelo e Bohloko ho Motho ea Sebetsang
“Sena se ile sa ntlhaha lesumatha. Ke ne ke harohile letsoalo.”
Molaoli oa lefapha la lipuisano ea lilemo li 44.
“Ke ntho e utloisang bohloko haholo boikutlong ba hao ba ho itšepa. U ikutloa u le motho ea se nang thuso.”
Ofisiri e khōlō ea lefapha la lichelete e lilemo li 38.
“Ke mofuta ofe oa moruo oo re o baki-leng o hlokofatsang batho ho tloha bonye-nyaneng ba bona?”
Motsamaisi ea ka sehloohong oa feme ea liaparo ea lilemo li 47.
BATHO bana ka bomong ba na le phihlelo efe e tšoanang? E mong le e mong o fetile phihlelong e bohloko ea ho felloa ke mosebetsi.
Hape ak’u boele u talime lilemo tsa basebetsi bao. E ne e se bo-maithutoane ’me mohlomong ba ne ba ikutloa ba e-na le tekanyo e itseng ea tšireletseho mosebetsing. Ba ne ba le ho seo batho ba bangata ba ka se bitsang lilemo tsa boemo bo phahameng ka ho fetisisa ba ho fumana chelete e ngata. Empa ho felloa ke mesebetsi ea bona ho tlile ka ho panya ha leihlo ebile ho sa lebelloa. Molaoli oa lefapha la lipuisano ea boletsoeng ka holimo o itse: “Ba ile ba mpolella hore ke phuthe mehasoana ea ka. Ke ile ka tsamaea ka tšohanyetso.”
Ho Etsahetse Eng?
Ho se tsitse ha moruo hase ntho e ncha. Linaheng tse ngata ho ’nile ha e ba le linako tsa boiketlo tse ileng tsa lateloa ke ho theoha ha matla a moruo kapa ho oa ha moruo ka booona. Ho theoha ha matla a moruo ho sa tsoa latsuoa haufinyane lefatšeng lohle, esita le pele ho ntoa ea Koung ea Persia, ho bontšitse kamoo moruo o ka senyehang ka teng ka mor’a lilemo tsa katleho. Batho ba bangata, ba bang e le ka lekhetlo la pele, ba ile ba hlokomela hore ba ke ke ba khella mesebetsi ea bona kapa meputso ea bona fatše.
Phello ea ho theoha ha moruo ho basebetsi le eona e ne e sa tsitsa. Lik’hamphani li ile tsa qobelloa ho fokotsa litšenyehelo ka hohle kamoo li ka khonang ka teng ’me hangata sena se ile sa fella ka hore batho ba bangata ba felloe ke mesebetsi. Esita le linaheng tse ruileng tse tsoetseng pele moruong tsa Mokhatlo oa Tšebelisano-’moho ea Moruo le Tsoelo-pele, ka kakaretso batho ba limillione tse 25 ba kile ba hloka mosebetsi ka nako e ’ngoe.
Mosali e mong ea etsang mekhabiso malapeng o itse: “Hoo e batlang e le letsatsi le letsatsi ke amohela melaetsa ea thelefono e tsoang ho metsoalle lik’hamphaning tse khōlō e mpolellang hore e felletsoe ke mosebetsi. Khoebo ea lik’hamphani tse ngata tseo ke sebetsang le tsona e fokotsehile ho fihlela ho seo e ka bang halofo ea khoebo eo li neng li e-na le eona selemong se fetileng.”
Ho felloa ke mosebetsi ka mehla e ’nile ea ba karolo ea bophelo ba litsebi tsa mosebetsi oa matsoho. Nakong ea joale ea ho theoha ha moruo, basebetsi ba eketsehileng ba sa etseng mosebetsi oa matsoho ba boetse ba felletsoe ke mosebetsi. Mohlophisi oa koranta ea Workplace Trends, Dan Lacey, o itse: “Ena ke mesebetsi e nkoang e le ea bohlokoa haholo, ke mesebetsi e ileng ea re nolofalletsa ho reka ntlo sebakeng se bohehang le ho ba le likoloi tse peli.”
E mengata ea mesebetsi eo e ile ea fela lilemong tse ’maloa tse fetileng. ’Me basebetsi ba ileng ba felloa ke mesebetsi joalokaha Newsweek e hlalosa, ba ile ba iphumana ba “imetsoe ke chelete ea rente, malapa a banyalani ba bacha, melato e meholo le bokamoso bo ntseng bo tsoela pele ho fetoha bo sa tsitsang.”
Liphello ke Life?
Sena sohle se na le phello e imenneng habeli: Basebetsi ba felloang ke mosebetsi ba thefuleha licheleteng le maikutlong. Khatello ea maemo a lichelete e totobetse. Ka baka la moputso o fokolang, mokhoa oa motho oa bophelo o lokela ho fetoloa. Ho hloka mosebetsi ho boetse ho na le phello e itseng maikutlong.
Ka mohlala, pono ea bacha mabapi le tšireletseho ea mosebetsi ea fetoha. Ho hloka mosebetsi ho ntse ho fetoha ntho e tloaelehileng, ke tsela e amohelehang ea bophelo. The Wall Street Journal e hlokometse hore hangata ho felloa ke mosebetsi ho fetotse bacha ba bangata ba Brithani “batho bao ho seng mohla ba hōlang.”
Ho na le liphello tse tebileng haholoanyane maikutlong ho batho ba ileng ba felloa ke mosebetsi ka mor’a hore ba be le mesebetsi e tsitsitseng ka nako e telele. Ngaka ea mafu a kelello Neil P. Lewis o itse: “Ha [motho] a felloa ke mosebetsi, hase feela taba ea ho lahleheloa ke chelete, empa ke ho lahleheloa ke tekanyo e itseng ea ho itšepa ha hae.”
Ha e le hantle, lingaka tsa mafu a kelello li hlokometse hore kotsi e bakoang ke ho felloa ke mosebetsi e hlile e tšoana le kotsi e amanang le lefu la moratuoa le tlhalo. Ho tšoha ho bang teng qalong ho tlisa khalefo, ’me hamorao hoo ho lebisa masoabing ebe hona motho a lumelang se etsahetseng. Lewis o re: “Batho ba bang ba feta har’a sena sohle ka matsatsi a mabeli. Ba bang ba nka libeke le likhoeli.”
Ho eketseha ha ho ameha maikutlong ho boetse ho bonoa ho batho ba felletsoeng ke mosebetsi ba retelehelang tšebelisong e mpe ea joala le lithethefatsi. Ho nyahama ho ka boela ha lebisa pefong ea lelapa kapa karohanong. Stephen Pilster-Pearson, motsamaisi oa thuso ea basebetsi Univesithing ea Wisconsin, U.S.A., o itse: “Maikutlo ao a ho nyahama a tlameha ho ea kae-kae. ’Me se seng sa libaka tseo ha e le hantle ke lapeng.”
Ketsahalong e ’ngoe e sisimosang haholoanyane, seithuti sa univesithi sa Hong Kong se ile sa khetha ho ipolaea ka mor’a ho qeta lilemo tse hlano se hloka mosebetsi. Se ile sa itihela seporong ha terene e tla.
Kahoo ha batho ba felloa ke mesebetsi, ho ameha lintho tse fetang chelete ea motho. Kahoo ke ha bohlokoa haholo ho bona ka nģane ho bothata ba chelete. Ho ameha maikutlo a matla ’me malapa a lokela ho tšoarisana le ho sebetsa hammoho bakeng sa ho fumana tharollo.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Na ke Qetello ea Keketseho ea Moruo?
Selemong se fetileng tšabo ea maqhubu a befileng leoatleng la lichelete e ile ea tlalehoa lefatšeng ka bophara. Nahana ka mehlala ena e ’maloa:
Fora: “Lefatše le fihla qetellong ea nako e telele ka ho fetisisa ea keketseho ea moruo e kileng ea tsejoa. . . . Haeba ho se lintho tseo linaha tsa Europe li ka tšoenyehang ka tsona ka nakoana ka baka la ho phahama ha moruo ho tlisitsoeng ke ho kopanngoa ha Jeremane, li ke ke tsa lebella hore li tla phonyoha ka ho felletseng. . . . Limmaraka li bone kotsi e tlang.”—Le Monde, Paris.
Brazil: Ho oa ha moruo United States “ka tsela e ke keng ea qojoa ho ne ho tla fetisetsoa libakeng tse ling ’me ho utloahale linaheng tse ling tse tsoetseng pele moruong, ’me ka baka leo, sena se ne se tla baka lithibelo tse khōloanyane bakeng sa keketseho ea thepa e romelloang lichabeng tse sa tsoelang pele haholo moruong.”—Fôlha de S. Paulo, São Paulo.
Brithani: “Moruo oa Brithani, hammoho le ho theoha ha matla a chelete ea eona ho ke keng ha thibeloa, litekanyo tse eketsehileng tsa chelete ea tsoala, le khōlo e fokolang, le oona o bonahala o sa ipiletse.”—Financial Times, London.
Canada: “Bahiri ba fokolang ka ho eketsehileng ba ntse ba batla basebetsi ba fokolang ka ho eketsehileng.”—The Toronto Star.
Jeremane: “Ho phahama ho tšosang ha theko ea oli ho tšoanang le ha 1973 ho se ho ntse ho bonahala . . . joalokaha matšoao a ho oa ha moruo [a] bonahala.”—Neues Deutschland, Berlin.
Japane: “Litheko tsa litša hona joale li tšoana le bomo e ka phatlohang neng kapa neng e lutseng setsing sa moruo oa lefatše. Haeba bomo ena e ka lumelloa ho phatloha eaba litheko tsa litša lia theoha, libanka tsa Japane li ne li tla oa ha [likalimo tsa chelete tseo] litša tsa Japane li fanoeng e le tšireletso bakeng sa tsona li fetoha tse se nang molemo. Hamorao sena se ne se tla baka ho theoha ha moruo lefatšeng ka bophara.”—Australian Financial Review, Sydney.
Leha ho le joalo, ho lala ha Ntoa ea Koung ea Persia mathoasong a 1991 ho ile ha tlisa tšepo e ncha ea ho fetoha ha moruo lefatšeng ka bophara. Ho ntse ho le joalo, ho hlakile hore moruo oa batho ka sebele ke ntho e ka senyehang habonolo feela haholo-holo ha ho nahanoa ka molato o moholo oa kalimo ea chelete o seng o ntse o imetse linaha tse ngata.