Lijo Tse Lekaneng Bakeng sa Bohle!
KA MONGOLLI OA TSOHA! BRAZIL
KE NTHO e ka etsahalang hore motho a thabele lijo tse ngata-ngata le tse molemo ka ho fetisisa empa a lule a sa thaba. Hore a be le thabo ea ’nete e tšoarellang, ho na le ntho e ’ngoe e itseng e hlokahalang—lijo tsa moea. Jesu o boletse: “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.”—Mattheu 4:4.
Ka lehlakoreng le leng, ho hana Lentsoe la Molimo ho lebisa tlaleng ea moea, joalokaha ho boletsoe esale pele ho Amose 8:11: “Ke tla romela ho lapa lefatšeng, e seng ho lapela bohobe, leha e le ho nyoreloa metsi; empa e leng ho lapela mantsoe a Jehova.” Leha ho le joalo, khaello ea phepo e nepahetseng ea moea e ka qojoa. Jesu o ile a phatlalatsa: “Ho thabile ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko . . . Ho thabile ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka‚ kaha ba tla khorisoa.” (Mattheu 5:3, 6, NW) Joalokaha lijo tse nang le phepo tse ngata ka ho loketseng li khotsofatsa ’mele ea rōna, lijo tsa moea tse molemo li matlafatsa tumelo ea rōna le tšepo ea rōna bakeng sa nako e tlang. Ke lefatše la mofuta ofe leo re ka le lebellang?
Nala ea Lijo Bakeng sa Bohle
Ak’u nahane ka lefatše le nang le matletse-tletse a lijo tse hlabosang le tse molemo. Lefatše le se nang lintoa, likoluoa, kapa likotsi tse bakang tlala ea sekoboto kapa khaello ea phepo e nepahetseng, e fokolisang batho kapa ho ba tetebetsa maikutlo. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le batho ba se nang mahae kapa ba hlokang mosebetsi ba itšetlehileng ka ho fuoa sopho le bohobe kapa liphallelo, leha e le hore litheko tse phahameng tsa lijo li tla qobella batho ho ja ntho leha e le efe feela bakeng sa ho tlatsa mpa. “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.” (Pesaleme ea 72:16) Empa see se tla etsahala joang? Ke mang ea tla rarolla bothata ba khaello ea phepo e nepahetseng?
Mōpi oa rōna o tla lebisa tlhokomelo e lerato tlhokong ea motho ea lijo tse lekaneng. Esita le boemo ba mohatsela le mocheso oa lefatše bo tla laoleha, kahoo ho be le tiiso ea hore ho ke ke ha hlola ho e-ba le lijalo tse sa atleheng. “Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ea rōna e ntše litholoana tsa eona.” (Pesaleme ea 85:12) Ho feta moo, le hoja lefatše le na le matla a ho hlahisa lijo tse lekaneng, ke ’Muso oa Molimo feela o tla felisa meharo le khatello, e leng tsona tse lebisang kabong e sa lekaneng, khaellong ea phepo e nepahetseng le mesarelong.
E, puso ea Jehova ea leholimo e tla etsa bonnete ba hore litsamaiso leha e le life tsa temo le ho tsamaisoa ha thepa tse leng teng li fane ka lijo tse molemo moo li hlokahalang teng. Tsamaiso ea ’Muso e ke ke ea ruisa ba ’maloa ’me e siee ba bangata ba hula ka thata bophelong. Ho e-na le ho nyahama le ho felloa ke tšepo, litlhohonolofatso tsa ’Muso li tla tlisa thabo e bonahatsoang moketeng oa semetletsa oa lintho tse molemo tse boletsoeng esale pele ho Esaia 25:6: “Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa, mokete oa lijo tse hlabosang, tsa moko, oa liveine tse nkiloeng holim’a litšifa, tse hloekileng.”
Joale, nahana ka mokhoa oa bophelo oa kajeno oa tlhōlisano, o sithabetsang, o se nang kutloelo-bohloko o se o felile ka ho sa feleng. Ha ho ea tla hlaseloa ke khaello ea phepo e nepahetseng kapa ho kula. Ka hona, haeba ka sebele u batla ho thabela bophelo lefatšeng leo le lecha, ela hloko mantsoe a Jesu: “Se sebeletseng lijo tse felang, empa le sebeletse lijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng.”—Johanne 6:27.
Haeba ka mor’a ho bala makasine oona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)