Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 12/8 maq. 4-7
  • Bana ba Tlokotsing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bana ba Tlokotsing
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mafu
  • Khaello ea Phepo e Nepahetseng
  • Mathata a Tikoloho
  • Ntoa
  • Tšoaro e Mpe ea Bana
  • Lintho tse Tlang Pele
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
  • Letšolo le Tsoelang Pele la ho Batla Tharollo
    Tsoha!—2000
  • Lisosa Tse Metseng ka Metso, Liphello Tse Tebileng
    Tsoha!—2003
  • Ho Thusa Bana ho Lula ba Phela!
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 12/8 maq. 4-7

Bana ba Tlokotsing

Moshemane ea lilemo li 12 o sebetsa ka thata lihora tse 11 ka letsatsi a thuha mafika koaring India. O amohela R2,30 ka letsatsi.

Ngoanana oa lilemo tse leshome o bapatsa ka ’mele oa hae ntlong ea botekatse Bangkok. Ha a moo hobane a rata. Ntate oa hae o ile a mo rekisa ka R1 100.

Mohlankana eo e leng lesole ea lilemo li leshome o sebetsa thibellong ea tseleng moo ho phenyekolloang makoloi a fetang naheng ea Afrika. Sethunya sa morathatha se leketlile lehetleng la hae; o khanna nako ka ho tsuba matekoane.

MAEMO a joalo a tloaelehile haholo lichabeng tsa linaha tse fokolang moruong. Bana ba leng tlokotsing ba baloa ka limillione. Ba limillione tse supileng baa kula likampong tsa baphaphathehi; ba limillione tse 30 ba lelera literateng ka baka la ho hloka mahae; ba limillione tse 80 ba mahareng a lilemo tse 10 le 14 ba sebetsa ka thata mesebetsing e kotsi khōlong ea bona e tloaelehileng; ’me ba fetang limillione tse 100 ba talimane le lefu leshomeng lena la lilemo ka baka la khaello ea lijo, metsi a hloekileng le tlhokomelo ea bophelo bo botle.

Ak’u nahane ka mathata a seng makae ao bana ba talimaneng le ’ona lefatšeng lohle.

Mafu

Bana ba ka bang 8 000 baa shoa letsatsi le leng le le leng hobane ba sa enteloa mafu a kang ’maselese le mokhokhothoane. Ba eketsehileng ba 7 000 baa shoa letsatsi le leng le le leng hobane batsoali ba bona ba sa tsebe ho sebetsana le bothata ba ho felloa ke metsi ’meleng bo bakoang ke letšollo. Letsatsi le leng le le leng bana ba bang ba 7 000 baa shoa hobane ba sa fuoe lithibela tšoaetso tseo theko ea tsona e leng ranta feela bakeng sa ho thibela tšoaetso ea matšoafo.

Ka lilemo-lemo meriana le liphekolo li ’nile tsa fumaneha bakeng sa ho thibela kapa ho phekola mafu ana a mangata a ’nileng a hlasela lelapa la batho. Empa ha li e-s’o finyelle ho batho ba limillione ba li hlokang. Ka baka leo, lilemong tse 20 tse fetileng, bana ba ka bang limillione tse lekholo ba ile ba bolaoa ke letšollo le bohloko ba matšoafo feela. UNICEF’s State of the World’s Children 1990 e ile ea tletleba ka ho re: “Ho tšoana le hoja ho qetella ho fumanoe pheko bakeng sa kankere empa ho sebelisitsoe e fokolang ka lilemo tse 20.”

Ho ile ha etsoa tsoelo-pele ho sa tsotellehe boemo bo mahlonoko. Ka mohlala, UNICEF le WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]) li qalile letšolo le matla la ho enta. Ka 1991 ho ile ha tsebisoa hore karolo ea 80 lekholong ea bana ba lefatše e ne e se e entiloe bakeng sa mafu a tšeletseng a ka thibeloang ka ente—’maselese, tetanus, ’metso o mosoeu, polio, lefuba le mokhokhothoane. Hammoho le boiteko bo tšoanang ba ho laola bohloko ba letšollo, sena se feletse ka hore ho pholosoe bophelo ba bana ba limillione tse ngata selemo se seng le se seng.

Empa lilemong tsa morao tjena lefu le leng hape—AIDS—le ile la bonahala le sokela esita le ho senya tsoelo-pele eohle e entsoeng Afrika bakeng sa ho pholoha ha bana lilemong tse leshome tse fetileng. Lilemo tse leshome tsa bo-1990, bacha ba ka bang limillione tse 2,7 ba ka ’na ba bolaoa ke AIDS Afrika feela. Ka selemo sa 2000, bana ba bang ba limillione tse tharo ho isa ho tse hlano Afrika Bohareng le Bochabela mohlomong e tla ba likhutsana hobane batsoali ba bona ba bolailoe ke AIDS.

Khaello ea Phepo e Nepahetseng

Kaofela ha rōna re tloaelane le lifoto tse utloisang bohloko tsa bana ba bolaoang ke tlala bao e seng e le masapo feela, ba nang le limpa tse khōlō ba bile ba hobotse mahlo a lerootho. Bacha bao ba hlomolang pelo e mpa feela e le mohlala oa bothata ba khaello ea phepo e nepahetseng. Hohle linaheng tse fokolang moruong, bana ba ka bang ba limillione tse 177—ngoana a le mong ho ba bararo—o robala ka lephako. Lenane la bona le ntse le eketseha.

Khaello ea phepo e nepahetseng e sa khaotseng e thibela likelello le ’mele ea bona ho finyella matla a feletseng. Bana ba bangata ba haelloang ke phepo e nepahetseng baa fokola, ha ba na matla, mahlo a bona a borokoana ebile ha ba na boikutlo. Ba bapala hanyenyane le ho ithuta ka mokhoa o lenama haholoanyane ho feta bana ba fepehileng hantle. Ba boetse ba tšoaetsoa ke mafu habonolo e leng sesosa se seholo se tlatsetsang ho seo e ka bang karolo ea boraro ea mafu a bana ba limillione tse 14 linaheng tse fokolang moruong selemo se seng le se seng.

Joalokaha saense ea mehleng ea joale e entse meriana e loantšang mafu, e boetse e nolofalitse tlhahiso ea lijo tse ngata haholo bakeng sa ho fepa motho e mong le e mong lefatšeng. Empa ha ho litharollo tse potlakileng tsa khaello ea phepo e nepahetseng. Khaello ena e ke ke ea felisoa ka lithomello tsa lijo kapa lipilisi tsa livithamine. Sesosa sa sena ke bofutsana bo sa feleng, ho hloka tsebo ho jeleng setsi, metsi a silafetseng, maemo a litšila le khaello ea sebaka sa temo libakeng tse thefutsoeng ke bofutsana.

Mathata a Tikoloho

Ha bothata ba lefatše lohle ba tikoloho bo ntse bo teba haholoanyane, ke bana ba hlaseloang habonolo ka ho fetisisa. Nahana ka tšilafalo ea moea. Ngoana ea phomotseng ea ka tlaase ho lilemo tse tharo o phefumoloha moea o menang oo motho e moholo ea phomotseng a o phefumolohang ka makhetlo a mabeli. Kaha liphio, libete le litsamaiso tsa li-enzyme tsa bana li e-s’o hōle ka ho feletseng, ha li e-s’o tsebe ho hloekisa litšila hantle joaloka tsa batho ba baholo.

Kahoo bana ba tšoenyeha haholo ho feta batho ba baholo ka baka la tšilafalo e bakoang ke metsoako ea chefu ea loto e leng petroleng le ligaseng tse kang carbon monoxide, li-nitric oxide le sulfur dioxide. Tlhaselo ena e tlatsetsa ka ho tobileng lefung la bana ba fetang limillione tse 4,2 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba bolaoang ke lefu la matšoafo selemo se seng le se seng linaheng tse fokolang moruong. Baphonyohi ba bangata ba hōla ba tšoeroe ke lefu la matšoafo le ba tšoenyang bophelo bohle ba bona.

Kaha bana ba sa ntse ba hōla ’meleng, ba boetse ba hlaseloa ke liphello tsa khaello ea phepo e nepahetseng ho feta batho ba baholo. Linaheng tse ngata, bana ke bona ba lahleheloang haholo ha meru e ntse e fokotseha, mahoatata a eketseha le mobu oa libakeng tse sebelisitsoeng ka ho feteletseng o hoholeha ’me o hlahisa lijo tse fokolang. Afrika feela bana ba ka bang limillione tse 39 ba lieha ho hōla ka baka la khaello ea phepo e nepahetseng.

