Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 12/8 maq. 3-5
  • Letšolo le Tsoelang Pele la ho Batla Tharollo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letšolo le Tsoelang Pele la ho Batla Tharollo
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Sohle e ne e Mpa e le Feela “Motlae o Utloisang Bohloko”?
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
  • Ponahalo ea ha U le Mokatong oa Bo29
    Tsoha!—1998
  • Bana e Tlameha ho ba ba Hlokoang le ba Ratoang
    Tsoha!—2000
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 12/8 maq. 3-5

Letšolo le Tsoelang Pele la ho Batla Tharollo

HO TLOHA ha o thehoa feela, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ’nile oa thahasella bana le mathata a bona. Bofelong ba 1946, o ile oa theha United Nations International Children’s Emergency Fund (UNICEF) e le mohato oa nakoana oa ho hlokomela bana libakeng tse harasantsoeng ke ntoa.

Ka 1953 thuso ena ea linakong tsa tšohanyetso e ile ea fetoha mokhatlo oa ka ho sa feleng. Le hoja hona joale o tsejoa ka molao e le United Nations Children’s Fund, o ntse o sebelisa litlhaku tse qalang tsa mantsoe tseo pele o neng o tsejoa ka tsona, UNICEF. Kahoo, ka nako ea lilemo tse fetang 50, UNICEF e ’nile ea fa bana lefatšeng lohle lijo, liaparo le meriana ’me e ’nile ea leka ho hlokomela litlhoko tsa bana ka kakaretso.

Litlhoko tsa bana li ile tsa etsoa tse hlaheletseng haholoanyane ka 1959 ha Machaba a Kopaneng a amohela Phatlalatso ea Litokelo tsa Ngoana. (Bona lebokose, leqepheng la 5.) Ho ne ho tšepiloe hore tokomane ena e ne e tla etsa hore ho thahaselloe mathata a bana ’me e thuse ho a rarolla ka ho khothalletsa sechaba hore se tšehetse ka lichelete le ka litsela tse ling.

Empa ho ea ka 1980 Year Book ea Collier, “lilemo tse mashome a mabeli hamorao, ‘litokelo’ tsena—haholo-holo tse amanang le phepo, bophelo bo botle ba ’mele le katleho ea lintho tse bonahalang—li ne li ntse li e-s’o fumanoe ke boholo ba bana ba lefatše ba limilione tse likete tse 1,5.” Kahoo e le ha Machaba a Kopaneng a ela hloko tlhokahalo e ntseng e tsoela pele ea ho rarolla mathata a bana, ’me e le tumellanong le lipakane tsa ’ona tse phatlalalitsoeng, a ile a khetha selemo sa 1979 e le Selemo sa Machaba sa Ngoana. Lihlopha tsa mebuso, tsa sechaba, tsa bolumeli le tse fanang ka lithuso lefatšeng lohle li ile tsa arabela ka potlako ho batleng tharollo.

Na Sohle e ne e Mpa e le Feela “Motlae o Utloisang Bohloko”?

Ka masoabi, ho latela tlaleho ea UNICEF, lintho ha lia ka tsa tsamaea hantle nakong ea Selemo sa Machaba sa Ngoana bakeng sa bana lichabeng tse hōlang moruong. Ha selemo seo se fela, ba ka bang limilione tse 200 ho bona ba ne ba ntse ba sa fepeha hantle ’meleng, ’me ho ka etsahala hore ebe halofo ea ba limilione tse 15 ba shoeleng ba le ka tlaase ho lilemo tse hlano e bolailoe ke ho se fepehe hantle ’meleng. Ho bana ba 100 ba ileng ba tsoaloa motsotso o mong le o mong linaheng tseo selemong seo, ba 15 ba ile ba shoa pele ba e-ba le selemo se le seng. Ba etsang karolo e ka tlaase ho 40 lekholong ba ile ba qeta sekolong sa mathomo. Sehloohong sa mohlophisi koranteng ea Indian Express ha ho buuoa ka tlaleho ea UNICEF ho ile ha etsoa tletlebo ea hore Selemo sa Ngoana se ile sa fetoha “motlae o utloisang bohloko.”

Ho na le batho ba ileng ba bona esale pele hore ho tla ba le ho hlōleha hona. Ka mohlala, mathoasong a selemo seo feela, Fabrizio Dentice o ile a ngola makasineng ea L’Espresso: “Ho hlokahala ho fetang feela Selemo sa Ngoana bakeng sa ho rarolla bothata bona.” Makasine e ile ea re: “Mokhoa oa kajeno oa bophelo o etsa hore re be seo re leng sona, ’me ke oona o lokelang ho fetoloa.”

Letšolong le ntseng le tsoela pele la ho fumana tharollo mathateng a bana, ho ile ha tšoaroa seboka sa lefatše ntlo-khōlō ea Machaba a Kopaneng ka September 1990. E ne e le se seng sa liboka tse khōlō ka ho fetisisa historing sa baeta-pele ba lefatše. Ho ne ho e-na le baeta-pele ba mebuso ba fetang 70. Seboka sena se tšoeroe ka mor’a Tumellano ka Litokelo tsa Ngoana, e ileng ea amoheloa ka la 20 November, 1989, ’me ea qala ho sebelisoa ka la 2 September, 1990. Ho elella bofelong ba khoeli eo, tumellano ena e ne e se e amohetsoe ke lichaba tse 39.

