Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/14 leq. 3
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • United States
  • Lefatše
  • Sehlekehleke sa Midway
  • Afrika Boroa
  • “Nonyana e Khōlō ka ho Fetisisa ho Tse Fofang”
    Tsoha!—2010
  • Tsela eo Nonyana ea Wandering Albatross e Fofang ka Eona
    Tsoha!—2013
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
  • Ke’ng se ka Etsoang—Ha Bana ba le Batenya?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 4/14 leq. 3

TSA MONA LE MANE

United States

Liroboto tse setiloeng ka tsela e tšoanang toropong e khōlō

Toropo ea Los Angeles, California, e setile liroboto tsohle tsa eona tse ka bang 4 500 hore li sebetse ka tsela e tšoanang e le hore likoloi li lule li tsamaea, ho qoba sephethephethe. Ho ea ka koranta ea The New York Times, Los Angeles ke “toropo e khōlō ea pele lefatšeng ea ho etsa joalo.”

Lefatše

Ha ho ne ho etsoa tlhahlobo lefatšeng lohle, ho fumanoe hore palo ea batho ba batenya haholo e nyolohile ka liphesente tse 82 pakeng tsa 1990 le 2010. Botenya bo bolaea batho ba bangata haholo ho feta ba bolaoang ke khaello ea phepo e nepahetseng—le hoja ho se fumane lijo tse lekaneng e ntse e le bothata linaheng tse ngata. Majid Ezzati, e leng e mong oa bafuputsi ba ka sehloohong o re: Ha e le hantle “lilemong tse 20 tse fetileng batho ba ne ba se na lijo tse lekaneng, empa hona joale ho na le lijo tse ngata tse se nang phepo e nepahetseng—esita le linaheng tse futsanehileng, ’me lijo tsena lia re kulisa.”

Sehlekehleke sa Midway

Nonyana e bitsoang Laysan albatross

Nonyana e bitsoang Laysan albatross, e tsebahalang e le “nonyana e hlaha e phetseng nako e telele ka ho fetisisa lefatšeng,” e boetse e qhotsitse tse ling tsa litsuonyana tsa eona tse ngata. E lilemo li kae? Ka 1956, ha bo-rasaense ba ne ba e tšoaea ka ho e kenya lebanta, e ne e ka ba lilemo li hlano, e leng se bolelang hore hona joale e na le lilemo tse fetang 60. Haesale e phela, nonyana ena e se e fofile boholo ba lik’hilomithara tse limilione tse pakeng tsa tse tharo le tse ’nè, e leng leeto le lekanang le la ho ea khoeling ka makhetlo a mane ho isa ho a tšeletseng.

Afrika Boroa

Mosali oa Afrika Boroa o itlotsa sefahleho ka setlolo se soeufatsang letlalo

Phuputso e ’ngoe e bontša hore hoo e ka bang mosali a le mong ho ba bararo Afrika Boroa, o sebelisa sesepa le litlolo tse soeufatsang letlalo. Lintho tsena li kotsi ’me li thibetsoe linaheng tse ling. Har’a likotsi tseo li li bakang ke mefuta e fapaneng ea kankere, li senya liphio, li baka khatello ea maikutlo, ho khathatseha, makhopho le mabali.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela