Na ho Theola Boima ba ’Mele ke Ntoa e ke Keng ea Hlōloa?
HO HLŌLA NTOA ENA HA HO BONOLO JOALOKAHA BATHO BA BASESAANE BA NAHANA!
ENA ke ntoa e loannoeng ka litsela tse ngata. Ho itima lijo ho theola lik’hilogramo tse sa batleheng ka potlako. Maro a theolang boima ba ’mele ka sekhahla a fokotsa mafura. Limathi lia fokotsa ka ho matha. Ba tsamaeang ka maoto ba a fokotsa butle. Ba balang li-calory ba hlokomela haholo lijo tseo ba li jang. Ba bang ba nka mehato e batlang e tiile. Mehlahare e tlanngoa ka terata ho thibela ho hloka boitšoaro ha motho a bona lijo. Ho ’nile ha buuoa likarolo tse ling tsa tselana ea ho thuisa lijo, ha fokotsoa moholu, ’me ha etsoa mehato ea ho monya lipolokoe tsa mafura libakeng tseo mafura a leng mangata ho tsona. Ka ho sebelisa mekhoa ena, tlhōlo e tlameha ho ba haufi.
Empa e seng kapele hakaalo! Lisele tsa mafura tse kileng tsa hlōloa li futuha ka potlako. Lik’hilogramo tse neng li theohile lia khutla, hangata ka matla. Ntoa e loana e ea pele le morao, ha katleho ea nakoana e lateloa ke tlhōlo e nyahamisang. Ntoa e tsoela pele, ho nyahama le hona hoa kenella, ’me batho ba theolang boima ba ’mele baa khathala. Ha baa lokela ho khathala. Tsela e telele ’me ho boima, empa tlhōlo e larile ka pele bakeng sa ba mamellang. Kahoo lokiselletsa kelello ’me hopola, ha ntoa e le boima le tlhōlo le eona e-ba monate. Qalong ea ntoa ea hao ea ho theola boima ba ’mele u tlameha ho lokiselletsa kelello ea hao ho boloka boikutlo ba boitlhompho le ba ho itšepa. U ka ’na ua lokela ho mamella bosesane ba batho le ho nyefoloa ke sechaba se tsielitsoeng ke bosesane.
U tlameha ho hanela ho feptjoa lijo ke basali ba sa nahaneng ba u phehellang hore u je seo u sa tšoanelang ho se ja. U tlameha ho feta tšekamelo ea basomi ba sehlōho ba u tšoantšang le motho ea meharo.a Oa pele o tla u hlōla ka mosa; oa morao, a u ahlole ka ponahalo ea hao.
U se mamele likhoeletso tsa batho ba se nang tsebo joaloka tse reng: “Haeba u sa je ka ho fetelletseng, u ke ke ua nona!’ Ba etsa hore sena se utloahale habonolo, empa se rarahane haholo. Ke ’nete hore haeba u sa je li-calory tse ngata ho feta tseo ’mele o ka li chesang, u ke ke ua nona. Leha ho le joalo, mabakeng a mangata, ha se li-calory tsohle tse jeoang tse chesoang. Mabakeng a fapaneng, bongata ba tsona bo bolokoa e le mafura liseleng tsa mafura. Kahoo ho motho ea boima bo fetelletseng ekaba ntoa ea boinotši, ntle le ho metsoalle e hlokomelang bothata boo e tobaneng le bona. ’Me bothata bo joalo ekaba bo nyahamisang ka sebele.
Leha ho le joalo, pele re kenella har’a mathata a rarahaneng a ntoa ena, ho na le potso e lokelang ho nahanoa: Na hoa hlokahala hore u theole boima ba ’mele? Linaheng tse ling bosesane bo fetohile tumela-khoela. Ba bang ba ba basesane hoo ba haelloang ke phepo, kapa ba be boemong bo fetelletseng esita le ho hloka takatso ea lijo hoo ba lahleheloang ke boima bo fetelletseng ba ’mele kapa ba lule ba lapile ka linako tsohle. Ho e-na le hore boima ba ’mele ebe motheo oa kahlōlo, bahlalefi ba hlokomela karolo ea mafura ’meleng e le tataiso e molemonyana. Ba hlalosa boima bo fetelletseng e le ho nona haholo ’me karolo ea 20 lekholong ho banna ho ea ho 25 lekholong ea boima ba ’mele e le mafura ha ho basali e le karolo ea 25 lekholong ho ea ho 30 lekholong.