UNICEF e sa tsoa re: “Ka potlako Tumellano eo e fetohile selekane sa litokelo tsa batho se amohetsoeng ke batho ba bangata ho feta leha e le sefe se seng, e leng ho entseng hore ho be le khothatso ea lefatše lohle bakeng sa bana.” Ha e le hantle, ho fihlela ka November 1999, Tumellano eo e ne e amohetsoe ke lichaba tse 191. UNICEF e ile ea ithorisa: “Ho entsoe tsoelo-pele e khōloanyane tabeng ea ho hlokomela le ho sireletsa litokelo tsa bana lilemong tse leshome ka mor’a ho amohela Tumellano ka Litokelo tsa Ngoana ho feta e bileng teng ka lilemo tse kaalo historing ea motho.”

Ho sa tsotellehe khatelo-pele ena, Mopresidente oa Jeremane Johannes Rau o ile a susumelletseha ho re: “Hoa soabisa hore ebe nakong ea rōna re ntse re tlameha ho hopotsoa hore bana ba na le litokelo.” Kapa ho hopotsoa hore ba ntse ba e-na le mathata a tebileng! Ka November 1999 ha UNICEF e lumela hore “ho sa ntse ho e-na le ho hongata ho lokelang ho etsoa,” e ile ea hlalosa: “Lefatšeng lohle, ho hakanngoa hore bana ba ka bang limilione tse 12 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba shoa selemo se seng le se seng, haholo-holo ba bolaoa ke lintho tse ka thibeloang habonolo. Bana ba ka bang limilione tse 130 linaheng tse tsoelang pele ha ba kene sekolo sa praemari . . . Bana ba ka bang limilione tse 160 ha baa fepeha hantle ’meleng ebang ke ka tekanyo e khōlō kapa e nyenyane. . . . Bana ba bangata ba sa batleheng ba boemong bo sithabetsang libakeng tsa tlhokomelo ea likhutsana le litsing tse ling, ba haneloa ka thuto le tlhokomelo e lekaneng ea bophelo bo botle ba ’mele. Hangata bana bana baa hlekefetsoa ’meleng. Ho hakanngoa hore bana ba ka bang limilione tse 250 ba etsa mofuta o itseng oa mosebetsi o boima.” Ho boetse ha buuoa ka bana ba limilione tse 600 ba phelang ka bofutsana ba bo-ja-likata le ba limilione tse 13 ba tla beng ba shoetsoe ke bonyane motsoali a le mong ka lebaka la AIDS ho elella bofelong ba selemo sa 2000.

Ho bonahala baeta-pele ba lipolotiki ba thatafalloa ho fumana tharollo e khotsofatsang bakeng sa mathata ana. Leha ho le joalo, mathata a bana ha a felle feela linaheng tse ntseng li hōla moruong. Linaheng tsa Bophirimela bana ba bangata ba utloisoa bohloko ke ho hloka lintho tse ling.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Hoa soabisa hore ebe nakong ea rōna re ntse re tlameha ho hopotsoa hore bana ba na le litokelo”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng ea Litokelo Tsa Ngoana:

● Tokelo ea ho rehoa lebitso le ho ba le sechaba sa habo.

● Tokelo ea ho fumana boikutlo bo mofuthu, lerato, kutloisiso le tšireletseho ea lintho tse bonahalang.

● Tokelo ea ho fumana phepo e lekaneng, bolulo le litšebeletso tsa meriana.

● Tokelo ea ho fumana tlhokomelo e khethehileng haeba a holofetse, ebang ke ’meleng, kelellong, kapa kamanong ea hae le batho.

● Tokelo ea ho ba har’a ba pele ba ho fumana tšireletso le thuso maemong ’ohle.

● Tokelo ea ho sireletsoa mefuteng eohle ea ho hlokomolohuoa, ho tšoaroa ka sehlōhō le ho hanyapetsoa.

● Tokelo ea ho fuoa monyetla o feletseng oa ho bapala le ho ithabisa le ho ba le monyetla o lekanang oa thuto ea mahala kapa e qobelloang, ho nolofalletsa ngoana ho hōlisa bokhoni ba hae le hore e be setho se nang le molemo sechabeng.

● Tokelo ea ho hōlisa bokhoni bohle boo a nang le bona ka bolokolohi le ka boitlhompho.

● Tokelo ea ho hōlisoa ka kutloisiso, mamello, botsoalle har’a batho, khotso le kutloano e kang ea bara ba motho e fumanehang hohle.

● Tokelo ea ho thabela litokelo tsena ho sa tsotellehe morabe, ’mala, bong, bolumeli, maikutlo a lipolotiki kapa maikutlo a mang, bochaba kapa maemo a bophelo, thepa, tsoalo kapa boemo bo bong.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kakaretso ena e thehiloe ho Everyman’s United Nations

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

UN PHOTO 148038/Jean Pierre Laffont

UN photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Photos on pages 4 and 5 Giacomo Pirozzi/Panos Pictures

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela