Kamoo Lijo Tse Nang le Phepo li ka Ntlafatsang Bophelo ba Hao
HO THABISA hakaakang ho bona lesea le fepehileng hantle! Leha ho le joalo, lesea le phetseng hantle ha le itlele feela. Kate, moahi oa Canada ea lulang Brazil oa hopola: “Lijo tse itekanetseng empa li e-na le phepo kamehla e ’nile ea e-ba ntho ea bohlokoa lelapeng la rōna eseng feela molemong oa chelete ea rōna empa hape le nako e sebelisoang ho li pheha le ho li thabela hammoho. Ka hobane ’Mè a ne a sa sebetse, ha re fihla ho tsoa sekolong letsatsi le letsatsi re ne re amoheloa ke lephoka le lutlisang mathe la lijo tsa motšehare tseo a li phehileng mohlomong ho le teng hape phae kapa kuku eo a e bakileng.”
Leha ho le joalo, ho e-na le ho tšehetsoa ke lijo tse nang le phepo, ho latela The Economist, “hoo e batlang e le batho ba [limilione] tse 780 linaheng tse futsanehileng, e leng motho a le mong ho ba bahlano palong eo, ha a fumane lijo tse lekaneng. Batho ba ka bang [limilione tse likete] tse 2 ba fumanang lijo tse lekaneng ba sa ntse ba haelloa ke livithamine le liminerale tseo ba li hlokang.” Hase feela hore motho ea haelloang ke phepo e nepahetseng o oa fokola empa hape o tsoela ba bang molemo ka tsela e fokolang. Ka hona, mabapi le bana ba haelloang ke phepo e nepahetseng, seithuti sa moruo Eduardo Giannetti da Fonseca sa Univesithi ea São Paulo, Brazil, se ile sa qotsoa se re: “Ho [senngoa hona ha mehloli ea bohlokoa ea batho] ho hobe ho feta ntho leha e le efe. . . . Ke lumela hore har’a bana bana ho na le litalenta le bokhoni tse qetellang li ipatile ka lebaka la bofutsana. Har’a bona, tlas’a maemo a fapaneng, ho ka tsoa Albert Einstein.” Makasine oa Veja o re: “Naha e lahleheloa ke likoakoariri ka lebaka la khaello ea phepo e nepahetseng ’me naha e senya bohlale bo bolokiloeng, boqapi le matla.” Ka hona, ho sa tsotellehe litšenyehelo tse phahameng tsa bophelo, batsoali ba bohlale ba neha bana ba bona motheo o tiileng oa ho boloka chelete lijong tse nang le phepo.
Ho Boloka ka Bohlale
Ho “boloka” ho bolela “ho sebelisa bakeng sa melemo kapa menyetla ea nako e tlang.” Ke joang u ka bolokang lijong? Haeba u ne u lokela ho khetha, na u ne u tla tela menono kapa lintho tsa maemo bakeng sa ho sebelisa chelete ea hao e lekanyelitsoeng ho reka lijo tse nang le phepo?
The New Encyclopædia Britannica e re: “Hase hore litho tsa kutlo ha li sebetse ho fihlela ha ka tšohanyetso li etsoa hore li sebetse nakong ea tsoalo; bopaki bo bontša hore litho tsa kutlo li se ntse li sebetsa le pele ho tsoalo.” Ka hona, tsela e molemo ea ho qalisa ho fepa ngoana ke ho ba ’mè ea fepehileng hantle. Mohato o latelang—ka mor’a tsoalo—ke ho nyantša lesea kaha lebese la ’mè le fana ka phepo e feletseng ’me le thibela mafu a tloaelehileng. Facts for Life, e leng khatiso ea Machaba a Kopaneng e re: “Likhoeling tsa pele tse ’maloa tsa bophelo ba lesea, lebese la letsoele ke lona feela sejo le seno se molemo ka ho fetisisa. Masea a hloka lijo tse ling ho phaella lebeseng la letsoele, ha a e-na le likhoeli tse ’nè ho isa ho tse tšeletseng.”
Le hoja ’mele oa motho o khona ho itšireletsa mafung, sena ha sea lokela ho nkoa habobebe. Ke habohlokoa ho o haha ka lijo tse nang le phepo ho tloha boseeng. The World Book Encyclopedia e re: “Nakong eo motho a leng lilemo li 6, boko bo se bo finyeletse boima ba bona bo feletseng ba liponto tse ka bang 3 (lik’hilograma tse 1,4). Boholo ba lisele tsa boko bo teng nakong ea tsoalo, kahoo ho eketseha ha boima ho bakoa ke ho hōla ha lisele. Nakong ena ea lilemo tse tšeletseng, motho o ithuta le ho fumana mehlala ea boitšoaro bo bocha ka lebelo le leholo ka ho fetisisa bophelong.” Ka hona, esita leha ngoana a ka thabela lijo tse molemo ka mor’a selemo sa botšelela, ke lisele tse ’maloa haholo tse tla beng li hōlile. Kate oa hlokomela: “Lijo tse molemo, tse nang le phepo ke e ’ngoe ea limpho tse khōlō ka ho fetisisa eo batsoali ba ka e nehang bana ba bona. Esita le haeba lintho tse ngata tseo ho thoeng ke tsa bohlokoa bophelong, tseo hangata e leng mabotho-botho feela, li ke ke tsa fanoa, ho boloka ha batsoali bophelo bo botle ba kelello le ’mele ba bana ba bona ho ba neha qalo e molemo bophelong ho tloha boseeng eo le ka mohla e ke keng ea nkeloa sebaka.”
Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho ba le Lijo Tse Fapa-fapaneng?
Ngoana o hloka lijo tse tletseng liprotheine hore a hōle ’meleng le kelellong. Phepo e fokolang e liehisa khōlo ea kelello ea ngoana sekolong, ’me mohlomong ngoana a ka felloa ke thahasello le ho khathala, a hlōleha ho tsitsisa mohopolo kapa ho hopola seo a se rutoang. Bonyane mafu a fapaneng a 25 a bakoa ke khaello ea e ’ngoe ea limatlafatsi tsa motheo—liprotheine, livithamine, mafura a bohlokoa kapa limatlafatsi tse ling.
Nahana ka taba ea Joaquim. O re: “Lelapa leso le ne le futsanehile. Empa re ne re e-na le tšimo moo re neng re lema hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e jang. Lijong tsohle re ne re e-ja bohobe ba koro le ba rye, ’me seo se ile sa tlatsetsa phepong e molemo. Hoo e batlang e le letsatsi le leng le le leng ’Mè o ne a pheha sopho ea meroho e fapaneng, ho akareletsa le linaoa, ’me sena se ne se fana ka limatlafatsi tse ngata tseo re li hlokang. Re ne re sa je nama e ngata, empa re ne re e-na le tlhapi, haholo-holo lisaratinse, cod, le herring.” Oa phaella: “’Mè o ne a e-na le bana ba bahlano, ’me ha ke hopole leha e le ofe a kula ntle leha a tšoeroe ke sefuba. Ke nahana hore lijo tsa rōna tse neng li e-na le phepo li tlatselitse haholo ho seo.” ’Mè ea nang le bana ba supileng oa hlalosa: “Ho ne ho hlokahala hore re fane ka lijo tse nang le phepo ka theko e tlaase. Ka hoo re ile ra etsa seratsoana sa meroho, seo le hoja se ne se le senyenyane, se neng se hlahisa lijo tse lekaneng bakeng sa litlhoko tsa rōna.” Oa phaella: “Ha ho mohla bana ba rōna ba kileng ba kula ka ho tebileng ’me ka linako tsohle ba ne ba atleha mosebetsing oa bona oa sekolo.”
’Mele oa hao o hloka lielemente tsa lik’hemik’hale tse 22 ho tse 103 tse tsebahalang ka molao. Le hoja ho se bonolo ho lekanyetsa ka ho nepahetseng lenane la livithamine, liminerale le liprotheine tseo motho ka mong a li hlokang, lijo tse nang le phepo ka ho lekaneng li tla phethahatsa litlhoko tsa hao. Setsebi se seng se itse: “Senotlolo sa lijo tse nang le phepo ke lijo tse akareletsang mefuta e fapa-fapaneng ea limatlafatsi.”
Ho thoe’ng haeba bana ba hao ba sa rate lijo tse itseng, tse kang meroho e babang? Ho ea ka setsebi sa ho pheha se nang le phihlelo, batsoali ba lokela ho “pheha mefuta e fapa-fapaneng ea meroho e fumanehang sebakeng sa habo bona. Batho ba bangata ba baholo ha ba je meroho hobane ba ne ba sa e fumane ha e le bana. Kaha meroho e fana ka litlheferetsi ’me litlhoko tsa rōna tsa livithamine ha li bitse chelete e ngata, kamehla batsoali ba lokela ho etsa hore li fumanehe bakeng sa bana ba bona.” Ke hobane’ng ha u sa ithute liresepe tse ncha tse sebelisang meroho e mecha le litholoana, mohlomong soufflé e monate kapa sechu? Mabapi le limatlafatsi tse se nang lik’hilojule, o etsa tlhahiso ena: “Batsoali ha baa lokela ho ba le lipompong ka tlung haese feela maemong a khethehileng. Haeba [bana] ba se na tsona, ba ke ke ba li ja.”
Le hoja ho ja lijo tse loketseng ka tekanyo ho fokotsa kotsi ea ho haelloa ke phepo e nepahetseng, batho ba bang ba ipakela mathata ka ho ja ho feta tekano. Ho ja lik’holojule tse ngata haholo ho feta tseo ’mele o li hlokang ho ka lebisa mononong o feteletseng o tsamaisanang le lefu la tsoekere le likhathatso tsa pelo.a Kaha ho se meriana kapa mosebetsi tse ka nkang sebaka sa mekhoa e loketseng ea ho ja, tlhahiso e molemo ke ho fokotsa ho ja mafura, lipompong, letsoai le joala. Hape, encyclopedia e re, “ho lokela hore ho nkoe mehato ea ho fokotsa tlala, bolutu, ho tepella maikutlong, mokhathala, khalefo le mokhathala o sa feleng, hobane e ’ngoe le e ’ngoe ea lintho tsena e ka baka ho ja ka ho feteletseng.”
Pono e Leka-lekaneng ka Lijo le Bophelo
Bibele hase buka e buang ka tataiso le melao ea ho ja; leha ho le joalo, e re thusa ho ba ba leka-lekaneng litabeng tsa lijo. Moapostola Pauluse o ile a hlokomelisa ka ba neng ba thibela ba bang ho ila “lijo tse itseng, athe Molimo o li etselitse hore li jeoe ka teboho ke ba lumelang, ba tsebang ’nete ka ho tlala.” (1 Timothea 4:3, Bibele Phetolelo e Ncha) Molimo o batla hore re khotsofale le ho sebelisa se leng teng hamolemo. “Leruonyana le lenyenyane la ea tšabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le lipelaelo.”—Liproverbia 15:16.
Kajeno ha ho le ea mong ea thabelang bophelo bo phethahetseng. Kahoo ke hobane’ng ha u sa be le kahlolo e molemo, ho e-na le hore u se tsotelle kapa ho tšoenyeha ka ho feteletseng? Thahasello e feteletseng phepong kapa litabeng tsa bophelo bo botle e ka etsa hore re lahleheloe ke ho leka-lekana ha rōna.
Ho sa tsotellehe boiteko ba ho hlokomela bophelo ba rōna, ka lebaka la boemo ba joale ba lintho, re qetella re tsofala le ho shoa. Leha ho le joalo, ka thabo Bibele e re tšepisa hore ’Muso oa Molimo o tla felisa khaello ea phepo e nepahetseng le mafu. Le hoja merero ea batho ea ho felisa tlala ea sekoboto e hlōlehile, re ka lebella lefatše le nang le lijo tse ngata tse nang le phepo bakeng sa bohle.—Pesaleme ea 72:16; 85:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Litsebi tse ling li ikutloa hore u nonne ka ho feteletseng haeba u feta boima bo ‘lakatsehang’ . . . bakeng sa botelele ba hao, sebōpeho sa ’mele le lilemo ka karolo e fetang 20 lekholong.”—The American Medical Association Family Medical Guide, leqephe 501. Bona hape le Tsoha! ea May 8, 1994, “Bacha Baa Botsa . . . Nka Theola Boima ba ’Mele Joang?” le ea June 8, 1989, “Na ho Theola Boima ba ’Mele ke Ntoa e ke Keng ea Hlōloa?”
[Lebokose le leqepheng la 7]
LITLHAHISO TSE KA THUSANG NGOANA OA HAO HO BA LE MEKHOA E METLE EA HO JA
◻ Beha mohlala o motle.
◻ Se lumelle bana ho ja feela seo ba se batlang.
◻ Qoba ho ba le lijo tse se nang molemo phepong kapa lipompong ka lapeng.
◻ Ruta bana ho ananela mefuta e fapaneng ea lijo.
◻ E-ba le nako e tsitsitseng bakeng sa lijo, ho akareletsa le lijo tsa hoseng.
◻ Se lumelle liphatlalatso tsa TV ho susumetsa seo u lokelang ho se ja.
◻ Se lumelle bana ho intšetsa lijo ka sehatsetsing.
◻ Ruta bana ho pheha lijo.
◻ Hlaolela teboho bakeng sa litokisetso tsa letsatsi ka leng.