Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 leq. 3
  • Ba Thefutsoe ke Ho Putlama ha Moruo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Thefutsoe ke Ho Putlama ha Moruo
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Na ho Kena Sekolotong ho Molemo?
    Tsoha!—1995
  • Ho Felloa ke Mosebetsi—Phihlelo e Bohloko ho Motho ea Sebetsang
    Tsoha!—1991
  • Molato oa Chelete!—Ho Kena ho ’Ona le ho Tsoa ho ’Ona
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 9/11 leq. 3

Ba Thefutsoe ke Ho Putlama ha Moruo

“MORUO o qala ho putlama hakana.” Ke kamoo Encyclopædia Britannica Online e ileng ea hlalosa kateng ho putlama ha moruo ho sa tsoa thefula lefatše. Ho oa ha moruo ho qalileng United States ka 2007 ho bile matla ’me ho amme linaha tse ngata, hoo ho ’nileng ha hopotsa batho ba bangata ka ho putlama ha moruo ho bileng teng mathoasong a lilemo tsa bo-1930.

Ho bakiloe ke’ng? Makasine ea Newsweek e fana ka karabo ena e bonolo: “Ke lehlaphahlapha le entsoeng ke batho ba alimang chelete ka tsela e se nang boikarabelo.” Empa ke hobane’ng ha batho ba etsa lehlaphahlapha la ho alima chelete, e le hore ba reke lintho tseo ba sa khoneng ho li lefella?

Mohlomong u tla lumela hore boemo bona bo bakiloe ke tsamaiso ea moruo oa lefatše, e khothalletsang batho hore ba be meharo. Ha e le hantle, e ne e fana ka molaetsa oa hore: “Reka! Reka! Reka!” ebang u tla khona ho e lefella kapa che. Bukeng ea hae e bitsoang The New Frugality, Chris Farrell, eo e leng se setsebi sa moruo, o re: “Batho bana ba ithutile habohloko hore ho alima chelete e ngata ho kotsi.”

Linaha tse ngata li ile tsa angoa habohloko ke ho putlama hoo ha moruo. Sehlooho se leqepheng la pele koranteng ea Afrika Boroa e bitsoang Sunday Times, se ile sa re: “Le hoja ho e-na le matšoao a bontšang hore moruo o ntse o ntlafala, bareki . . . ba ntse ba thatafalloa ho fepa ba malapa a bona.” Koranta eo e tlaleha hore “bareki ba ka bang 3 000 000 [ba Afrika Boroa] ba qeta likhoeli tse fetang tse tharo ba sa lefelle mekitlane ea bona; ’me basebetsi ba ka bang 250 000 ba lahlehetsoe ke mesebetsi lilemong tse peli tse fetileng.”

Batho ba limilione tse mashome ba lahlehetsoe ke mesebetsi lilemong tsa morao tjena. Ha e tlaleha ka matšoao a bontšang ho ntlafala ha moruo United States, koranta ea Financial Times e ile ea re: “Ntlafalo ea moruo e bileng teng ho tloha ka June 2009 e ka bitsoa ‘Mahlabisa-lihlong a Maholo.’” Koranta eo e ile ea phaella ka ho re: “Litsebi tse ngata tsa moruo li nahana hore kaha batho ba lokela ho lefella likoloto tsa bona, seo se tla khina tsela eo ba rekang ka eona, lilemong tse ’maloa tse tlang.”

Haeba le uena u anngoe ke ho putlama ha moruo, ha ho pelaelo hore u tla lumellana le seo mongoli David Beart a se ngotseng, ha a ne a re: “Ho bonahala eka ho buuoa haholo ka mathata a lefatše a lichelete, empa ho fanoa ka boitsebiso bo fokolang ba kamoo batho ba ka a rarollang kateng.”

Lihlooho tse latelang li reretsoe ho thusa batho ba thatafalloang ho lefa likoloto. Li tla tšohla lipotso tse latelang: Melemo ea ho beha chelete ke efe? U ka etsa’ng haeba u le likolotong? U ka etsa’ng e le hore u ithute ho ntlafatsa tsela eo u sebelisang chelete ka eona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela