Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 10/8 maq. 22-24
  • Ho Thusa Bana ho Lula ba Phela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa Bana ho Lula ba Phela!
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Melomo e Mengata Haholo e Lokelang ho Fepjoa?
  • Letsoele Khahlanong le ho Fepa ka Botlolo
  • Ba Fepe Hantle!
  • Lisosa Tse Metseng ka Metso, Liphello Tse Tebileng
    Tsoha!—2003
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
  • Se Laolang Bophelo ba Hao bo Botle—Seo u ka se Etsang
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 10/8 maq. 22-24

Ho Thusa Bana ho Lula ba Phela!

Ka mongolli oa Tsoha! Nigeria

METSI a silafetseng, lijo tse fokolang, mafu a atileng le tšoaetso—ana ke maemo a tloaelehileng linaheng tse hōlang moruong. Leha ho le joalo, Dr. Chizu Okudo, ngaka ea Nigeria ea mafu a bana, o boleletse Tsoha!: ‘Ho hloka tsebo le ho hlokomoloha [mekhoa e nepahetseng ea paballo ea ’mele] ha batsoali ke hona ho hlahisang maemo ana a bakang mafu.’

Dr. Okudo o tsoela pele: ‘Hangata moloko o tsofetseng o eletsa batsoali ba banyenyane hore letšollo le metsi le hlatsoa litšila ’me le lokela ho tloheloa.’ Ka ho latela keletso e joalo e fosahetseng, batsoali ba tlohela bana ba bona ba kulang ba sa phekoloa. Hangata sena se baka lefu.

Leha ho le joalo, bophelo ke ba bohlokoa ho bohle ba hlomphang “mohloli oa bophelo.” (Pesaleme ea 36:9, NW) Ka baka leo, batsoali ba tšabang Molimo ha ba lumelle hore litumela-khoela kapa meetlo ea sebaka sa bona e behe bophelo ba bana ba bona kotsing. Molaoli-kakaretso oa bophelo bo botle Malaysia o re: “thibelo ea boloetse . . . e lokela ho qalisa lehaeng.”

Na ho na le Melomo e Mengata Haholo e Lokelang ho Fepjoa?

‘Likhaello tsa lijo’ li khetholla nako ea rōna, ’me linaha tse hōlang moruong ke tsona tse utloang bohloko bo boholo. (Mattheu 24:7) Ntho e eketsang bothata ke ’nete ea hore “batho ba nang le matla a maholo a kemolo—bana ba ka holimo ho ba tšeletseng bakeng sa mosali ka mong—ba ntse ba le teng Afrika eohle le Bochabela bo Hare,” ho be ha Planning the Global Family, tlaleho ea Mokhatlo oa Worldwatch.

Ke hobane’ng ha banyalani ba Maafrika ba sa lekanyetse boholo ba malapa a bona? Tlaleho ea Worldwatch ea hlalosa: “Boemo ba moruo le ba sechaba ba mosali oa [Moafrika] bo phahama ka lenane la bana bao a nang le bona, haholo-holo kaha bana ba emela matsoho a eketsehileng a ho thusa ho lemeng, ’marakeng, le mesebetsing e meng.” Buka Africa in Crisis ea phaella: “Khonahalo e khōlō ea hore bana ba ke ke ba phela e khothalletsa batsoali ba Maafrika ho ba le malapa a maholo.” Linaheng tse ling tsa Afrika, hoo e ka bang karolo ea bohlano ea masea ’ohle a shoa selemong sa ’ona sa pele! Ho fapana le hoo, ho ba le bana ba bangata hangata ho baka bothata ba ho hlepha boitšoarong ka baka la libaka tse tletseng haholo tsa bolulo le tse sa hloekang le tsamaiso e sa lekanang ea matloana—e leng ’ona maemo a etsang karolo e khōlō polaong ea bana.

Hape lingaka li bolela hore mosali o hloka nako ea ho fola kamor’a ho beleha ngoana pele a ka ima hape. Ho seng joalo matla a hae a ho ba le masea a shahlileng a ka senyeha haholo.

Ho sa tsotellehe mabaka ana, Maafrika a na le tšekamelo ea ho hana taba ea thero ea lelapa.a Leha ho le joalo, batho ha ba lokela ho hana taba ena ntle ho ho nahanisisa ka ho teba. Bakreste ba ka ’na ba nahana hore erekaha Bibele e sa hanele ho ba le bana, ho 1 Timothea 5:8 e hlile e re: “Ekare ha e mong a sa baballe ba habo, haholo ba ntlo ea hae, eo o latotse tumelo.” Ho ba le lelapa le leholo haholo ho ka ’na ha etsa hore ho be thata bakeng sa batsoali ho fana ka lijo tse lekaneng, liaparo, le bolulo bakeng sa bana ba bona. Le hoja e le taba ea botho, banyalani ba bang ba ithutile ho thibela pelehi le ho qoba ho ba le bana ba eketsehileng ho feta bao ba ka tsebang ho ba hlokomela hantle.

Letsoele Khahlanong le ho Fepa ka Botlolo

“’Matlisisi William Chandler o re: “Phepo e mpe e bakoang ke mekhoa e fokolang ea ho fepa ngoana e nka maphelo a mangata ka makhetlo a 10 ho feta tlala ea sebele. Phepo e sa lokang hammoho le letšollo le bakoang ke ho fela ha metsoako e metsi ’meleng e fetoha ’molai e moholo lefatšeng.” Hangata, ‘mekhoa e fokolang ea ho fepa’ e qalisa boseeng.

Lebese la letsoele ke lijo tse molemo bakeng sa masea a mangata hobane le na le lijo tsohle tse hlokahalang tse nang le phepo. Le sileha habonolo kapele. Le tsoakiloe hantle ka linako tsohle ’me le futhumetse ka ho lekaneng. Le na le lithibela-mafu tse sireletsang le ho thusa lesea hore le se hlaseloe ke mafu a tšoaetsang. Hape ho nyantša ho nea lesea tlhokomelo e lerato, e leng eona ea bohlokoa bakeng sa khōlo ea lona maikutlong.

Leha ho le joalo, ho nyantša ho se ho qepha linaheng tse hōlang moruong hobane basali ba sebetsa. Ka baka leo, masea a mangata a Maafrika a fepjoa lijo tsa phofo. Lijo tse joalo li fana ka phepo e ntle ha li lokisetsoa hantle tlas’a maemo a hloekileng. “Leha ho le joalo, libakeng tse futsanehileng haholo tsa lefatše,” ho tlaleha makasine oa Time, “ka linako tse ling hoo ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala. Bo-’mè ka ho se tsebe ba ka ’na ba tsoaka lijo tsa phofo ka metsi a silafetseng, kapa bakeng sa ho boloka chelete, ba li hlapholla haholo.” Liphello e ka ba tse kotsi.

Queen, ’mè oa Nigeria ea nang le bana ba supileng, o hopola hore baoki ba sepetlele ba ile ba tloaetsa masea a hae botlolo ho tloha qalong. Queen o ile a tsoela pele ka mokhoa o joalo ha a le hae. Leha ho le joalo, bana ba hae ba tšeletseng kaofela ba ile ba kulisoa ke letšollo le leholo le le sa khaotseng—a le mong o ile a batla a e-shoa. Monna oa hae o re: “Re ile ra hlokomela hore ngoana oa rōna oa botšelela o ne a tšoaelitsoe ke mafu a itseng ka baka la ho fepjoa ka botlolo, ka baka leo ra khaotsa ho e sebelisa, ’me a fola. Joale Queen o nyantša ngoana oa rōna oa bosupa likhoeling tsa hae tsa pele tse ’maloa.”

Molaetsa ke ofe? Nyantša ngoana oa hao kapele kamoo ho ka etsahalang! E-ja lijo tse nang le phepo e leka-lekaneng hore u tsebe ho hlahisa lebese le fanang ka bophelo bo botle. Molemo o mong ke hore ho nyantša ho liehisa ho qaleha ha ho ilela khoeli kamor’a ho belehoa ha lesea. Kahoo ho bitsoa thibela-pelehi ea tlhaho.

Ba Fepe Hantle!

Leha ho le joalo, ka linako tse ling bana ba Maafrika ba feptjoa lebese la letsoele ho fihlela ba le likhoeli li 18. William Chandler o re, “ha bana ba bangata ba khoesoa, ba neoa lijo tsa batho ba baholo tseo ba sa tsebeng ho li hlafuna kapa ho li sila, kapa tse sa faneng ka phepo e ntle.”

Ofisi ea UNICEF ea Cote d’Ivoire e hlahisitse phatlalatso e eletsang bo-’mè: “Kamor’a likhoeli tse hlano, fana ka se fetang feela letsoele.” Lebese la ’mè le lokela ho eketsoa ka litholoana, lijo-thollo, le meroho e phehiloeng le e sitsoeng e bonolo ka ho lekaneng hore lesea le tsebe ho e hlafuna le ho e koenya. ’Mè oa Nigeria ea bitsoang Ijeoma o ile a nyantša e mong le e mong oa bana ba hae ba bane likhoeling tsa bona tsa pele tse ’ne. O ile a tsoela pele a ba nyantša ho fihlela likhoeling tse 12, butle-butle a ntse a fokotsa ho ba nyantša ka ho ba jesa lijo ka khaba kapa ka ho kenya lijo ka botlolong tse kang lero la litholoana, phofo ea poone, le tse ling. O latela haufi mekhoa ea paballo ea bophelo bo botle ha a pheha lijo. Liphello? Bana ba hae ba hōlile ba shahlile ’me ba bile le litšoaetso tse fokolang.

Ha ngoana a ntse a hōla, lijo tse fanang ka phepo e leka-lekaneng li tla mo thusa ho lula a shahlile. Lijo tse nang le limatlafatsi feela, tse kang lihoete, cassava kapa reisi e bonolo, li ke ke tsa fana ka lijo tse lekaneng tse nang le phepo. ’Mele oa hae o boetse o hloka lihaha-’mele, lijo tse thibelang mafu, le matsoai a fumanehang nameng, maheng, lebeseng, linaoeng, pooneng, le mefuteng e sa tšoaneng ea meroho le litholoana.

Habohlokoa hape ke tsela eo lijo li tšoaroang ka eona le ho bolokoa ka eona. U ka ’na ua lekeha ho sebelisa lijo tseo e leng khale li pheuoe tse tlohetsoeng li sa kenngoa ka sehatsetsing ka matsatsi a ’maloa, empa U SE KE UA LI SEBELISA! “Lijo tse silafalitsoeng hangata ha lia sireletseha ’me li ka lebisa litlhaselong tse ngata tsa letšollo le mafu a mang a tšoaetsang.” Ka baka leo, (1) hlatsoa matsoho a hao pele u tšoara kapa u pheha lijo. (2) E-ja lijo kapele hoba li phehuoe—u se ke ua li tlohella hore li lule nako e telele ka mofuthung oa phaposi. (3) Boloka kichene ea hao, lipitsa tsa hao, le liaparo tsa hao li hloekile ka linako tsohle ’me u be makhethe.—Makasine oa WorldHealth.

Likokoanyana li ata haholo metsing a silafetseng. Ka baka leo sefa kapa belisa metsi pele u-ua sebelisa. Tsokotsa lijana ka metsi a chesang, ’me u hlatsoe matsoho a hao pele u tšoara lijo.

Ka sebele, mohlomong tšireletso e bonolo haholo ea bophelo bo botle ke ho boloka tekanyetso e phahameng ea bohloeki. Leha ho le joalo, linaheng tse hōlang moruong, sena e ka ba phephetso ea sebele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Phuputso e entsoeng linaheng tse hōlang moruong e senotse hore Latin America, boholo ba bo-’mè ha bo sa batla bana. “Ke Afrika feela moo ho nang le basali ba ’maloa ba nang le boikutlo bona.”—State of the World 1985, Mokhatlo oa Worldwatch.

[Lebokose se leqepheng la 23]

Matšoao a Mang a Bontšang ho se Fepehe Hantle

◼ Matla a fokolang—ngoana ha a bapale haholo

◼ Takatso e fokolang ea lijo—ngoana o hana ho ja, o ja hanyenyane

◼ Ho hōla butle—ngoana o ba monyenyane haholo ho feta lilemo tsa hae

◼ Tšireletso e fokolang mafung—o kula hangata ka baka la litšoaetso tse fokolang

Lisosa Tse Ling Tsa ho se Fepehe Hantle

◼ Khaello ea lijo

◼ Lijo tse ngata empa tsa mofuta o fosahetseng

◼ Ho fepa ngoana ka botlolo e nang le lijo tse fokolang kapa e sa hloekisoang hantle

◼ Mafu a tšoaetsanoang

◼ Likokoanyana tsa mala, tse bakang letšollo kapa ho hlatsa

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Mekhoa e Meng e Bolokang Bophelob

Bana ba fetang 2 000 ba shoa letsatsi ka leng ka baka la mafu a kang khophole, ho holofala ha litho tsa ’mele, mokhokhothoane, ’metso o mosoeu, lefu la tsitsipano ea mohlahare, le lefuba—lingaka li bolela hore, mafu ana kaofela, a ka thibeloa habonolo ka moento. Kahoo batsoali ba bangata ba ile ba iketsetsa qeto ea hore bana ba bona ba enteloe mafu ana. Ka mohlala, Nigeria, e na le EPI (Expanded Programme on Immunization [Lenaneo le Atolositsoeng la ho Enta]). Mohlomong lenaneo le joalo le teng naheng ea lōna.—Bona “Awake!” ea August 22, 1965, mabapi le boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea ho enta.

Leha ho le joalo, u hopole hore, hore ngoana a sireletsehe ka ho feletseng, hangata ho ka ’na ha hlokahala hore u khutlisetse ngoana bakeng sa meento e meng. Hangata batsoali ba ameha ka feberu e sa reng letho le ka mahloko a ka hlahang kamor’a hore ngoana a entoe ka lekhetlo la pele. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata ba nahana hore bohloko bo joalo bo bonyenyane ke liphello tse nyenyane tseo motsoali a lokelang ho talimana le tsona bakeng sa ho sireletsa ngoana lefung le bolaeang.

Hape, tloaelana le ORT (Oral Rehydration Therapy [Phekolo ea ho Khutlisetsa Metsoako e Metsi ’Meleng ka Molomo]).c Lilemong tse fetileng tse leshome, bana ba ka bang limillione tse 30 ba ile ba shoa ka lebaka la ho fela ha metsoako e metsi ’meleng ea bona le phepo e mpe e bakiloeng ke letšollo. Leha ho le joalo, motsoako o bonolo oa tsoekere, letsoai, le metsi, o ka boloka bophelo ba ngoana oa hao ha letšollo le hlaha. Ha motsoako ona o nooa, o eketsa matla a ’mele a ho monya motsoako o metsi ho tlatsa sebaka sa motsoako o lahlehileng ka baka la letšollo le ho hlatsa. Haeba u sa fumane matsoai a kentsoeng e sa le pele ka liphutheloaneng, latela motsoako ona o bonolo: Kopanya khabana e le ’ngoe ea letsoai, khaba tse robeli tse tletseng tsa tsoekere, le lithara e le ’ngoe ea metsi. Phekolo ea ORT “e leleka lefu ho batho ba ka bang 90 lekholong ba nang le lefu la letšollo ka baka la ho fela ha metsoako e metsi ’meleng.”

Ho sa tsotellehe mehato ena eohle ea ho itšireletsa, bana ba ka ’na ba tšoaetsoa ke mafu le likokoanyana tsa mala. Motho a ka tseba joang ha maemo a joalo a kotsi a le teng? Chate e bontšang tsoelopele ea boima ba ’mele oa lesea, e fumanehang habonolo linaheng tse ngata, e ka thusa. Kala ngoana oa hao khoeli le khoeli ’me u ngole boima ba hae chateng e bontšang lebelo le tloaelehileng la khōlo. Ho bapisa likala tse peli ho tla bontša phoso leha e le efe khōlong ea hae.

[Chate]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

Weight Progress Chart

average healthy child

may indicate poor diet (visit doctor or clinic)

1 Kg = 2.2 lb.

20

18

16

14

12

10

8

6

4

2

kg 0

1st year, 2nd year, 3rd year, 4th year, 5th year

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b Taba e fanoe bakeng sa boitsebiso feela. Tsoha! ha e buelle hore mofuta o mong oa phekolo ea moriana o molemo ho e-na le o mong.

c Bona “A Salty Drink That Saves Lives!” ho tokollo ea Awake! ea September 22, 1985.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela