Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 3/8 maq. 5-9
  • Lisosa Tse Metseng ka Metso, Liphello Tse Tebileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lisosa Tse Metseng ka Metso, Liphello Tse Tebileng
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khaello ea Phepo e Nepahetseng e Bakoa ke Eng?
  • Liphello Tse Tebileng
  • Lisosa Tse Metseng ka Metso
  • Phekolo le Thibelo
  • Tlokotsi e Khōlōhali
    Tsoha!—2003
  • Ho Thusa Bana ho Lula ba Phela!
    Tsoha!—1988
  • Lijo Tsa Hao li na le Phepo Hakae?
    Tsoha!—1995
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 3/8 maq. 5-9

Lisosa Tse Metseng ka Metso, Liphello Tse Tebileng

“Ke ne ke lapile eaba le theha komiti hore e fuputse ho lapa ha ka. Ke ne ke se na ntlo ’me la kenya lebitso la ka lenaneng la ba mahlomoleng. Ke ne ke kula ’me la tšoara seboka se buang ka boemo ba batho ba kojoana li mahetleng. Le fupulitse tsohle ka mahlomola a ka empa leha ho le joalo ke ntse ke lapile, ha ke na ntlo ’me ke ntse ke kula.”—Mongoli ha a tsejoe.

LE HOJA mekhatlo ea lefatše e entse boiteko bo bongata ho thibela khaello ea phepo e nepahetseng, ha hoa finyelloa se lebeletsoeng. Ka mohlala, ka 1996 Seboka sa Lefatše sa Lijo sa Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng (FAO) se ile sa ipehela pakane ea hore ka selemo sa 2015 se be se fokolitse palo ea batho ba sa fepehang hantle ba lefatše ka halofo—e leng batho ba ka bang limilione tse 400.a

Ho babatsehang ke hore ho entsoe tsoelo-pele e itseng. Empa ka bomalimabe, tlaleho ea haufinyane tjena ea FAO, The State of Food Insecurity in the World 2001, ea lumela: “Ho hlakile hore ho bile le ho lieha ho itseng phokotsong ea batho ba sa fepehang hantle lefatšeng.” Kahoo ho bonahala pakane ea kopano eo e ntse e ke ke ea finyelloa. Ha e le hantle, tlaleho eo e lumela hore “palo ea batho ba sa fepehang hantle e eketsehile haholo linaheng tse ngata tse ntseng li hōla moruong.”

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale ho hlōla sera see? Hore re fumane karabo, re tla lokela ho qala ka ho hlalosa hore na khaello ea phepo e nepahetseng ke eng, ebe joale re hlahloba liphello tsa eona tse tebileng le lisosa tsa eona tse metseng ka metso.

Khaello ea Phepo e Nepahetseng e Bakoa ke Eng?

Khaello ea phepo e nepahetseng e bakoa ke ha lisele tsa ’mele li sa fumane limatlafatsi tse lekaneng, ’me hangata e qholotsoa ke motsoako oa lintho tse peli: (1) ho se je liprotheine, lik’hilojule, livithamine le matsoai a lekaneng, le (2) ho tšoaetsoa mafu khafetsa.

Mafu a kang letšollo, ’maselese, malaria le mafu a matšoafo a thefula ’mele haholo ’me a etsa hore o lahleheloe ke limatlafatsi. A etsa hore pelo e be ntšo, ’me sena se tlatsetsa khaellong ea phepo e nepahetseng. Ka lehlakoreng le leng, ngoana ea sa fepehang hantle a ka tšoaetsoa mafu habonolo. Ka tsela ena, sena se eketsa letoto la maemo a etsang hore batho ba qetelle ba bolailoe ke khaello ea liprotheine tse fanang ka matla (PEM).

Ke hobane’ng ha bana ba le kotsing e khōloanyane ea ho haelloa ke phepo e nepahetseng? Ba nakong ea ho hōla ka potlako e etsang hore ba hloke lik’hilojule le liprotheine tse eketsehileng. Ka mabaka a tšoanang, basali ba baimana le ba anyesang ba hlaseloa habonolo ke khaello ea phepo e nepahetseng.

Hangata, bothata ba masea bo qala le pele a tsoaloa. Haeba ’mè a sa fepeha hantle kapa a haelloa ke phepo e ntle pele e e-ba moimana le nakong ea boimana ba hae, lesea le tla hlaha le fokolloa ke boima ba ’mele. Joale, ho potlakela ho khoesa lesea, ho fepa lesea ka litsela tse fosahetseng, le ho haella ha bohloeki ho ka hlahisa khaello ea phepo e nepahetseng.

Ho haella ha limatlafatsi tse hlokahalang ho khina khōlo ea ngoana le hore a iphe linama hantle. O llela ruri ebile o kula khafetsa. Ha boemo bo ntse bo mpefala, ho fokola ha hae hoa totobala, o khohlela mahlo ’me o oela phuoana (sebaka se toboselang holim’a hlooho), letlalo la hae lea repha, ’me matla a hore a boloke mocheso oa ’mele aa fokotseha.

Ho se fepehe hantle ho ka iponahatsa ka litsela tse ling. Le tsona li ka khina khōlo ea bana. Ka mohlala, ho se je matsoai ka ho lekaneng—haholo-holo tšepe, iodine, le zinki—hammoho le livithamine—ka ho khetheha vithamine A—ho ka ba le liphello tse joalo. Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (UNICEF) le boletse hore ho haella ha vithamine A ho ama bana ba banyenyane ba ka bang limilione tse 100 lefatšeng ’me ho baka bofofu. Hape ho fokolisa tsamaiso ea ’mele oa ngoana ea ho itšireletsa mafung.

Liphello Tse Tebileng

Khaello ea phepo e nepahetseng e baka tšenyo e tšabehang ’meleng, haholo-holo ’meleng oa ngoana. Setho se seng le se seng sa ’mele le tsamaiso ea oona—ho akarelletsa pelo, liphio, mpa, mala, matšoafo le boko—li ka ameha.

Liphuputso tse sa tšoaneng li bontšitse hore ho hōla ha ngoana ho khinehileng ho amana le ho se hōle hantle ha kelello ea ngoana le ho hloka matla a ho ithuta hantle sekolong. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re liphello tsena ke litholoana tsa nako e telele tse tebileng tsa khaello ea phepo e nepahetseng.

Ho bana ba pholohang khaello ea phepo e nepahetseng, liphello tsa eona li ka ba teng ho fihlela e e-ba motho e moholo. Ke ka lebaka leo UNICEF e itseng: “Ho felloa ke bohlale ha motho ka tekanyo e khōlō hakana—ka lintho tse hlileng li ka thibeloang—ke tšenyo e feteletseng, e bile ho fosahetse, ke ho hlōleha ho sebelisa bohlale ka botlalo.” Kahoo liphello tsa nako e telele tsa khaello ea phepo e nepahetseng li ngongorehisa haholo. Liphuputso tsa morao tjena li bontša hore masea a sa fepehang hantle ha a se a hōlile a ka ’na a tšoaroa ke maloetse a sa foleng a kang lefu la pelo, tsoekere le khatello e phahameng ea mali.

Leha ho le joalo, khaello e tebileng ea phepo e nepahetseng hase bona bothata bo bokaalo-kaalo, joalokaha UNICEF e lumela: “Mafu a fetang likotara tse tharo ho ’ohle ao khaello ea phepo e nepahetseng e bileng sesosa sa ’ona ha a amahanngoe le khaello e tebileng haholo ea phepo e nepahetseng, empa a amahanngoa le e sa tebang hakaalo le e seng matla.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Bana ba haelloang ke phepo e nepahetseng ka tsela e sa tebang hakaalo kapa e seng matla ba ka ’na ba e-ba le liphello tsa nako e telele. Kahoo, ke habohlokoa hore ho hlokomeloe matšoao a ho se fepehe hantle baneng e le hore ho ka fanoa ka phekolo e nepahetseng.—Bona lebokose le leqepheng la 7.

Lisosa Tse Metseng ka Metso

Joalokaha ho boletsoe pele, sesosa se tobileng sa khaello ea phepo e nepahetseng ke khaello ea lijo. Empa ho na le lisosa tse tebileng haholoanyane tsa khaello ea phepo e nepahetseng, e leng maemo a bophelo, moruo, setso le tikoloho. Se ka sehloohong ho tsona ke bofutsana, bo amang batho ba limilione, haholo-holo linaheng tse hōlang moruong. Leha ho le joalo, ntle le hore ke sesosa, bofutsana e boetse ke phello ea khaello ea phepo e nepahetseng, kaha ho se fepehe hantle ho fokotsa matla a ho sebetsa ha batho hantle, kahoo ho mpefatsa bofutsana.

Ho na le mabaka a mang a tlatsetsang. Ho hloka tsebo ho etsa hore batho ba je ka tsela e fosahetseng. Tšoaetso, joalokaha re bone, e phetha karolo e itseng. Ho boetse ho na le lisosa tsa boemo ba bophelo le setso, tse kang ho ajoa ha lijo ka leeme le ho khetholloa ha basali. Hangata basali ‘ba ja qetellong le hona hanyenyane’—ke hore ka mor’a hore banna ba je, le hona ba ja tse nyenyane ho tsa banna. Hape basali ba tingoa menyetla ea thuto e neng e tla ba thusa ho hlokomela bana ba bona hamolemo.

Ho phaella moo, mabaka a mang a etsang hore tlhahiso ea lijo e fokotsehe ke a amanang le tikoloho. Har’a ’ona ke likoluoa tsa tlhaho le lintoa. Ho ea ka The State of Food Insecurity in the World 2001, ho tloha ka October 1999 ho ea ho June 2001 feela, linaha tse 22 li ile tsa angoa ke komello, tse 17 ke maholiotsoana le meroallo, tse 14 ke lintoa tsa lehae kapa likhohlano, tse 3 ke mariha a batang ka tsela e feteletseng le tse 2 ke litšisinyeho tsa lefatše.

Phekolo le Thibelo

Ngoana a ka phekoloa khaello ea phepo e nepahetseng joang? Haeba ho se fepehe ha ngoana hantle ho tebile, ho ka ba molemo hore ha a qala ho phekoloa a kenngoe sepetlele. Ho latela buka ea litaelo bakeng sa lingaka e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, lingaka li tla hlahlobisisa boemo ba ngoana e be li phekola tšoaetso leha e le efe kapa ho felloa ke metsi ’meleng. A ka ’na a qala ho feptjoa butle-butle, hangata ho qaloa ka hore a jesoe ka lethopo. Bohato bona ba pele bo ka ’na ba nka beke.

Joale ho latela boemo ba ho etsa hore a boele a phele hantle. Ngoana o boetse o fuoa lebese la ’mè ’me o khothalletsoa ho ja ka hohle kamoo a ka khonang. Tšusumetso ea maikutlo le ea ’mele ke ea bohlokoa nakong ea bohato bona. Tlhokomelo le lerato tseo a li bontšoang li ka etsa ho hoholo khōlong ea ngoana. Boemong bona ’mè a ka rutoa hore na a hlokomele ngoana oa hae joang ka lijo tse loketseng le bohloeki, e le ho qoba ho kula hape. Joale ngoana o lokolloa sepetlele. Ke habohlokoa hore ngoana a ’ne a isoe sepetlele kapa tleliniking bakeng sa hore a behoe leihlo.

Leha ho le joalo, ho hlakile hore thibelo ke eona tsela e molemohali. Ke ka lebaka leo linaheng tse ngata, ’muso kapa mekhatlo e ikemetseng e nang le mananeo a phepo e nepahetseng. Lichaba le tsona li tlatsetsa ho thibeleng khaello ea phepo e nepahetseng ka litsela tse ngata, tse kang ho fana ka mananeo a thuto ea phepo e nepahetseng, ho sireletsa liliba tsa metsi a nooang, ho haha matloana, ho boloka tikoloho e hloekile, ho tšehetsa matšolo a ho enta le ho hlokomela khōlo le tsoelo-pele ea bana.

Empa motho ka mong a ka etsa eng ho thibela khaello ea phepo e nepahetseng? Lebokose le leqepheng la 8 le na le litlhahiso tse molemo. Hammoho le litlhahiso tsena, ngaka ea mafu a bana e bile e le setsebi sa phepo e nepahetseng Georgina Toussaint, o khothalletsa hore ’mè a khutlele ngakeng ea ngoana oa hae kapa tleliniking ka mor’a matsatsi a supileng ngoana a hlahile, ha lesea le e-na le khoeli le hang ka khoeli ka mor’a moo. Hape ’mè o lokela ho fumana tsela e nepahetseng ea ho hlokomela lesea ha le bontša matšoao a ho felloa ke metsi ’meleng, letšollo le matla, kapa feberu.

Le hoja lintho tsena tse khothalletsoang li le molemo ho ntlafatseng mokhoa oa ho ja oa bana, ho tlameha ho lumeloa hore khaello ea phepo e nepahetseng ke bothata bo boholo—bo boholo hoo bo phahametseng boiteko ba batho. Encyclopædia Britannica ea lumela: “Leha ho le joalo, tokisetso ea ho fana ka lijo tse lekaneng le ho ruta batho bohle ka phepo e nepahetseng, e ntse e le bothata bo boholo.” Ka hona, na ho na le tšepo ea hore “boemo boo ba tšohanyetso bo patehileng” bo tla ke bo fele?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Seboka sa Lefatše sa Lijo, bona tokollo ea Tsoha! ea August 8, 1997, leqepheng la 12-14.

[Lebokose le leqepheng la 7]

NA NGOANA OA HAO O HAELLOA KE PHEPO E NEPAHETSENG?

Litsebi tsa bophelo bo botle li lekanyetsa joang hore na ngoana o fepehile hantle ’meleng? Li ka ’na tsa hlahloba matšoao a sa tšoaneng, tsa botsa lipotso ka mekhoa ea ho ja, ’me tsa laela hore ho etsoe tlhahlobo ea laboratori. Leha ho le joalo, ka tloaelo li itšetleha haholo ka ho lekanya ngoana ka ho toba. Li lekanya ’mele oa ngoana ebe li o bapisa le lipalo tse amohelehang tseo ho lekanngoang ka tsona. Seo se li thusa ho fumana hore na khaello ea phepo e nepahetseng ke ea mofuta ofe le hore na e tebile hakae.

Litekanyo tsa bohlokoa haholo ke boima, bolelele le botenya ba sephaka. Ho bapisa boima le lilemo tsa ngoana ho senola hore na o fepehile hakae; haeba ho se fepehe ha hae ho tebile, ngoana o manne linama ’me o shebahala a otile haholo. Ho kula hoo ho nkoa ho tebile haeba boima ba ngoana bo le ka tlaase ho bo tloaelehileng ka karolo e ka holimo ho 40 lekholong, bo itekanetseng ke ha bo le ka tlaase ho karolo ea 25 ho ea ho 40 lekholong, ’me ha bo bobe haeba bo le ka tlaase ho karolo ea 10 ho ea ho 25 lekholong. Ho ba mokhutšoanyane haholo ho latela lilemo tsa ngoana ho ka senola hore boemo ba hae ba ho haelloa ke phepo e nepahetseng ke bo ke keng ba fela—ke hore ngoana ke kakachelana.

Mofuta o mong o kotsi haholo oa khaello ea liprotheine tse fanang ka matla (PEM) ke marasmus, kwashiorkor kapa tsona ka bobeli. Marasmus (ho mamarana butle-butle) e tšoara bana ba anyang ba pakeng tsa likhoeli tse 6 le tse 18. E itlhahisa butle-butle e le khaello e sa feleng ea lik’hilojule le limatlafatsi ’me e ba teng ka lebaka la ho se anyesoe ka ho lekaneng kapa ho sebelisoa ha lintho tse hlapolotsoeng haholo tse nkelang lebese la ’mè sebaka. Lesea le bontša ho fokola haholo, mesifa e ba mesesaase hoo le letlalo le manamang masapong, ’me le sitoa ho hōla. Hape lesea le ba le “sefahleho sa motho e moholo,” le khopiseha habonolo ’me le llela ruri.

Lentsoe lena kwashiorkor, le nkiloeng puong e ’ngoe ea Afrika, le bolela “ngoana ea tlositsoeng.” Le bolela ngoana ea tlositsoeng letsoeleng ke ho hlahlamisoa kapele. Boemo bona bo hlaha ka mor’a hore ngoana a khoesoe, ’me le hoja bo akarelletsa ho haelloa ke lik’hilojule, bo hlaha ka lebaka la ho haelloa ka ho tebileng ke liprotheine. Bo etsa hore ’mele o boloke metsi, ebe ngoana o kokomoha matsoho le maoto le mpa. Ka linako tse ling bo ama le sefahleho, e ke khoeli e tolokileng. Liso letlalong le ho fetoha ha ’mala le tšobotsi ea moriri li qala ho bonahala. Bana ba boemong bona ba bonahatsa matšoao a ho ruruha sebete ’me ha ba thahaselle letho ba bile ba hloname. Ho bile joalo ka Erik, ea boletsoeng pejana, eo ’m’ae a ileng a mo anyesa feela khoeling ea pele ea bophelo ba hae; eaba ka mor’a moo o mo fepa lebese la khomo le hlapolotsoeng haholo. Ha a le likhoeli li tharo o ile a fuoa sopho ea meroho le metsi a nōkiloeng ka tsoekere ’me a siuoa le moahelani hore a mo hlokomele.

Mofuta oa boraro oa PEM o akarelletsa matšoao a marasmus le a kwashiorkor. Maemo ana kaofela a ka bolaea haeba a sa phekoloe ka nako.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

SIRELETSA NGOANA OA HAO KHAELLONG EA PHEPO E NEPAHETSENG!

◼ Ke habohlokoa ho ntlafatsa tsela eo ’mè a jang ka eona. Ho hlokahala hore basali ba baimana le ba anyesang ba je lik’hilojule le liprotheine haholo. Ka ho khetheha liprotheine li etsa hore ’mè a sise. Kahoo ha ho e-na le lijo tse fokolang, fang basali ba lilemong tsa ho ba le bana monyetla oa pele le bana ba banyenyane.

◼ Hoo e ka bang maemong ’ohle, lijo tse molemo ka ho fetisisa tsa lesea ke lebese la ’m’a lona. Sena ke sa bohlokoa haholo-holo matsatsing a qalang ka mor’a hore le hlahe hobane lebese la ’mè le na le lithibela-mafu tse sireletsang lesea mafung a tšoaetsanoang. Likhoeling tsa pele tseo e ka bang tse ’nè, lebese la ’mè le fana ka limatlafatsi tsohle tseo lesea le li hlokang e le hore le ka hōla le ho ōtleha hantle.

◼ Le hoja lebese la ’mè e tla ’ne e be lijo tse ka sehloohong, pakeng tsa khoeli ea bone le ea botšelela, lesea le loketse ho amohela lijo tse ling. Butle-butle le jese litholoana le meroho tse khotliloeng. Tloaetsa lesea sejo se le seng ka nako. Ka mor’a matsatsi a mabeli kapa a mararo ka mor’a hore le tloaelane le sejo seo, le jese mofuta o mong. Ke ’nete hore ho hlokahala mamello le ho leka hangata pele lesea le ka la amohela mofuta o mocha oa lijo. Ha u lokisetsa lijo tse joalo, hopola hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho hloeka, e hle e hloeke tlhoeko. Hlatsoa lijo le lijana hantle!

◼ Ha masea a le pakeng tsa khoeli ea bohlano le ea borobong, ka kakaretso a qala ho hloka lik’hilojule tse eketsehileng le liprotheine ho feta tseo lebese le fanang ka tsona. U sa khaotse ebile u phehella, le tloaetse mofuta o mong oa lijo. Lijo tsa bana tse entsoeng ka lijo-thollo le ka meroho e tla ba tsona tsa pele, ho latele nama le lihlahisoa tsa lebese. Le hoja lijo tseo lesea le li jang pele li tlameha ho ba relerele, ho tloha ha le le likhoeli li tšeletseng ho ea pele, li ka ’na tsa khabeloa hasesaane. Ho li nōka ka letsoai kapa ka tsoekere ha ho hlokahale ebile ha ho khothalletsoe.

◼ Ka mor’a likhoeli tse robeli, lebese la ’mè ha e sa le lijo tsa lesea tsa motheo empa, e se e le tse tlatsetsang. Lesea le qala ho ja lijo tse jeoang ke lelapa. Lijo li lokela ho bolokoa li hloekile hantle, ’me li lokela ho khabeloa hasesaane e le hore ho be bonolo ho li hlafuna. Lijo tse loketseng li akarelletsa litholoana le meroho, lijo-thollo le mefuta e kang linaoa le lierekisi, nama le lihlahisoa tsa lebese.b Ka ho khetheha bana ba hloka lijo tse nang le vithamine A e ngata. Mehlala e meng ke lebese la ’mè, meroho e mahaba a matala, le litholoana le meroho tse ’mala oa lamunu kapa tse tšehla tse kang limango, lihoete le lipapaya. Ho hlokahala hore bana ba ka tlaase ho lilemo tse tharo ba je ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng ka letsatsi.

◼ Mefuta e mengata ea lijo ka metsoako e sa tšoaneng e fana ka limatlafatsi tse sireletsang lesea la hao. ’Mè o lokela ho etsa bonnete ba hore o fepa ngoana lijo tsa boleng bo botle, a sa qobelle ngoana hore a je ha a khotše kapa hona ho mo hanela ka lijo ha ho bonahala a batla tse eketsehileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b U tla fumana boitsebiso bo eketsehileng sehloohong se reng “U ka Fumana Lijo Tse Matlafatsang,” tokollong ea Tsoha! ea May 8, 2002.

[Setšoantšo]

Litsebi lia lumellana hore lebese la ’mè kamehla ke tsona lijo tse molemohali bakeng sa lesea le sa tsoa hlaha

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Caroline Penn/Panos Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bana ba jang sekhereise le meroho sekolong Bhutan

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

FAO photo/WFP Photo: F. Mattioli

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

U ka nka mehato ea ho ntlafatsa tsela eo u fepang ngoana oa hao ka eona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

FAO photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela