Ithute ka “Nkokonono ea Morung” ea Indonesia
PHOOFOLO e ’ngoe ea tonanahali e ne e re shebile e itšoareletse lekaleng le bonahalang le le lesesaane haholo hore le ka jara ’mele oa eona o moholo. Re ile ra e sheba re tšohile. E ne e bonahala eka ha e tsotelle, empa re ne re hloletsoe. Re ne re eme re shebane le orangutan, e leng phoofolo e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng e phelang lifateng!
Li-orangutan ke mofuta oa litšoene tse khōlō, joaloka likorilla le lichimpanzi. Liphoofolo tsena tse bonolo, tse ratang ho itšehla thajana li phela merung e teteaneng ea Borneo le Sumatra, e leng lihlekehleke tse peli tse khōlō ka ho fetisisa Asia Boroa-bochabela. Lebitso lena le nkiloe mantsoeng a mabeli a Seindonesia, e leng orang le hutan, a bolelang “nkokonono ea morung.”
Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng ka litšoene tsee tse khubelu tse khōlō tse bileng li hlollang? Joale tsamaea le rōna ha re kenella ka hare ho Borneo, re etela sebakeng seo li phelang ho sona.
Re Ithuta ka Li-orangutan
E le hore re bone li-orangutan, re ile ra ea Phakeng ea Sechaba ea Tanjung Puting, e nang le liphoofolo tsa mefuta-futa. Li-orangutan tse likete tse phelang moo ke tsona tse hohelang batho haholo.
Leeto la rōna le ile la qala koung e nyenyane ea likepe e Kumai, moo re ileng ra palama seketsoana sa lehong se nang le enjene, se bitsoang klotok. Re ile ra nyolosa le nōka ’me ra kenella hare morung moo o ntseng o teteana le ho feta. Ho iphaphatha le nōka ho ne ho e-na le lifate tse teteaneng tsa palema ’me likoena tse kotsi li ne li laletse ka metsing a khutsitseng a matšo. Ho ne ho e-na le melumo e makatsang ka morung o re pota-potileng, e leng se ileng sa re thabisa.
Hang ha re tsoa ka seketsoaneng, re ile ra itlotsa ka moriana o lelekang likokoanyana ra ntan’o kena ka morung. Ka mor’a metsotso e seng mekae, re ile ra bona orangutan ea pele—e tona ea tonanahali e boletsoeng pejana. Boea ba eona bo makhisa, bo bofubelu bo ne bo phatsima joaloka koporo e bentšitsoeng ha e le letsatsing thapama. Litšika tsa eona tse koahetsoeng ke boea li ne li etsa hore e be ntle ka tsela e hlollang e le kannete!
Tse tona tse khōlō tse phelang naheng, li ka ba bolelele ba limithara tse 1,7 ’me tsa ba boima ba lik’hilograma tse ka bang 90, e leng boima bo kopolang ba tse tšehali ka makhetlo a mabeli. Tse tona tse hōlileng ka ho feletseng, li ba le marama a maholo, e leng se etsang hore li be le sefahleho se sephara. Li boetse li na le kolu, eo li e sebelisang ho lumela tlaase le ho rora. Ka linako tse ling li ka qeta metsotso e ka bang mehlano li etsa letoto la melumo e matla ’me motho a ka li utloa a le bohōle ba lik’hilomithara tse peli. Hase feela ho thoeng ke “khoeletso e telele”! Ka tloaelo tse tona lia rora e le hore li hohele tse tšehali le ho tšosa tse ling tse tona.
Li Phela Holimo Lifateng
Ha re ntse re tsamaea, re ile ra bona li-orangutan li ntse li qhomaka lifateng. Maoto a tsona le matsoho a matla, a khona ho etsa lintho tse ngata ebile ekare ke lihakisi—a na le menoana e melelele, menoana e metona ea matsoho e mekhutšoanyane le e meholo ea maoto. Li itšoareletsa habonolo makaleng ’me li tsamaea ka bokhabane le ka ho ikonka empa ha ho mohla li bonahalang eka li potlakile.
