Tokoloho ho Hlokeng Mosebetsi Joang Hona Neng?
JOALOKA ’Mōpi oa hae, motho a ka latsoa thabo mosebetsing, oo ka tšoanelo o hlalosoang e le “neo ea Molimo.” (Moeklesia 3:12, 13; Johanne 5:17) Mosebetsi o thahasellisang o ka re thabisa ’me oa re etsa hore re ikutloe re le ba nang le thuso le ba hlokahalang. Ho hang ha ho motho ea batlang ho lahleheloa ke mosebetsi, ho sa tsotellehe hore na o o thabela hanyenyane hakae. Ntle le ho tiisa hore moputso o tla ba teng, mosebetsi o lefang o fana ka tlhophiso, morero le boikutlo ba botho bo khethollang bophelo ba motho. Hase ho makatsang ha ka tloaelo “batho ba hlokang mosebetsi ba batla mosebetsi ho feta ntho leha e le efe.”
Ho Batla Mosebetsi
Joalokaha re se re bone, boemo bo teng lefapheng la mesebetsi ke bo rarahaneng haholo. Ka lebaka leo, ho na le mekhoa e mengata e loketseng ea ho batla mosebetsi. Leha e le bafe ba tšoanelehang, ba ka sebelisa melemo e fanoang ke ’muso bakeng sa ba hlokang mosebetsi moo e fumanehang; ba ka ingolisa liofising tsa ba hlokang mosebetsi ’me ba rua molemo ka litšebeletso tse fanoang moo. Ba bang ba fumana mosebetsi ka hore ba iqapele mosebetsi. Empa ho lokela hore ho sebelisoe tlhokomelo. Hangata batho ba itšebetsang ba tlameha ho tobana le litšenyehelo tse qalang tseo ho ka ’nang ha se be bonolo ho li lefella ka botlalo. Hape ke habohlokoa ho tseba le ho hlompha melao e amanang le lichelete le ea makhetho—e leng seo e leng bothata linaheng tse ling!—Baroma 13:1-7; Baefese 4:28.
Hore ba fumane mosebetsi, ba bang ba etsa ntho e itseng e lokelang ho etsoa e le hore ba fumane mosebetsi, ba inehela ho eona ka mokhoa oo ba e etsang ka oona le ka ho e phehella. Ba bang ba ile ba ngolla lik’hamphani tse ntseng li batla basebetsi, kapa tse entseng litsebiso likoranteng tsa sebaka ka seng—tseo tse ling tsa tsona li hatisang litsebiso tsa ho batla mosebetsi ntle ho tefello. Hangata Tsoha! e ’nile ea fana ka keletso e sebetsang tabeng ena—ho bacha le ho batho ba baholo ka ho tšoanang.a—Bona mabokose, leqepheng la 11.
U tlameha hore u tenyetsehe—u ikemisetse ho etsa mosebetsi oa mefuta eohle, ho akareletsa le mesebetsi eo ka ho khetheha u hlileng u sa e rateng. Litsebi li bolela hore har’a lintho tsa pele tse botsoang puisanong ea lipotso ea mosebetsi ke phihlelo ea mosebetsi ea nakong e fetileng le bolelele ba nako eo motho a e qetileng a sa sebetse. Hore ebe motho o ile a lula a sa sebetse ka nako e telele ke ntho e sa rateheng ho motho ea ka ’nang a u hira.
Motho eo ka bohlale a qetileng nako ea hae sekolong a fumana mahlale o na le monyetla o molemo oa ho fumana mosebetsi ka lekhetlo la pele. Alberto Majocchi, tichere ea lisaense tsa litaba tsa lichelete o re: “Ho hloka mosebetsi, ka ho khethehileng ho ama basebetsi ba se nang mahlale.”
Bohlokoa ba Tšehetso ea Maikutlo
Tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ke ho ba le boikutlo bo botle. Sena se ka etsa phapang pakeng tsa ho fumana mosebetsi le ho se o fumane. Batho ba hlokang mosebetsi ba ananela tšehetso ea maikutlo haholo, e leng e ba thusang hore ba qobe ho itšehla thajana kapa ho felloa ke thahasello. Hape e sebeletsa ho hlōla ho felloa ke boitlhompho bo ka bakoang ke ho ipapisa le ba bang ba ntseng ba le mesebetsing ea bona.
