Botenya—Bo Bakoa ke Eng?
“Re ka har’a bothata ba seoa se ka ’nang sa ama bophelo ba bana ba rōna ka tsela e tebileng. Haeba sechaba se sa nke khato hona joale ho thibela sena, keketseho ea ba ntseng ba ba batenya e ke ke ea khaotsa.”—William J. Klish, moprofesa oa mafu a bana.
HANGATA batho ba se nang bothata ba ho nona ba rata ho tšoaea-tšoaea batho ba nonneng ho feta boima ba bona ba ’mele le ba batenya liphoso, le ho ba nka e le batho ba sa etseng boiteko bo lekaneng le ba se nang sepheo. Empa na bothata boo bo bonolo feela joalo? Na batho ba batenya ke hobane e le batho ba botsoa, ba qobang boikoetliso ba mofuta leha e le ofe? Kapa na maemong a mangata ho na le lisosa tse tebileng tseo ho seng bonolo ho li laola?
Ke Lefutso? Tikoloho? Kapa ka Bobeli?
Buka ea Food Fight e re: “Ho ’nile ha e-ba le khang ka nako e telele tabeng ea hore na botenya bo bakoa ke lefutso kapa ke tikoloho na.” Ho buuoa ka eng moo ha ho thoe lefutso? Ba bang ba na le tumelo ea hore ka tlhaho ’mele o roalla le sa sele ka ho bokella lik’hilojule tse eketsehileng. Eona buka eo e tsoela pele: “Ho ’nile ha etsoa liphuputso ka lilemo tse mashome tabeng ea ho ba motenya ka lebaka la lefutso. . . . Hona joale ho entsoe liphuputso tse ngata liphatseng tsa motho tsa lefutso le tabeng ea botenya. Ho sebelisoa mekhoa e tsoetseng pele ho fumana liphatsa tsa lefutso tse ka etsang hore motho a be motenya le tse ka etsang hore a tšoaroe ke mafu a kang lefu la tsoekere. Ho ea ka puo ea bo-rasaense, karolo ea 25 ho ea ho ea 40 lekholong ea ho nona ha batho ba fapa-fapaneng lefatšeng ho ka thoe ke ka lebaka la lefutso.” Buka eo e tsoela pele: “Ha ho nahanoa hore hangata botenya bo nkoa e le taba ea hore motho o itloheletse, lipalo tsena li hatisa bohlokoa ba tsela eo ’mele o sebetsang ka eona, empa leha ho le joalo, karolo ea 60 lekholong kapa ho feta ea lisosa tse bakelang batho botenya li ka amahanngoa le tikoloho.” Sena se bolela hore sesosa se ka sehloohong sa botenya e ntse e le mokhoa oo motho a phelang ka oona. Na motho o ja lik’hilojule tse ngata ho feta tseo a li sebelisang ka letsatsi? Na o lula a e-ja mofuta o fosahetseng oa lijo? Na ho na le nako eo a e behelletseng ka thōko letsatsi le leng le le leng hore a ikoetlise ho se hokae?
Mayo Clinic e hlalosa sesosa sa botenya ka mantsoe a bonolo: “Ke ’nete hore lefutso le ka ’na la tlatletsa hore u none ho feta boima ba hao ba ’mele kapa u hle u be motenya, empa boima ba hao ba ’mele qetellong bo tla ea ka hore na u ja eng le hore na ua ikoetlisa kapa che. Ka mor’a nako e telele, ho ja lik’hilojule tse fetang tseo u li hlokang, ho phela bophelo ba ho sebetsa o lutse, kapa lintho tsena ka bobeli li ka etsa hore u qetelle u le motenya.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Oona mohloli oo o boetse o re: “Seo u se futsitseng ha se bolele hore joang kapa joang u lokela ho ba motenya. . . . Ho sa tsotellehe hore na liphatsa tsa hao tsa lefutso ke life, boima ba ’mele oa hao bo tla latela seo u se jang le hore na ua ikoetlisa kapa che.”
Indasteri ea tsa ho theola boima ba ’mele e fumana limilione tsa liranta ka batho ba bothateng ba ho batla ho boela ’meleng ea bona ea pele. Empa litsebi li re’ng ka mananeo aa? Buka e bitsoang Food Fight e re: “Ho thata ho theola ’mele ha motho a le motenya, ’me bongata ba batho ba o theolang ba boela ba e-ba batenya hape. Likhakanyo tse batlang li nepahetse li bontša hore ke batho ba etsang karolo ea 25 lekholong [motho a le mong ho ba bane] ba atlehang ho theola ’mele le ho lula ba le joalo, ’me hangata e ba ka ho leka hangata.”
Likotsi Tsa Botenya
Botenya bo ka etsa hore motho a be le maloetse a tebileng. Dr. Scott Loren-Selco, ngaka ea boloetse ba methapo Univesithing ea Southern California Medical Center, o lemosa ka kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la tsoekere la Mofuta oa 2 esita le baneng ba banyenyane ba batenya. (Bona Tsoha! ea May 8, 2003.) O re: “Re bona sena se etsahala nako le nako, ’me ka sebele sea tšosa. Ke bolella [batho bao ke sebetsanang le bona ba nang le bothata ba botenya] hore nka ba isa ka kamoreng ea bakuli ba lefu la tsoekere ’me ke ba bontše hore na ka moso ba ka iphumana ba feletse hokae: lifofu, ba ponngoeng litho tse ling tsa ’mele hammoho le bakuli ba bangata-ngata ba kulang ka ho feletseng ka lebaka la mofuta oa bobeli [oa lefu la tsoekere]—’me kaofela ha bona ba batenya.” Sesosa se seng ke sefe? Loren-Selco o re: “Ba na le chelete ea ho reka li-burger tse khōlō le lichipisi—’me baa li reka. Ha ho na motho ea ba bolellang hore seo se fosahetse—ho hlakile hore e ke ke ea e-ba lik’hamphani tsa lijo tsa lepotlapotla, ’me ha ho se ho buuoa ’nete, esita le lingaka tse ngata ha li ba bolelle, kaha boholo ha li e-s’o koetlisoe tabeng ea phepo e nepahetseng.”
Dr. Edward Taub, mongoli e moholo ho tsa phepo e nepahetseng o re: “Morao tjena ho kene fesheneng, ebile hoa amoheleha ho lumela hore ho nona ho feta boima ba ’mele ke ntho e tloaelehileng ebile ke karolo ea bophelo ba kajeno. Ka sebele ena ke ntho e makatsang hore ebe likhoebo li entse hore sechaba se amohele ketso ena ea ho rua ka rōna ka ho re nontša.”
Litsebi li re batho ba “’mele o sebōpeho sa pere,” ke hore, ba bokellaneng mafura a sa hlokahaleng liqholong, ba ka ’na ba phela hantle ho feta bao “’mele [ea bona] e leng sebōpeho sa apole,” ba bokellaneng mafura a sa hlokahaleng mpeng (haholo-holo haeba matheka a bona a feta lisenthimithara tse 90 ho ea ho tse 100). Hobane’ng? Buka ea Mayo Clinic on Healthy Weight, e re ke hobane “mafura a mpeng a eketsa menyetla ea hore u tšoaroe ke khatello e phahameng ea mali, lefu le amang methapo ea pelo, lefu la tsoekere, stroke le mefuta e itseng ea kankere. Haeba ’mele oa hao o bōpehile joaloka pere—ke hore liqholo tsa hao, lirope le marao kaofela li le khōlō—ha u kotsing haholo.”
Ka hona, tharollo ke efe bakeng sa batho ba baholo le bana ba limilione lefatšeng ka bophara ba nonneng ho feta boima ba bona ba ’mele ’me ba le kotsing ea ho tšoaroa ke maloetse a tebileng? Na ho na le pheko?
[Lebokose/Chate e leqepheng la 13]
BMI ke Eng? E u bolella eng?
BMI (body mass index) e leng boima ba ’mele ha bo bapisoa le bolelele ba ’mele, e ka thusa ho hlakisa hore na motho o nonne ho feta boima ba ’mele oa hae na kapa o se a hlile a le motenya. Ho latela Mayo Clinic, ha boima ba ’mele bo ka oela ho 18,5 ho ea ho 24,9 ka mor’a hore bo bapisoe le bolelele, motho o nkoa a phela hantle haholo. Empa haeba boima ba hao bo ka oela ho 25 ho ea ho 29,9, joale u nkoa o nonne ho feta boima ba hao. Ha motho a ka fetela ka ng’ane ho 30, joale o nkoa a le motenya. U fumana joang hore na uena u oela hokae ha u sebelisa chate? Na mohlomong ho hlokahala hore u ee ngakeng bakeng sa ho fuoa litlhahiso tse itseng kapa ho netefatsa hore na boemo ba hao ke bofe?
E le ho fumana hore na boima ba hao bo bokae ha u bo bapisa le bolelele ba hao (BMI), fumana hore na boima ba ’mele oa hao bo bokae ka lik’hilograma, ebe u bo arola ka bolelele ba hao ka limithara, ebe u boetse u bo arola ka bolelele ba hao hape. Ka mohlala, haeba boima ba hao ke lik’hilograma tse 90 ’me u molelele ba limithara tse 1,8, joale BMI ea hao ke 27,7 (90÷1,8÷1,8=27,7).
[Chate]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
U Phela Hantle U Feta Boima ba ’Mele U Motenya
BMI 18,5-24,9 25-29,9 30 kapa ho feta
Bolelele Boima ka lik’hilograma
1,47 m 53 kapa ka tlaase 54-64 65 kapa ho feta
1,50 m 55 kapa ka tlaase 56-66 67 kapa ho feta
1,52 m 57 kapa ka tlaase 58-68 69 kapa ho feta
1,55 m 59 kapa ka tlaase 60-71 72 kapa ho feta
1,57 m 61 kapa ka tlaase 62-73 74 kapa ho feta
1,60 m 63 kapa ka tlaase 64-76 77 kapa ho feta
1,63 m 65 kapa ka tlaase 66-79 80 kapa ho feta
1,65 m 67 kapa ka tlaase 68-81 82 kapa ho feta
1,68 m 69 kapa ka tlaase 70-84 85 kapa ho feta
1,70 m 71 kapa ka tlaase 72-86 87 kapa ho feta
1,73 m 74 kapa ka tlaase 75-89 90 kapa ho feta
1,75 m 76 kapa ka tlaase 77-91 92 kapa ho feta
1,78 m 78 kapa ka tlaase 79-94 95 kapa ho feta
1,80 m 80 kapa ka tlaase 81-96 97 kapa ho feta
1,83 m 83 kapa ka tlaase 84-99 100 kapa ho feta
1,85 m 85 kapa ka tlaase 86-102 103 kapa ho feta
1,88 m 87 kapa ka tlaase 88-105 106 kapa ho feta
1,90 m 89 kapa ka tlaase 90-107 108 kapa ho feta
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Adapted from Mayo Clinic on Healthy Weight
[Lebokose le leqepheng la 13]
K’hilojule ke eng?
K’hilojule ea motho ea theolang boima ba ’mele e hlalosoa joang? Ke tekanyo e tloaelehileng ea matla a mocheso. Ka hona, ha u fufuleloa, u sebelisa lik’hilojule, kapa matla a mocheso. K’hilojule e lekana le lik’halori tse 0,23. K’halori ke mocheso o hlokahalang ho phahamisa thempereichara ea k’hilograma e le ’ngoe ea metsi ka mocheso oa khato e le ’ngoe ea Celsius. Lik’hilojule tseo motho ka mong a li hlokang ka letsatsi, kapa matla, li fapane, ho ea ka hore na motho o molelele hakae, boima ba hae ba ’mele bo bokae, o na le lilemo tse kae ’me o etsa mosebetsi oa mofuta ofe.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]
U sebetsa u lutse haeba
◼ Ka letsatsi u qeta boholo ba nako u lutse—ebang u shebile TV kapa u deskeng kapa u koloing—ka mantsoe a mang, u sa tsamaee
◼ Ke seoelo u tsamaeang limithara tse ka fetang tse 90
◼ U etsa mosebetsi o u hlokang hore u lule feela
◼ U sa iphe metsotso e 20 ho ea ho e 30 u ikoetlisa bonyane hang ka beke
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ho ea ka Mayo Clinic on Healthy Weight