Ka sebele, boima bo tobileng bo fanoeng mananeng a mabapi le botelele le boima ha a lekana. Joalokaha mofuputsi e mong a bolela: “Leha ho le joalo, seo manane a sa u bolelleng sona, ke hore batho ba babeli ba boima bo lekanang le botelele bo lekanang ba ka fapana haholo ka botenya ba bona le ponahalo ea ’mele ea bona. Lisele tse fokotseng le mesifa li na le boima bo boholo ho feta mafura, kahoo boima feela ka bobona ha se tekanyetso e ntle ea bophelo bo botle kapa ho shahla.” Tataiso e tšepahalang haholoanyane—le hoja e ntse e sa phethahala—ke manane a lilemo, bong, le mofuta oa ’mele, le ho fana ka letoto la boima bo amohelehang joaloka bo leqepheng la 27.
Batho ba bangata ba lekanya hore lisele tse bolokang mafura (tse bitsoang adipocytes) ke lintho tse botsoa haholo, tse nkileng sebaka hohle ’meleng—sebaka se seholo haholo! Lisele tsa mafura (tse bitsoang adipose) ke sebaka sa pokello ea li-triglyceride (mafura). Karolo e ka etsang 95 lekholong ea lisele tsa mafura tsa adipose ke mafura a shoeleng, empa karolo e setseng e aroloa pakeng tsa kaheho ea ’mele, mali le methapo ea mali, le lisele tse phelang tse sebetsang ’meleng. Lisele tsena li ka ba meharo haholo, li itšoarella ka matla hape li fetola lijo tse theolang boima ba ’mele mafura maling a potolohang methapong e kenellang liseleng tsa mafura tsa adipose. Maro a mang a susumetsang ’mele a ntšetsa pele ho hlahisoa ha mafura kapa ho tšolleloa ha ’ona maling e le li-fatty acid bakeng sa ho fana ka matla ao ’mele o a hlokang. Ho e-na le ho ba botsoa, batho ba bang ka ho nyahama, lisele tsa bona tsa mafura li sebetsa nako eohle!
Nakong e fetileng ho ile ha hopoloa hore hang feela ha lisele tsa mafura li le teng ’meleng, ha li eketsehe empa li hōla feela. Hamorao phuputso e fumane ho fapaneng. Joalokaha mohloli o mong oa mahlale o bolela: “Ho eketseha ha sebaka sa polokelo ea lisele tsa mafura tsa adipose ho finyelloa pele ka ho eketseha ha mafura a le teng ho adipocyte ea pokello ea mafura, triglyceride, ’me hamorao, ha li tlala, ho hlaha lisele tse ncha tsa mafura.” Ha li batla li se na letho, lisele tse bolokang mafura tsa adipocyte li nyenyane haholo, empa ha li eketsa mafura, li ka eketsa boholo ba tsona ka makhetlo a menahaneng ha leshome, ho bolelang ho eketseha ha boholo ba tsona kahoo e ka bang sekete.
Ho na le libaka tsa mafura ’meleng moo mafura a beoang teng. Ho banna letheka ke sebaka se seng. Ho basali ke letheka le lirope. Batho ba joalo ba ka fokotsa mafura, empa libaka tsena ke tsa ho qetela tsa ho fokotsa mafura a tsona. Bafuputsi ba fumane hore lisele tsa mafura ka holimo li na le likaroloana tsa lisele tsa kutlo tse bitsoang alpha le beta. Lisele tsa kutlo tsa alpha li susumetsa ho bokellana ha mafura; lisele tsa kutlo tsa beta li eketsa ho chesoa ha mafura. Lisele tsa kutlo tsa alpha li ngata haholo liseleng tsa mafura tsa matheka le lirope ho basali le limpeng ho banna. Mosali e mong o ile a theola karolo ea 15 lekholong ea mafura a ’meleng oa hae empa e seng lethekeng le liropeng. Monna e mong o ile a theola boima ba hae ka potlako empa mpa ea hae ea sala.
Ho bala li-calory ha se tharollo e bonolo ea ho theola boima ba ’mele joalokaha batho ba nahana. Li-calory ha li lekane. Ha u ja li-calory tse 100 tsa limatlafatsi u ka ’na ua boloka tse 77 tsa tsona e le mafura a ’mele—tse 23 li chesoa ha ho chesoa limatlafatsi. Empa ha u ja li-calory tse 100 tsa sereleli tse 97 li bolokoa e le mafura—’me ho chesoa tse tharo feela. Lebaka: Mafura a jeoang a na le lik’hemik’hale tse amanang haufi le ’mele, kahoo a bolokoa habonolo. Ho bala li-calory ke karolo feela ea pale. Mohloli oa li-calory tseo ke oa bohlokoa. Calory bakeng sa calory, lijo tse mafura li nontša haholoanyane ’me li na le phepo e fokolang ho feta limatlafatsi. Phuputsong e ’ngoe, banna ba ileng ba fuoa lijo tse nang le limatlafatsi tse ngata haholo ka likhoeli tse supileng ba ile ba eketsa boima ba ’mele ka lik’hilogramo tse 14, empa banna ba ileng ba fuoa lijo tse nang le mafura a mangata ha ba eketsa boima ba bona ba ’mele ka lik’hilogramo tse 14 ka likhoeli tse tharo.
Lino tse theolang boima ba ’mele li fokotsa boima ka potlako, ka ntle ho mathata. Ka bo1970 ho ile ha buelloa haholo lino tsa lihaha-’mele tse theolang boima ba ’mele ’me ho ea bofelong ba 1977 mafu a ka bang 60 a ile a amahanngoa le sena. Ventricular arrhythmias, e leng ho otla ka potlako ha pelo ka lebelo le sa tloaelehang, ho lumetsoe e le lebaka la mafu a mangata. Lino tse joalo tse theolang boima ba ’mele ka sekhahla li ntlafalitsoe ka ho eketsa lihaha-’mele empa hape le ka limatlafatsi, mafura, lithibela-mafu, le matsoai. Leha ho le joalo, lijo tse nang li-calory tse ngata le ho fokotsa ha tsona boima ka potlako li ntse li e-na le mefokolo ea tsona.
Lijo tse nang le li-calory tse nyenyane haholo ho fokotsa boima ba ’mele ka sekhahla li theola tsamaiso ea ’mele ea ho chesa lijo—ho theoha hona ho qala nakong ea lihora tse 24, ’me libekeng tse peli tšebetso ea ho chesoa ha lijo ’meleng e fokotseha ka karolo ea 20 lekholong. Ngaka e ’ngoe e botsitsoeng ka lino tse nang le li-calory tse nyenyane tse theolang boima ba ’mele ka sekhahla e ile ea bua ka sena: “Tsamaiso ea ’mele ea ho chesa lijo e tla fokotseha haholo ka li-calory tse seng kae, ’me u tla iphumana u khopeha ’me u khathetse. Hape, 70% ea nako e telele ea ho theola boima ba ’mele e tla ba mesifa, e seng mafura.” Ba loanelang ho theola boima ba ’mele ba batla ho fokotsa mafura, e seng mesifa. Lisele tsa mesifa ke tse chesang li-calory ka ho fetisisa ’meleng. Ho li lahla ho liehisa ho theola tšebetso ea motheo ea ’mele—tekanyo ea matla a sebelisitsoeng ho boloka tšebetso e tloaelehileng ea ’mele, joaloka ho phefumoloha le ho lokisa sele. Sena se ikarabella bakeng sa hoo e ka bang karolo ea 60 ho ea ho 75 lekholong ea matla a sebelisoang ke ’mele.