Se mpefatsang bothata bona hape ke khaello ea metsi a loketseng. Hohle linaheng tse fokolang moruong, ke feela halofo ea bana e fumanang metsi a nooang a hloekileng ’me hape ke ba ’maloa ba nang le matloana.

Ntoa

Nakong e fetileng, mahlatsipa a mangata a ntoa e ne e le masole. Ha ho sa le joalo hona joale. Ho tloha nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, karolo ea 80 lekholong ea batho ba limillione tse 20 ba bolailoeng le ba limillione tse 60 ba tsoileng likotsi liqhoebeshanong tse fapa-fapaneng e ne e le baahi—boholo e ne e le basali le bana. Ka nako e ’ngoe lilemong tsa bo-1980, bana ba 25 Afrika ba ne ba shoa hora e ’ngoe le e ’ngoe ka baka la liqhoebeshano tse joalo! Bana ba se nang palo ba bolailoe, ba tsoile likotsi, ba lahliloe, ke likhutsana kapa ba koetetsoe.

Hona joale bana ba limillione ba hōlelang likampong tsa baphaphathehi hangata ba pateloa boitsebiso mabapi le semelo sa bona, ba bile ba tingoa lijo, ha ba fuoe tlhokomelo ea bophelo bo botle le thuto. Ba bangata ba thatafalloa ho fumana tsebo e tla etsa hore ba fumane mosebetsi sechabeng.

Empa bana hase bahlaseluoa ba lintoa feela; hape baa loana lintoeng. Lilemong tsa morao tjena bacha ba 200 000 ba ka tlaase ho lilemo tse 15 ba ’nile ba thaothoa, ba hlomelloa le ho koetlisetsoa ho bolaea. Har’a bona ho bile le ba ileng ba shoa kapa ba khaoha matsoho le maoto ha ba ntse ba phetha litaelo tsa ho tsamaea litselaneng tse bulehileng le ho haola liphasejeng tse tletseng liqhomane.

Tšoaro e Mpe ea Bana

Hohle linaheng tse fokolang moruong, bofutsana bo etsa hore batsoali ba rekise bana ba bona ka chelete e nyenyane haholo bakeng sa ho felisa tlala le ho lefa likoloto tsa bona. Ho etsahala eng ka bana baa? Ba bang ba qobelloa ho ba matekatse kapa ho ba makhoba mabenkeleng a litšila ao ho ’ona basebetsi ba sebetsang lihora tse telele ba amohelang chelete e fokolang ebile ba sebetsa tlas’a maemo a mabe. Ba bang ba rekisoa hape ka chelete e ka bang R27 500 ke bo-rakhoebo kapa mekhatlo ea Bophirimela e nkang bana.

Bopaki bo bontša hore botekatse ba bana bo ntse bo eketseha ’me bo akarelletsa bana ba banyenyane haholo, bashemane le banana. Ho nahanoa hore Brazil feela ho na le bacha ba ka holimo ho lilemo tse 20 ba 500 000 bao e leng matekatse. Bootsoa ba bana bo boetse bo jele setsi kaha bo tšehetsoa ke ho fumaneha habonolo ha thepa ea video.

Lintho tse Tlang Pele

Ho thata ho utloisisa bohloko le tsieleho tse bakoang ke lipalo-palo tsena. Ka bomalimabe, re ke ke ra utloisisa bohloko boo batho ba limillione kapa ba likete ba bo utloang. Leha ho le joalo, ba bangata ho rōna re hlokomela kamoo e leng ntho e sehlōhō ka teng ho shebella ho utloa bohloko kapa lefu la ngoana a le mong feela—e leng motho ea nang le botho ba hae bo khethehileng, sephefumolohi sa bohlokoa ho Molimo, motho ea nang le tokelo ea ho phela e lekanang le ea motho e mong le e mong.

Ba sa senye nako e ngata ba nahana ka potso e utloisang bohloko ea hore na ke hobane’ng ha boemo ba bana bo le tjena hona joale, baeti ba tlileng Sebokeng sa Lefatše Mabapi le Bana ba buile ka kholiseho ka bokamoso ’me ba itlama hore boemo bona bo ke ke ba hlola bo lumelloa ho tsoela pele. ‘Morero oa bona oa ho Nka Khato’ har’a lintho tse ling o ile oa ikemisetsa ho finyella lipakane tse latelang ka selemo sa 2000:

◻ Ho fokotsa karolo ea boraro ea bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba shoang ka 1990.

◻ Ho fokotsa khaello e feteletseng le e itekanetseng ea phepo e nepahetseng har’a bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano hore e fihle halofong ea litekanyo tsa 1990.

◻ Ho etsa hore metsi a hloekileng a nooang le matloana li fumanehe lefatšeng lohle.

◻ Ho sireletsa bana maemong a thata ka ho fetisisa, haholo-holo maemong a qhoebeshano eo ho eona ho sebelisoang libetsa.

Ho hakanngoa hore litšenyehelo tse eketsehileng tsa mananeo a thuto a ka etsang hore ho finyelloe lipakane tsa ho thibela mafu a bana ba limillione tse 50 lilemong tsa bo-1990 e ka ba liranta tse limillione tse likete tse 6,9 ka selemo.

Eo hase chelete e ngata boemong ba lefatše lohle. Ka selemo lik’hamphani tsa Amerika li sebelisa chelete e ka bang liranta tse limillione tse likete tse 6,9 liphatlalatsong tsa sakerete. Ka letsatsi lefatše le sebelisa liranta tse limillione tse likete tse 6,9 sesoleng.

Hona joale Machaba a Kopaneng—a lekanyetsa litšenyehelo tsa sesole ho chelete e fetang liranta tse limillione tse likete tse 3 selemo le selemo—’me chelete ena e feta kakaretso ea meputso ea selemo le selemo ea halofo ea batho ba futsanehileng ka ho fetisisa. Esita le phapang ea karolo ea 5 lekholong ea chelete ena e ngata e ne e tla lekana bakeng sa ho potlakisa tsoelo-pele tabeng ea ho finyella lipakane tsa seboka sena. Ka mohlala, theko ea sefofane se le seng sa ntoa sa jet sa F/A-18 (e ka holimo ho liranta tse limillione tse 83) e lekana le theko ea moriana oa ente o ka sireletsang bana ba limillione tse 400 mafung a bolaeang.

Lichaba li khona ho finyella lipakane tse laba-labeloang tse boletsoeng sebokeng. Li na le tsebo, theknoloji le chelete. Potso ea sala: Na li tla etsa joalo?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho Loantša Khaello ea Phepo e Nepahetseng

Lintlha tse Tšeletseng Tseo Batsoali ba Lokelang ho li Tseba

1. Lebese la ’mè ke lona feela sejo se molemo ka ho fetisisa likhoeling tsa pele tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng tsa bophelo ba ngoana. Le fana ka phepo eohle e ntle le ho sireletsa ngoana litšoaetsong tse tloaelehileng.

2. Ha ngoana a na le likhoeli tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng, o hloka lijo tse ling. Ho mo neha lijo tse tiileng esale pele ho eketsa likotsi tsa tšoaetso; ho mo neha tsona hamorao haholo ho ka fella ka khaello ea phepo e nepahetseng.

3. Ngoana ea ka tlaase ho lilemo tse tharo o lokela ho ja ka makhetlo a menang ao motho e moholo a jang ka ’ona habeli, ’me a fuoe litekanyetso tse nyenyane tsa lijo tse fanang ka matla.

4. Ngoana a se tingoe lijo kapa lino ha a kula kapa a tšolla.

5. Ka mor’a ho kula ngoana o hloka lijo tse eketsehileng ka letsatsi bakeng sa beke ho finyella khōlo e lahlehileng.

6. Ho hlahlamisa ngoana e mong le e mong ka mor’a lilemo tse peli hoa hlokahala bakeng sa phepo e ntle e tlisang bophelo bo botle ho ’mè le ngoana.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Source: United Nations Children Fund

UNICEF/C/91/ Roger Lemoyne

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ke feela halofo ea bana ba lefatše ba linaha tse fokolang moruong ba fumanang metsi a nooang a hloekileng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

UNICEF/3893/89/ Maggie Murray-Lee

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ngoana e mong le e mong, hammoho le botho ba hae bo khethehileng, ke oa bohlokoa ho Molimo ’me o na le tokelo ea ho phela e lekanang le ea motho e mong le e mong

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Photo: Cristina Solé/Godo-Foto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela