Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/10 leq. 21
  • Lebitso la Molimo Lea Tsebahatsoa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Molimo Lea Tsebahatsoa!
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso la Molimo
    Tsoha!—2017
  • Kamoo U ka Tsebang Molimo ka Lebitso
    Tsoha!—2004
  • A4 Lebitso la Molimo Mangolong a Seheberu
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Lebitso la Molimo ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 7/10 leq. 21

Lebitso la Molimo Lea Tsebahatsoa!

● Ha u tsamaea Sehlekehlekeng se setle sa Orleans, se haufi le Quebec City, Canada, u bona kamoo baahi ba moo ba pele e neng e le balumeli kateng. Ka thōko ho tsela e likolohang sehlekehleke seo, batho ba ntse ba ka bona matlo a thapelo a tummeng historing, a ba hopotsang lintho tse neng li etsahala mehleng e fetileng ’me pharishe ka ’ngoe e na le kereke ea eona.

Motseng oa Saint-Pierre, ho na le kereke ea mahaeng e hahiloeng khale ka ho fetisisa Quebec, ka 1717. Hona joale ka mohahong oo, ho na le ntho e ’ngoe e ikhethang. Ka holim’a aletare ho ngotsoe litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng, Jehova.

Kajeno ke ntho e sa tloaelehang ho utloa ho bitsoa lebitso la Molimo ka kerekeng ea K’hatholike, re se re sa re letho ka ho le bona le ngotsoe. Ha e le hantle, tokomane e phatlalalitsoeng ke Vatican ka 2008 e boletse hore mopapa o laetse hore lebitso la Molimo “le se ke la sebelisoa kapa la bitsoa” litšebeletsong tsa bolumeli, lifeleng kapa lithapelong tsa K’hatholike. Empa Bibele e bontša ka ho hlaka hore Jehova Molimo o batla hore lebitso la hae “le boleloe lefatšeng lohle.”—Exoda 9:16.

Lipaki Tsa Jehova li nka hore Molimo ha a khahlisoe feela ke hore ho ngoloe lebitso la hae maboteng a mehaho. Selemo le selemo, li qeta lihora tse fetang libilione tse 1,5 li ruta batho lebitso la Molimo le merero ea hae, lefatšeng ka bophara. Li bile li khutliselitse lebitso la Molimo, Jehova, sebakeng sa lona se loketseng. Bibele eo li e hatisang—e leng Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—e latetse ka botšepehi se ngotsoeng lipuong tsa pele, moo lebitso Jehova le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000. Ho fihlela joale, ho se ho hatisitsoe likopi tse fetang 165 000 000 tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e feletse kapa e sa fella, ka lipuo tse 83. Ka sebele, ha ho tluoa tabeng ea lebitso la Molimo, Jehova, ha rea lokela ho ipotsa hore na, Re na le mabaka afe a ho le sebelisa empa hore na, Re na le mabaka afe a ho se le sebelise?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Phetolelo ea Lefatše le Lecha eo ho eona lebitso Jehova le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000, e hatisoa e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse 83

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela