Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/09 maq. 27-28
  • Ke’ng se ka Etsoang—Ha Bana ba le Batenya?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke’ng se ka Etsoang—Ha Bana ba le Batenya?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabaka a Mang a Hore ba be Batenya
  • Tharollo ke Efe?
  • Na Botenya ke Bothata ba Sebele?
    Tsoha!—2004
  • Botenya—Bo Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2004
  • Ho Loantša Bothata ba ho Nona Haholo Bongoaneng
    Tsoha!—2012
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 3/09 maq. 27-28

Ke’ng se ka Etsoang​—Ha Bana ba le Batenya?

LINAHENG tse ngata ho tloaelehile hore bana ba bangata ba be batenya ka tsela e tšosang. Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o re lefatšeng ka bophara, e ka ’na eaba ho na le bana ba limilione tse 22 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba nonneng haholo.

Phuputso e entsoeng Spain e senotse hore ngoana a le mong ho ba bararo o motenya kapa o nonne haholo. Lilemong tse leshome feela (1985-1995), palo ea bana ba batenya e ile ea eketseha ka makhetlo a mararo, Australia. Lilemong tse 30 tse fetileng, palo ea bana ba batenya ba pakeng tsa lilemo tse 6 le tse 11 e imenne ka makhetlo a fetang a mararo, United States.

Le linaheng tse ntseng li tsoela pele, bana ba se ba le batenya. Ho ea ka mokhatlo oa International Obesity Task Force, likarolong tse ling tsa Afrika, bana ba batenya ba bangata ho feta ba haelloang ke phepo. Ka 2007, Mexico e ne e latela United States ka palo ea bana ba batenya lefatšeng. Ho tlalehoa hore karolo ea 70 lekholong ea bana le bacha Mexico City feela, ba batenya kapa ba nonne haholo. Dr. Francisco González, eo e leng ngaka ea mafu a bana, o lemosa hore e ka ’na eaba bana bana “ke moloko oa pele o tla shoa pele ho batsoali ba bona ba bolaoa ke maloetse a bakoang ke botenya.”

Ke maloetse afe? A mang a ’ona ke lefu la tsoekere, khatello e phahameng ea mali le lefu la pelo. Maloetse ana, ke ao nakong e fetileng ho neng ho nkoa hore a tšoara batho ba baholo. Ho ea ka Mokhatlo oa Tsa Bongaka United States, bashanyana ba etsang karolo ea 30 lekholong le banana ba etsang karolo ea 40 lekholong ba hlahetseng United States ka selemo sa 2000, ba kotsing ea hore neng-neng bophelong ba ka ’na ba fumanoa ba e-na le lefu la tsoekere le bakoang ke botenya.

Liphuputso li bontša boemo bo tšosang baneng. Ho eketseha ha batho ba batenya ho etsa hore ba bangata ba be le khatello e phahameng ea mali. Dr. Rebecca Din-Dzietham oa Morehouse School of Medicine, Atlanta, Georgia oa lemosa: “Ntle le hore re fokotse palo ea ba nang le khatello e phahameng ea mali, re ka ’na ra tobana le keketseho e khōlō ea bacha le batho ba baholo ba tšoeroeng ke lefu la pelo.”

Mabaka a Mang a Hore ba be Batenya

Ke’ng se bakang seoa see sa bana ba batenya lefatšeng ka bophara? Le hoja liphatsa tsa lefutso li ka ’na tsa etsa hore batho ba bang ba be batenya, ho eketseha ka sekhahla ha batho ba batenya lilemong tse mashome tse sa tsoa feta ho bontša hore ha ho amehe liphatsa tsa lefutso feela. Stephen O’Rahilly, eo e leng moprofesa oa tsa bongaka Univesithing ea Cambridge, Engelane, o re: “Hase hore palo ea batho ba batenya e eketseha ka lebaka la liphatsa tsa lefutso. E ke ke eaba re fetotse liphatsa tsa rōna tsa lefutso lilemong tse 30 tse fetileng.”

Ha Tleliniki ea Mayo, United States, e bua ka lisosa, e re: “Le hoja liphatsa tse itseng tsa lefutso le lihomone tse ling li etsa hore bana ba be batenya, bana ba bangata ba nontšoa ke ho ja haholo le ho se ikoetlise.” Mehlala e ’meli e bontša kamoo ho fetoha ha mekhoa eo batho ba jang ka eona kajeno ho amang seo kateng.

Oa pele, kaha batsoali ba sebetsang ha ba sa na nako e kaalo le matla a ho apeha, ho ea ho tloaeleha hore batho ba reke lijo tse phehiloeng. Lireschorente li runtse hohle lefatšeng. Phuputso e ’ngoe e bontšitse hore hoo e batlang e le ngoana a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ba United States, ba lilemo li 4 ho isa ho 19, ba ja lijo tsa reschorenteng letsatsi le leng le le leng. Lijo tseo li atisa ho ba le tsoekere e ngata le mafura a mangata, ebile li tšeloa li le ngata.

Oa bobeli, batho ba bangata ba se ba khetha ho noa lino tse tsoekere ho e-na le hore ba noe lebese kapa metsi. Ka mohlala, batho ba Mexico ba sebelisa chelete e ngata ho reka lino tse tsoekere, haholo-holo tse nang le asiti, ho feta eo ba e sebelisang ho reka mefuta e leshome ea lijo tsa motheo, e kopane. Ho ea ka buka e bitsoang Overcoming Childhood Obesity, ho noa limililithara tse 600 feela tsa seno-mapholi ka letsatsi ho ka eketsa boima ba ’mele ka lik’hilograma tse 11 ka selemo!

Tabeng ea ho se ikoetlise, phuputso e entsoeng ke Univesithi ea Glasgow, Scotland, e fumane hore ka karolelano, ngoana ea lilemo li tharo o qeta metsotso e 20 ka letsatsi “a etsa ntho e mo hlokang hore a be mahlahahlaha.” Ha a bua ka phuputso eo, Dr. James Hill, eo e leng moprofesa oa mafu a bana le bongaka Univesithing ea Colorado, o ile a re: “Hase bana ba U.K. [United Kingdom] feela ba qetang nako ba lutse empa le ba libakeng tse ling tse ngata lefatšeng ba etsa se tšoanang.”

Tharollo ke Efe?

Litsebi tsa phepo ha li khothalletse hore bana ba thibeloe ho ja lijo tse itseng, kaha sena se ka ’na sa etsa hore ba se ke ba hōla hantle ’me sa ba kulisa. Ho e-na le hoo, Tleliniki ea Mayo e re: “Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa ea ho loantša hore bana ba be batenya ke ho ntlafatsa lijo tseo bohle ka lapeng ba li jang le hore ba ikoetlise ka ho eketsehileng.”—Sheba lebokose le sehloohong sena.

Etsang qeto ea ho ja lijo tse matlafatsang le ho ikoetlisa le le lelapa. Ka tsela eo, bana ba lōna ba tla hōla ba etsa seo le ha e se e le batho ba baholo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]

BATSOALI BA KA ETSA’NG?

1 Rekang litholoana le meroho haholo ’me le je tsona ho feta lijo tse rekoang li phehiloe.

2 Fokotsang lino tse tsoekere le lijo tse ling tse nang le mafura le tsoekere e ngata tseo le ba fang tsona. Ho e-na le hoo, ba feng metsi kapa lebese le se nang mafura a mangata hammoho le lijo tse ling tse matlafatsang.

3 Phehang lijo ka tsela e sa hlokeng hore motho a sebelise mafura a mangata, joaloka ho kenya lijo ka ontong, ho li besa mollong le ho li pheha ka metsi, ho e-na le ho li halika.

4 Ba ngoatheleng lijo tse nyenyane.

5 Qobang ho ba putsa ka lijo kapa ho ba qeka ka tsona.

6 Le se ke la lumella bana hore ba qobe ho ja lijo tsa hoseng. Ho se je lijo tsa hoseng ho ka etsa hore ba je haholo hamorao.

7 Lulang tafoleng ha le ja. Ha motho a ja a shebeletse thelevishene kapa a ntse a sebelisa k’homphieutha, seo se ka etsa hore a je haholo ’me a se ke a utloa le ha a se a khotše.

8 Ba khothalletseng hore ba ikoetlise, mohlomong ka ho palama libaesekele, ho bapala bolo kapa ho bapala khati.

9 Lekanyetsang nako eo ba e qetang ba shebeletse thelevishene, ba sebelisa k’homphieutha ba bile ba bapala lipapali tsa video.

10 Rerang ho ea libakeng tsa boikhathollo tseo le ka etsang lintho tse itseng ho tsona le le lelapa, tse kang ho etela sebakeng sa polokelo ea liphoofolo, ho ea sesa kapa ho ea bapala serapeng sa boikhathollo.

11 Abelang bana ba lōna mesebetsi e hlokang hore ba be mahlahahlaha.

12 Behang mohlala ka ho ja hantle le ho ikoetlisa.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Mohloli: Mekhatlo ea Sechaba ea Bophelo le Tleleniki ea Mayo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela