Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/10 maq. 23-25
  • “Nonyana e Khōlō ka ho Fetisisa ho Tse Fofang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Nonyana e Khōlō ka ho Fetisisa ho Tse Fofang”
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela eo Nonyana ea Wandering Albatross e Fofang ka Eona
    Tsoha!—2013
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2014
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2013
  • U “Entsoe ka Mokhoa o Hlollang”!
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 7/10 maq. 23-25

“Nonyana e Khōlō ka ho Fetisisa ho Tse Fofang”

ALBATROSS e ’nile ea hlalosoa e le “nonyana e khōlō ka ho fetisisa ho tse fofang Lefatšeng” ’me e le ka lebaka le utloahalang. Nonyana ena e khōlōhali ea leoatleng e bophara ba limithara tse tharo ha e phukalalitse mapheo, ’me e khona ho fofa lik’hilomithara tse fetang 115 ka hora. Albatross e ka ’na ea bonahala e makatsa ha e le fatše, empa ha e le moeeng e ntle ka tsela e hlollang.

Mefuteng e ka bang 20 e tsebahalang ea li-albatross, e ka bang 15 e fumaneha metsing a leoatle a haufi le New Zealand. Sebaka feela seo li qhotsetsang ho sona Karolong e ka Boroa ea Lefatše ke Taiaroa e Hloahloeng ea Otago, Sehlekehlekeng sa Boroa, New Zealand.

Moo li-albatross li qala ho behela ha li le lilemo li tšeletseng ho isa ho leshome. Li tsoela pele ho behela bophelo bohle ba tsona, ’me li phela nako e telele. Tse ling li phela lilemo tse fetang 50! Albatross e behela lehe le le leng ka mor’a lilemo tse peli ’me selemo se lipakeng e se qeta e le leoatleng. Ka tloaelo, nonyana ena e qeta bophelo bohle ba eona le molekane a le mong.

Albatross e tona le e tšehali li thusana ho haha sehlaha, ’me li qala ho se haha ka September. Ebe ka November, e tšehali e behela lehe le boima ba ligrama tse ka bang 500. E tona le e tšehali li qeta matsatsi a ka bang 80 li ntse li chenchana ho alama lehe leo, ho fihlela le qhotsoa mathoasong a February. Ka mor’a moo, li chenchana ho hlokomela lelinyane le ho le fepa ka litlhapi le li-squid tse tsoang ka mpeng. Lelinyane le likhoeli li tšeletseng le ka ba boima ba lik’hilograma tse 12—bo fetang hōle ba albatross e khōlō!

Ka mor’a nako e ka etsang selemo, linonyana tseo li tloha Taiaroa, ’me li qeta selemo li le leoatleng pele li khutla ho tla behela. Ka nako eo, lelinyane le tlhotlehileng mafura le ho hlomela masiba ka ho feletseng le ithuta makhobonthithi a ho phukalatsa mapheo le ho fofa. Ha le tloha moo le ea hokae? Le ea leoatleng moo le tla qeta lilemo tse seng kae teng. Ka mor’a moo le tla khutlela Taiaroa. Ha le le moo, le tla qeta nako le itlhoekisa, le bapala le bile le bontša bokhoni ba lona ba ho fofa, ha linonyana tse khōlō tsona li phathahane li haha lihlaha li bile li hlokomela malinyane.

[Lebokose le leqepheng la 25]

RE ETELA LI-ALBATROSS

Ho tloha bongoaneng, ke ’nile ka khahloa ke lipale tsa li-albatross, kahoo ke ne ke lebeletse ka tjantjello ho etela sebakeng seo li fumanehang ho sona. Letsatsing leo moea o ne o le mongata ’me ha re atamela, ’na le motho eo ke tsamaeang le eena re ile ra qamaka holimo e le hore re bone li-albatross. Ha rea ka ra soetseha. Linonyana tseo li ile tsa hlahella, ’me ra tsota litsebi tsena tse tummeng tsa ho fofa!

Ha re fihla, re ile ra kopana le baeti ba bang eaba re bontšoa sebaka seo ka nako e etsang hora. Re ile ra etsetsoa mehlala, ra bontšoa litšoantšo le livideo ’me ra ithuta hore linonyana tsena li etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe leoatleng, esita le ho robala ka metsing! Nonyana ena e hlollang ea tsoteha, ho sa tsotellehe hore na e ka metsing kapa e moeeng—e leng le leng la mabaka ao batho ba lokelang ho rorisa Jehova Molimo ea ‘bōpileng lintho tsohle!’—Tšenolo 4:11.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

E tona le e tšehali lia chenchana ho hlokomela lelinyane, le ka bang boima ba lik’hilograma tse 12 ha le le likhoeli li tšeletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Taiaroa ke lehae la li-“albatross”

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Li-“albatross” li ka etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe leoatleng—esita le ho robala ka metsing

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 23]

Top: © David Wall/Alamy; bottom: © Kim Westerskov/Alamy

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 25]

Background: © davidwallphoto.com; page 24, top: Tui De Roy/Roving Tortoise Photos; page 24, bottom: Courtesy Diarmuid Toman; page 25, albatross in flight: © Naturfoto-Online/Wolfgang Bittmann

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela