Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 3/8 maq. 3-4
  • Lijo Tsa Hao li na le Phepo Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lijo Tsa Hao li na le Phepo Hakae?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Chelete ha ea Lekana
  • Kamoo Lijo Tse Nang le Phepo li ka Ntlafatsang Bophelo ba Hao
    Tsoha!—1995
  • Lisosa Tse Metseng ka Metso, Liphello Tse Tebileng
    Tsoha!—2003
  • Lijo Tse Lekaneng Bakeng sa Bohle!
    Tsoha!—1995
  • U ka Fumana Lijo Tse Matlafatsang
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 3/8 maq. 3-4

Lijo Tsa Hao li na le Phepo Hakae?

KA MONGOLLI OA “TSOHA!” BRAZIL

Ukhetha lijo tsa hao joang? Ha u reka lijo, u susumetsoa ke mabaka afe? Na ke liphutheloana tse majaba-jaba? Theko? Na ke tsela eo li phehoang ka eona? Na ke boipiletso bo phehellang ka matla ba liphatlalatso? Kapa ke feela tsela eo lijo li shebahalang ka eona le ho latsoeha? Ho etsa khetho e nepahetseng ho ka lekanyetsa haeba u ja lijo tse nang le phepo kapa lijo tse se nang molemo phepong, ebang bophelo ba hao boa ntlafatsoa kapa bo ntšoa kotsi.

OFUTSANA ke sesosa se seholo sa khaello ea phepo e nepahetseng. Le hoja ba bangata ba nka ho ba le lijo tse ngata e le tloaelo, ke ka seoelo ba bang ba limilione ba thabelang lijo tse nang le phepo. ’Meselara e mong oa Brazil, ntate oa bana ba tšeletseng o re: “Mona lapeng re itjella ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e fumanang.” Hangata seo se bolela bohobe ba khale, kofi e sa loeang kapa reisi le linaoa. Ha e le hantle, ho latela tlaleho ea Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lijo le Temo, karolo ea 20 lekholong ea baahi ba lefatše e bolaoa ke tlala. Le hoja ho e-na le tlala e akaretsang ea sekoboto linaheng tse ling tsa Afrika, ho boetse ho teng lenane le leholoanyane la batho ba lapileng Asia. Esita le United States, karolo ea 12 lekholong ea baahi, kapa batho ba limilione tse 30, ho tlalehoa ba hloka lijo tse lekaneng.

Khaello ea phepo e nepahetseng ha e kotsi feela empa e boetse e ka bolaea. Mofuputsi William Chandler oa hlokomela: “Khaello ea phepo e nepahetseng e bakoang ke mekhoa e fosahetseng ea phepo e bolaea ka makhetlo a fetang a 10 ho feta tlala ea sekoboto ka boeona. Ha e tsamaisana le letšollo le bakang ho felloa ke metsi ’meleng, khaello ea phepo e nepahetseng ke ’molai ea ka sehloohong lefatšeng.” UNICEF (Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Lithuso tsa Bana) e ea tlaleha: “Ha ho seoa, ha ho likhohola, kapa tšisinyeho leha e le efe ea lefatše kapa ntoa tse bakileng mafu a bana ba 250 000 ka beke feela.” Empa leo ke lenane la bana ba shoang lefatšeng ka bophara ka lebaka la khaello ea phepo e nepahetseng e fellang ka ho kula, ho latela mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Ha e le hantle, kotsi e bakoang ke khaello ea phepo e nepahetseng ke e ke keng ea lekanngoa: Matla a ho ithuta aa fokotseha, lenane la basebetsi lea fokola, tlhahiso le boleng ba mosebetsi lia fokotseha.

Leha ho le joalo, ho ja lijo tse loketseng ka ho lekaneng ho ka hlōla khaello ea phepo e nepahetseng le liphello tse kang ho fokolloa ke mali le mafu a mang. Lithuso tse fanoang ke ’muso tse kang ho fepa bana ba sekolo le mekhatlo e nehelanang ka lijo tsa motheo li ka ’na tsa fokotsa khaello ea phepo e nepahetseng libakeng tse ling, empa ho latela bahlanka ba ’muso ba UNICEF, ho hlokahala chelete e ka bang liranta tse limilione tse likete tse 91 selemo le selemo ho fokotsa mafu a bana a bakoang ke letšollo, pneumonia, le maselese. Ba bang ba ka ’na ba re: ‘Eo ke chelete e ngata haholo.’ Empa ho tlalehoa hore eo ke chelete eo Maamerika a e sebelisang bakeng sa ho reka lieta tse sebelisoang lipapaling le eo Maeurope a e sebelisang ho reka veine ka selemo se le seng. Phephetso e ’ngoe ke ho fokotsa tšenyo. Le hoja ho lekanyetsoa hore baahi ba Brazil ba limilione tse 32 ba robala ka lephako, Lekala la Temo la Brazil le tlaleha hore “chai [ea boleng ba liranta tse limilione tse likete tse 5,4] e senyehang ka lebaka la ho tsamaisoa ha eona kapa ho bolokoa e baka tahlehelo ea karolo ea 18 ho isa ho 20 lekholong ea lihlahisoa tsa sechaba tsa temo.” Ho na le mathata a maholo temong, nosetsong, polokong ea lijo, le ho tsamaisoeng ha tsona lichabeng tse ngata; leha ho le joalo, lefatše le sa ntse le ka tseba ho hlahisa lijo tse lekaneng bakeng sa bohle. Ka hona u ka talimana le phephetso ea ho fepa lelapa la hao joang?

Chelete ha ea Lekana

Hangata linaheng tse hōlang moruong batho ba khona ho fepa malapa a bona ka ho ba le mesebetsi e ’meli kapa e meraro. Selemo le selemo Brazil batho ba limilione tse 1,5 ba siea malapa kapa metsoalle ho fallela metseng e meholo ho batla mosebetsi le lijo. Le hoja bophelo bo itšetlehile ho isa bohōleng bo itseng ka seo batho ba se jang, batho ba sebelisa karolo e khōlō ea chelete ea bona bakeng sa liaparo, bolulo le lipalangoang.

Leha ho le joalo, ka ho thabisang, lijo tse kang reisi, linaoa, poone, litapole, k’hasava le libanana, ha li tlatsetsoa ka lijo tse kang nama le tlhapi, ke mohloli oa phepo bakeng sa malapa lefatšeng ka bophara. Setsebi sa phepo sa Brazil José Eduardo de Oliveira Dutra se itse: “Linaoa le reisi ke motsoako o nang le phepo ea bohlokoa haholo. Ka lijo tse joalo tse itekanetseng le tse theko e tlaase, ho bonolo ho qeta tlala [naheng].” E, lijo tse sa bitseng chelete e ngata le tsa phepo li ka fumaneha moo u lulang teng. Mohlomong u ka boela ua itemela tse ling tsa lijo tsa hao.

Le hoja mohlomong u ka ba le chelete e lekaneng, na u e sebelisa lijong tse nang le phepo bakeng sa lelapa la hao? Kapa na mohlomong u susumetsoa ke phatlalatso e bohlale le e phehellang hore u khethe lipompong kapa lijo tse se nang molemo phepong ’me u hlokomolohe bohlokoa ba tse nang le liprotheine, liminerale, le livithamine? Na tatso e hohela ho feta phepo? The World Book Encyclopedia e ea hlokomela: “Bakeng sa ho finyella bophelo bo botle le ho bo boloka, batho ba tlameha ho ba le tsebo ea motheo ka ’mele oa motho le tsela eo o sebetsang ka eona. Ke ka ho etsa joalo feela ba ka lekanyetsang se tla ba thusa kapa se ke keng sa ba thusa kapa se tlang ho lematsa bophelo ba bona. Ho ithuta ka bophelo bo botle e tlameha ho ba karolo ea thuto ea motho e mong le e mong.”

Ke ’nete hore ha re phelele ho ja feela, empa lijo ke karolo ea bohlokoa ea bophelo ba rōna. Ha Bibele e bua ka ho ja esita le moputso oa mosebetsi o mafolo-folo e re: “Ha motho ka mong a e-ja, a e-noa, a fumana tse molemo ka mesebetsi ea hae, hoo ke mpho ea Molimo.” (Moeklesia 3:13, Bibele Phetolelo e Ncha) Na u talima lijo tse nang le molemo oa phepo e le tsa bohlokoa le tse hlokahalang? Haeba ho joalo, ka kōpo hlahloba sehlooho se latelang kamoo phepo e nepahetseng e ka tsoelang uena le lelapa la hao molemo kateng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela