Tlokotsi e Khōlōhali
Erika o na le likhoeli tse tšeletseng. Leha ho le joalo, boima le bolelele ba hae ke ba lesea la khoeli kapa tse peli. Le hoja a fokotse hakaalo, maoto le mpa ea hae li ruruhile ’me sefahleho sa hae se seholohali ’me se sechitja. O pulufetse, moriri oa hae oa fefoha o bile o mothokoa, ’me letlalo le tletse liso. O bonahala a se na thabo ho hang. Ha ngaka e hlahloba mahlo a Erik, e tlameha ho ba hlokolosi haholo, kaha linama tsa mahlo li ka taboha habonolo. Ho ka etsahala hore ebe khōlo ea kelello ea Erik e amehile. Ka bomalimabe, boemo ba ngoana enoa hase bo ikhethang ho hang.
“E NA le seabo halofong ea bana bohle ba shoang lefatšeng ka bophara—e leng tekanyo eo ho seng mafu a tšoaetsanoang a lekanang le eona ho tloha ha ho e-ba le Lefu la Seoa la lekholong la bo14 la lilemo. Leha ho le joalo, hase lefu le tšoaetsanoang. Tšenyo ea lona e ama baphonyohi ba limilione bao le ba sieang ba holofetse, ba lula ba hlaseloa ke mafu habonolo, hape ba holofetse kelellong. Le beha basali le malapa kotsing ’me le qetelle ka ho beha ho pholoha ha lichaba tsohle kotsing.”—The State of the World’s Children, Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana.
Mantsoe ao a hlalosa lefu la mofuta ofe? Khaello ea phepo e nepahetseng—haholo-holo, khaello ea phepo e nepahetseng ea liprotheine tse fanang ka matla (protein-energy malnutrition [PEM]), eo Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) o e bitsitseng “boemo ba tšohanyetso bo patehileng.” Tlokotsi ee e khōlō hakae? WHO e phatlalatsa hore “bonyane e bile le seabo ho bolaeeng halofo ea bana ba limilione tse 10,4 selemo le selemo.”
Khaello ea phepo e nepahetseng e akarelletsa mafu a mangata, ebang e ka ba ho se fepehe hantle ka lebaka la ho haella ha limatlafatsi tse itseng—ho kang khaello ea livithamine le matsoai a mang—kapa botenya bo feteletseng le mafu a mang a sa foleng a amanang le lijo. Leha ho le joalo, WHO e re PEM “ke oona mofuta o bolaeang ka ho fetisisa oa khaello ea phepo e nepahetseng.” E hlasela haholo-holo bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano.
Ak’u nahane hanyenyane ka Erik ea boletsoeng qalong, le bana ba limilione ba sotlehileng ka lebaka la khaello ea phepo e nepahetseng. Hase molato oa bona hore ebe ba boemong boo, leha e le hore ba ka bo qoba. Georgina Toussaint eo e leng ngaka ea mafu a bana ebile e le setsebi sa phepo e nepahetseng o ile a bolella Tsoha!: “Ba sotlehang le ba kotulang litholoana tse babang ke ba ho qetela ba ka behoang molato empa e le bona ba hlaselehang habonolo ka ho fetisisa.”
Ba bang ba ka ’na ba nka hore bothata bona ke bo ke keng ba qojoa—hore ha ho na lijo tse ka lekanang bohle. Empa ho makatsang ke hore ho ea ka WHO, “kajeno re phela lefatšeng la matletsetletse.” Ho na le lijo tse ka lekanang batho bohle ba lefatšeng—le ho feta. Ho feta moo, khaello ea phepo e nepahetseng bathong ke boloetse bo ka thibeloang habonolo ka ho fetisisa le boo ho leng chipi haholo ho bo phekola. Na linnete tsee ha li u khopise?
Ho Ameha Bo-mang?
Khaello ea phepo e nepahetseng ha e felle ho bana feela. Ho ea ka tlaleho ea WHO ea July 2001, “khaello ea phepo e nepahetseng e aparetse batho ba ka bang limilione tse 800—e leng karolo ea 20 lekholong ea batho ba linaheng tse ntseng li hōla.” Hoo ho bolela hore a le mong ho batho ba bang le ba bang ba robeli lefatšeng o na le eona.
Le hoja palo e khōlō ea batho ba sa fepehang hantle e le Asia—haholo-holo karolong e ka boroa le e bohareng—lenane le phahameng ka ho fetisisa la baahi ba sa fepehang hantle le Afrika. Linaha tse ling tse ntseng li hōla moruong Latin America le Caribbean ke tsona tse latelang.
Na linaha tse tsoetseng pele moruong ha li na khaello ea phepo e nepahetseng? Che. Ho ea ka The State of Food Insecurity in the World 2001, batho ba limilione tse 11 ba phelang linaheng tse tsoetseng pele moruong ba sotloa ke khaello ea phepo e nepahetseng. Batho ba eketsehileng ba limilione tse 27 ba sa fepehang hantle ba phela linaheng tse seng li entse tsoelo-pele e itseng moruong, haholo-holo tse Europe Bochabela le lirephabliking tseo e neng e le karolo ea Soviet Union.
Ke hobane’ng ha khaello ea phepo e nepahetseng e fetohile bothata bo tebileng hakaale? Na ho na le se ka ntlafatsang boemo ba ho se fepehe hantle hona joale? Na bothata ba khaello ea phepo e nepahetseng bo tla ke bo fele lefatšeng la rōna? Lihlooho tse latelang li tla arabela lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae la ’nete.
[Chate/’Mapa o leqepheng la 4]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LINAHA TSE NANG LE BAAHI BA KOTSING EA HO HLOKA LIJO TSE LEKANENG
TSE SENG KOTSING HAHOLO
TSE ITEKANETSENG
TSE KOTSING E KHŌLŌ
TSE SENG KOTSING KAPA TSEO BOITSEBISO BA TSONA BO SA FELLANG
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Ba emetse liphallelo Sudan
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN/DPI Photo by Eskinder Debebe