Ho khona ho phela ka chelete e fokolang ho ka ’na ha se be bonolo. Stefano o re: “Kaha ke ne ke tšoenyehile, ke ile ka thatafalloa ke ho sebelisa hamolemo nako eo ke neng ke e-na le eona.” Francesco oa hopola: “Boemo boo bo ile ba mpherekanya haholo, hoo ke ileng ka qala ho bona e meng ea metsoalle ea ka e ratehang e le molato.” Ke nakong ena moo ho hlokahalang tšehetso ea lelapa. Ho haella ha chelete ho hloka hore litho tsohle tsa lelapa li tenyetsehe le maemo e le hore li ka theola mokhoa oa bophelo. Franco, ea ileng a lelekoa mosebetsing ha a le lilemo li 43 ka mor’a ho sebeletsa k’hamphani e tšoanang ka lilemo tse 23, o re: “Ho tloha nakong eo ke neng ke lelekoa ka eona, mosali oa ka o ile a ba le maikutlo a nepahetseng ’me e ile ea e-ba mohloli oa khothatso e khōlō.” Armando o leboha mosali oa hae ka ho khethehileng bakeng sa “ho ba seli ha hae ho hoholo ha a reka mabenkeleng.”—Liproverbia 31:10-31; Matheu 6:19-22; Johanne 6:12; 1 Timothea 6:8-10.
Melao-motheo ea Bibele e ka re thusa hore re boloke moea o motle ’me re se ke ra lebala litekanyetso tsa bohlokoa haholoanyane. Batho bao Tsoha! e ileng ea buisana le bona ka lipotso, ba boletsoeng ka holimo, ba fumane khothatso e tšelisang Bibeleng. Sena se ba entse hore ba ikutloe ba le haufi-ufi le Molimo. (Pesaleme ea 34:10; 37:25; 55:22; Bafilippi 4:6, 7) Ho ba le kamano e haufi-ufi le Jehova Molimo ke habohlokoa ka ho fetisisa, hobane oa tšepisa: “Ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla.”—Baheberu 13:5.
Hore na motho ha a sebetse kapa che, Lentsoe la Molimo le khothaletsa hore motho a hlaolele litšoaneleho tse molemo bophelong ba letsatsi le letsatsi. Hase ho iketsahallang feela hore ebe ka linako tse ling Lipaki tsa Jehova lia batloa le ho ananeloa e le basebetsi ba tšepahalang. Li latela keletso ea Bibele ea ho ba mafolo-folo le ho tšepahala, e seng ho ba botsoa.—Liproverbia 13:4; 22:29; 1 Bathesalonika 4:10-12; 2 Bathesalonika 3:10-12.
Ho Lokoloha Khathatsong ea ho Hloka Mosebetsi
Ho na le sesosa seo e leng motheo oa ho hloka mosebetsi—boithati le meharo ea batho. Joalokaha Bibele e bolela, “motho o ’nile a busa motho e mong ka ho mo ntša kotsi.”—Moeklesia 8:9, NW.
Bothata ba ho hloka mosebetsi—le mathata a mang ka ho tšoanang—a tla rarolloa ka ho tlosoa ha puso ea batho, eo hona joale e leng ‘mehleng ea eona ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-3) Ho hlokahala lefatše leo ka sebele le leng lecha. E, lefatše leo ho lona mokhatlo oa batho o lokileng o ka phelang le ho sebetsa tlas’a puso e lokileng le e hlokang leeme, moo ho ke keng ha hlola ho e-ba le meharo. (1 Bakorinthe 6:9, 10; 2 Petrose 3:13) Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a ruta batho ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea Hae e etsoe lefatšeng.—Matheu 6:10.
Ha le hlalosa ka boprofeta ba ho felisoa ha mathata a mang a ka sehloohong a moloko oa batho, Lentsoe la Molimo le bolela liphello tsa ’Muso oo: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona. . . . ’Me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana, ’me ba lahleheloa ke bona kapele.” (Esaia 65:21-23) Haufinyane khathatso ea ho hloka mosebetsi e tla fella ruri. Haeba u ka rata ho tseba ka ho eketsehileng ka tharollo ea Molimo, ka kōpo ikopanye le Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! ea November 8, 1994, maqepheng a 12-14; August 8, 1991, maqepheng a 6-10; July 8, 1983, maqepheng a 21-3; le December 8, 1982, maqepheng a 3-8.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Ho Iketsetsa Mosebetsi Lapeng
• Ho sala le bana, ho hlokomela bana
• Ho rekisa meroho kapa lipalesa tse lenngoeng hae
• Ho rōka, ho lokisa liphahlo
• Ho sebetsa ka nakoana indastering ea bahlahisi
• Ho baka le ho lokisetsa lijo
• Ho etsa masela a koahelang bethe, ho loha ka koroche, ho loha ka mamao; ho etsa lileise, ho etsa lintho tsa letsopa; le mesebetsi e meng ea matsoho
• Ho koahela litulo ka masela
• Ho hlokomela libuka, ho thaepa, litšebeletso tsa k’homputha tsa lapeng
• Tšebeletso ea ho araba lithelefono
• Ho kuta le ho lokisa moriri
• Ho lokisetsa lijo kamehla
• Ho tlatsa liaterese lienfelopong le ho li faela bakeng sa baphatlalatsi
• Ho hlatsoa makoloi le ho a bentša (motho a tlisa koloi lelapeng la hao)
• Ho hlopha le ho koetlisa liphoofolo tsa lapeng
• Ho lokisa le ho etsa linotlolo (setsi sa ho lokisa lapeng)
• Liphatlalatso tsa boholo ba mesebetsi ena li ka etsoa ntle ho tefello kapa ka tefello e tlaase likoranteng tsa litaba tse rekoang mabenkeleng ka mafelo-beke kapa mamatjaneng a litsebiso a suphamakete
[Lebokose le leqepheng la 11]
Ho Etsa Mosebetsi Kantle ho Lapeng
• Ho sala le matlo (ha batho ba ile phomolong ’me ba batla hore malapa a bona a hlokomeloe)
• Ho hloekisa: litoro; liofisi; mahae le lifolete ka mor’a hore li hahuoe, ka mor’a ho cha, ka mor’a hore batho ba falle; mosebetsi oa lapeng (mahaeng a batho ba bang); lifenstere (tsa mabenkele le tsa malapeng)
• Ho lokisa: lisebelisoa tsa mefuta eohle (lilaebrari li na le libuka tseo ho leng bonolo ho li utloisisa mabapi le ho lokisa)
• Mesebetsi e iqapetsoeng: ho lokisa mabota a matlo; ho etsa lik’habothe, mamati, liheke; ho penta; ho kampetsa ka terata; ho rulela
• Mosebetsi oa temo: lijalo, ho kha litholoana
• Ho lokisa jarete le ho hlokomela limela: liofising, libankeng, litsing tsa mabenkele le liphasejeng, libakeng tsa kamohelo ea baeti
• Ho hlokomela thepa: bahloekisi ba mehaho, mookameli oa mehaho (ka linako tse ling ho akareletsa sebaka sa bolulo se sa lefelloeng)
• Inshorense, litša tsa mehaho
• Ho kenya lik’haphete, ho li hloekisa
• Ho tsamaisa likoranta (batho ba baholo le bana), litšebeletso tse ling tsa ho tsamaisa lintho: mamatjana a phatlalatso, litokomane tsa bo-’masepala
• Ho tsamaisa thepa, ho boloka thepa
• Ho lokisa mabala, ho faola lifate, ho kuta joang, ho ratha patsi
• Ho ba mokhanni oa bese ea sekolo
• Ho nka lifoto (litšoantšo le liketsahalo tsa sechaba)
• Ho etsetsa batšoasi ba litlhapi maraba a ho cheha
• Ho fapanyetsana mosebetsi: fapanyetsana mosebetsi oa ho lokisa koloi ka mosebetsi oa motlakase, ho rōka bakeng sa ho sebetsana le lipeipi tsa tsamaiso ea metsi, jj.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
“Bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esaia 65:22