Li-orangutan li khona ho ikhakanya, kaha ho thata ho li bona ha li le holimo lifateng. Ha li le fatše li tsamaea butle; batho ba ka li siea habonolo.
Liphoofolo tsena li qeta hoo e ka bang bophelo bohle ba tsona li le holimo lifateng ’me ke tsona feela har’a litšoene tse khōlō tse etsang joalo. Hangata mantsiboea ha letsatsi le ea malikelong, li khetha makala a tiileng a fapakanang, ebe li rema makhasi a manyenyane li iketsetsa bethe e mabothobotho—e bophahamong ba limithara tse ka bang 20. E le hore li itšireletse puleng ka linako tse ling li etsa “marulelo,” e leng ntho eo lichimpanzi le likorilla li sa e etseng. Li nka metsotso e ka bang mehlano ho etsa sena sohle!
Lifateng ho boetse ho na le lijo tseo li-orangutan li li ratang haholo—e leng litholoana. Ha li lebale habonolo ’me li tseba hantle hore na ke neng le hore na ke hokae moo li ka fumanang litholoana tse butsoitseng. Li boetse li ja makhasi, makhapetla, lithunthung, mahe a linotši le likokoanyana. Ka linako tse ling li-orangutan li sebelisa lithupa ho ntša mahe a linotši kapa likokoanyana ka mekoting ea lifate. Ka kakaretso, li-orangutan li ja mefuta e fetang 400 ea lijo!
Ha re ntse re tsamaea, re ile ra bona ntho e ’ngoe e makatsang—li-orangutan li ne li ntse li ja libanana tse bokelletsoeng. Liphoofolo tsena li hōletse moo li neng li koalletsoe, eaba lia lokolloa hore li il’o phela naheng. Kaha li ne li sa tsebe ho ikhoantlella joaloka li-orangutan tsa naheng, li ne li fuoa lijo tse tlatsetsang tseo li iphumanelang tsona.
Bophelo ba Lelapa ba Li-orangutan
Re ile ra shebella ha malinyane a khahlang a ingoaparetse ka bo-’m’a ’ona ’me a maholoanyane a botoutu ’ona a ntse a bapalla fatše kapa lifateng. Li-orangutan tse tšehali li phela lilemo tse ka bang 45. Li ba boemong ba ho ba le malinyane ha li le lilemo li 15 kapa 16 ’me li ba le lelinyane ka mor’a lilemo tse ling le tse ling tse supileng kapa tse robeli. Ka tloaelo, orangutan ha e be le malinyane a fetang a mararo bophelong. Sena se etsa hore e be e ’ngoe ea liphoofolo tse anyesang tse bang le malinyane a fokolang ka ho fetisisa.
Maqhama a ba teng pakeng tsa ’mè le lelinyane le sa tsoa tsoaloa e ba a matla ka tsela e hlollang. Li-orangutan tse tšehali li anyesa malinyane le ho a koetlisa ka lilemo tse robeli kapa ho feta. Lelinyane le qeta selemo sa pele le sa arohane le ’m’a lona. Ka mor’a moo, le lula haufi le ’m’a lona ho fihlela lelinyane le leng le hlaha. Lelinyane le leholoanyane le letšehali le ka ’na la shebella kamoo ’m’a lona a hlokomelang le sa tsoa tsoaloa kateng.
Leha ho le joalo, malinyane a matona a hōlileng, bo-’m’a ’ona ba a tebela hang ka mor’a hore lelinyane le leng le tsoaloe. Joale a tla solla sebakeng sa lisekoere k’hilomithara tse ka bang 15 kapa ho feta ka morung a le mang. Li qoba ho kopana le tse ling tse tona ’me li kopana le tse tšehali feela ha li tl’o tlōlela.
Ka tloaelo tse tšehali li qeta bophelo bohle ba tsona li le sebakeng se senyenyane. Ka linako tse ling, li ja le tse ling tse tšehali sefateng se le seng, leha ho le joalo ha li etse botsoalle. Ho phela ha li-orangutan li itšehlile thajana ho etsa hore e be mofuta o ikhethang oa litšoene. Empa e le hore re ithute ho eketsehileng ka “nkokonono ea morung,” re ile ra lokela ho etela sebakeng se seng hape.
Litšoene Tse Kotsing ea ho Fela
Ka phakeng eo ea sechaba ho na le Kampo ea Leakey—e leng setsi sa kokelo ea li-orangutan, se etsang liphuputso ka tsona le ho li sireletsa, se reheletsoeng ka Louis Leakey e leng setsebi sa thuto e mabapi le batho. Ha motho a le moo, o bona li-orangutan ka bongata. Tse ling li ile tsa atamela haufi le rōna ’me tsa ema ka makoko kapa tsa re bontša bokhoni ba tsona. E ’ngoe e hōlileng e tšehali e ile ea ba ea nka baki ea motsoalle oa ka! Re ne re hloletsoe ke ho atamela haufi hakaalo ho liphoofolo tsena tse ntle.
Empa Kampo ea Leakey e fana ka temoso e tebileng. Li-orangutan li kotsing ea ho fela. Litsebi tse ling tsa tikoloho li re ha ho bonahale eka tse naheng li tla phela nako e telele hakaalo—mohlomong li tla phela lilemo tse leshome kapa ka tlaase ho moo. A re hlahlobe lintho tse tharo tse ka sehloohong tse li behileng kotsing.
Ho rema lifate. Hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea sebaka seo li-orangutan li phelang ho sona e ’nile ea fela lilemong tse 20 tse fetileng. Indonesia e senyeheloa ke moru oa lisekoere k’hilomithara tse 51 ka karolelano letsatsi ka leng, e leng hoo e ka bang mabala a mahlano a bolo ea maoto ka motsotso.
Ho li tsoma ho seng molaong. Ha batho ba ntse ba senya meru, li-orangutan li pepesehela litsomi. Lehata la orangutan le rekisoa R530 khoebong e seng molaong e le sehopotso. Batho ba bang ba nka hore li-orangutan li qeta limela. Ba bang baa li bolaea e le hore ba li je.
Ho li rekisa e le liphoofolo tse ruuoang lapeng. Khoebong e seng molaong, lelinyane le letle la orangutan le ka rekisoa ka liranta tse makholo a seng makae ho isa ho tse likete tse mashome. Ho hakanngoa hore ho rekisoa malinyane a ka bang sekete a li-orangutan selemo le selemo.
Mebuso le mekhatlo e ikemetseng e leka ka matla ho sireletsa li-orangutan hore li se ke tsa fela. Har’a tse ling e leka ho theha litsi tsa kokelo, ho hlokomelisa batho ka mananeo a thuto, ho etsa liphaka tsa sechaba le libaka tse sirelelitsoeng, esita le ho thibela ho rengoa ha lifate ho seng molaong.
Bibele e bolela hore haufinyane Molimo o tla “felisa ba senyang lefatše” ’me a fetole lefatše lohle paradeise. (Tšenolo 11:18; Esaia 11:4-9; Matheu 6:10) Ka nako eo, mantsoe a mopesaleme a tla phethahala, a reng: “Lifate tsohle tsa moru li ke li tlerohe ka thabo.” (Pesaleme ea 96:12) Liphoofolo—tse kang orangutan, e leng “nkokonono ea morung” ea Indonesia—li tla atleha, ho se na batho ba sokelang ho li felisa.
[’Mapa o leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MALAYSIA
Borneo
INDONESIA
Sumatra
AUSTRALIA
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
E tona ha e se e le khōlō e ba le marama a maholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© imagebroker/Alamy
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Li-“orangutan” li tsamaea ka bolokolohi ha li le lifateng empa li tsamaea butle ha li le fatše
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Top: © moodboard/Alamy; bottom: Orangutan in the Camp Leakey of Tanjung Puting National Park, managed by BTNTP, UPT Ditjen PHKA Dephut
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]
Orangutan in the Camp Leakey of Tanjung Puting National Park, managed by BTNTP, UPT Ditjen PHKA Dephut
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Orangutan in the Camp Leakey of Tanjung Puting National Park, managed by BTNTP, UPT Ditjen PHKA Dephut