Ho theoha hona ha tšebetso ea ’mele ke lebaka leo ba theolang boima ba ’mele hangata ba khaotsang ho theola boima kamor’a libeke tse seng kae tsa ho loanela ho theola boima ba ’mele ka matla. Mosali e mong eo ho tloha ha a le lilemo li 16 a ’nileng a boloka boima ba hae bo le tlaase ka ho ja lijo tse theolang boima ba ’mele, o ile a eketsa boima ba ’mele oa hae ka lik’hilogramo tse 11 ha a beleha ngoana oa hae oa pele empa a li lahla, joale a eketsa boima ba ’mele ka lik’hilogramo tse 22 ka morao ho beleha ngoana oa hae oa bobeli ’me ha a ka a hlola a fokotsa boima ba ’mele. Oa tlaleha: “Ka lekhetlo le leng ke ile ka ea tleleniking e theolang boima ba ’mele moo ke ileng ka laeloa ho fokotsa li-calory ho ea ho tse 500 ka letsatsi. Ke ile ka theoha [ka lik’hilogramo tse 4, 5] khoeling ea pele, [e le ’ngoe] ntle le ho latela lenaneo ka botšepehi. Ha li-calory tseo ke li jang li nyolohetse ho tse 800 ka letsatsi, butle-butle ke ile ka eketsa boima ba ’mele [ka k’hilogramo e le ’ngoe] ka beke ho fihlela ha ke khutletse boimeng [ba lik’hilogramo tse 5, 5] tseo ke li theotseng haboima. Ho ne ho nyahamisa hakakang!”
Ho phaella tšebetsong e tlaase ea ’mele, lero la ho thuisa lijo lipoprotein lipase, le laolang ho bolokoa ha mafura, le ka ba mafolofolo ho boloka mafura kamor’a ho theola boima ba ’mele ka sekhahla. Ka mabaka ana a mabeli, batho ba bang ba eketsa boima bane bo lahliloeng hape ha ba e-ja ka ho lekaneng. Ha e le hantle, boholo ba batho bo eketsa boima hape—karolo ea 95 lekholong e nona haholo ’me karolo ea 66 lekholong e nona ka ho fetelletseng. Leha ho le joalo, boima bo eketsehileng hape, haholo-holo ke mafura, e seng mosifa o lahlehileng, e leng ho bolelang tšebetso e fokotsehileng ea ho chesa lijo e khothalletsang ho bolokoa ha mafura a mangata.
Mofuputsi e mong o hlokometse hore bao ba ileng ba theola boima ba ’mele ka lijo nakong e fetileng ba thatafalloa ho bo lahla hape. A ipotsa “Na ho ja lijo tse theolang boima ba ’mele ho ka sitisa ho lahleheloa ke boima hamorao?” Ho ile ha etsoa liteko ka litoeba tse nonneng. Tekong ea tsona ea pele li theola boima ba ’mele ka lijo, li ile tsa theola boima bo bongata ka matsatsi a 21 ’me hoba li tlohele ho theola ’mele, bo ile ba khutla hape ka matsatsi a 45. Lekhetlo la bobeli, ho li nkile matsatsi a 46 ho bo theola ’me ha nka feela matsatsi a 14 ho eketsa boima hape—habeli ho bo theola ’me hararo ho bo khutlisetsa!
Na sena se sebetsa ka tsela e tšoanang ho batho? Ka lijo tse nang le li-calory tse fokolang, bakuli ba 111 ba ile ba theola boima ba ’mele ka karolelano ea lik’hilogramo tse 14 ka beke, empa ka lijo tse tšoanang lekhetlong la bobeli ba ile ba theola boima ba ’mele ka k’hilogramo e le ’ngoe ka beke. Liteko tse ileng tsa etsoa ka tsela e tšoanang ka lihlopha ka bobeli li ile tsa paka liphello tseo.
Litsebi tse ngata li bitsa botenya ho fetelletseng lefu, li bolela hore ho nona ho liphatseng tsa lefutso, le hore sena ke lefutso; le hore ’mele o lekanyetsoa e sa le pele kamoo o tla nona kateng. Empa hase bahlalefi bohle ba lumelanang ka likhopolo tsa monono. Annals of the New York Academy of Sciences e bolela hore ho sa tsotellehe hore na semelo sa ho nona ke sefe ekaba lebaka la liphetoho tsa tšebetso ea lik’hemik’hale tsa ’mele: “Ha boemo ba ho nona bo tiisitsoe, mohlomong bo ka tiisoa ke liphetoho tse khōlō tsa tšebetso ea ’mele tse susumetsoang ke monono.”
Annals e boetse e botsa ka ntlha ea khopolo ena: “Annal ena e fana ka bopaki bo fokolang ka ho tšehetsa khopolo ena.” Ho boleloa hore maro a khathatsang a baka boima bo fetelletseng ba ’mele, haholo-holo thyroid, e nang le karolo e khōlō ea ho laola tšebetso ea ’mele. Leha ho le joalo, ntlha ena e ile ea phahamisoa ke ba bang ea hore ho hlōleha [ha tšebetso ea thyroid] ho bakoa ke ho ja haholo. Ngaka Riggle oa Texas o hlalosa sena: “Thyroid e laola tšebetso ea ’mele, hammoho le lero la pituitary. Empa re lokela ho hopola hore batho ba kenellang tloaelong ea phepo e mpe ea lijo ba baka hore maro ana a ’mele a se ke a fumana lijo tse nang le phepo tseo a li hlokang ho hlahisa a mang. Kahoo maro ana a ka qala ho se khethe lijo ka bohlale.”
Ho ja haholo ke lebaka le utloahalang la ho nona leo batho ba bangata, ho kopanyelletsa le bafuputsi ba le amahanyang le sena: “Leha ho le joalo, bathong ba bangata ba nonneng ho bokellana ha boima le lisele tsa mafura hangata ho ka ’na ha bontša mokhoa oa ka nako e telele, le oo hangata o nkang nako ho bonahala: ho ja li-calory tse ngata haholo, ka matsatsi a lekaneng, tse kaholimo ho feta tse sebelisoang ke mesifa kapa tsamaiso ea ’mele ea ho chesa lijo.” (Annals of the New York Academy of Sciences, 1987, leqephe 343) Kahoo likotsi tsa bophelo tse bakoang ke ho ja haholo li tebile e le ka ’nete:
“Monono o amahanngoa le likotsi tse ngata tsa bophelo. O ka ’na oa fokolisa ho sebetsa ha pelo le matšoafo, oa ntlafatsa ho sebetsa ha maro a ’mele, ’me oa baka mathata a maikutlo. Khatello, ho sitisoa ha tšebetso ea tsoekere, cholesterol [tahi] e ngata maling e tloaelehile bathong ba nonneng ho feta ba basesane. Kahona, ha ho makatse hore ho nona ho ka tlatsetsa [lefung] le ho kula ho batho ba nang le lefu la khatello ea mali, ba oang, ba nang le lefu la tsoekere, mefuta e meng ea mofetše, le nyooko. Kamor’a nako e telele, monono o nkuoe e le kotsi e khethehileng bakeng sa lefu la pelo.”—Journal of the American Medical Association, November 4, 1988, leqephe 2547.
Taba ena e utloahala e tšosa, na ha ho joalo? Empa e seng ka baka la lipolelo tsa bohlokoa. Ho totobetse hore, ho theola boima ba ’mele ke ntoa e hlokang ho hlōloa. Na ho na le litsela tse ka u thusang ho hapa tlhōlo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano ea Bibele ka meharo, ka kōpo bona Molula-Qhooa, May 1, 1986, leqephe 31
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
HO E-NA LE HO BA BOTSOA, LISELE TSA MAFURA BATHONG BA NONNENG LI SEBETSA KA NAKO EOHLE
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]
NA HO THEOLA BOIMA BA ’MELE KA HO JA LIJO TSE NEPAHETSENG HO KA SITISA HO LAHLEHELOA KE BOIMA HA MORAO?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
KA SEBELE LIKOTSI TSA BOPHELO LI TEBILE
[Chate leqepheng la 27]
LETHATHAMO LA BOTELELE LE BOIMA
Botelele Boima
limithara ’Mele o ’Mele o ’Mele o
Monyenyane Lekaneng Moholo
BANNA
1,58 57,9-60,7 59,3-63,8 62,5-67,9
1,60 58,8-61,6 60,2-64,7 63,4-69,3
1,63 59,7-62,5 61,1-65,6 64,3-70,6
1,65 60,7-63,4 62,0-67,0 65,2-72,4
1,68 61,6-64,3 62,9-68,4 66,1-74,2
1,70 62,5-65,6 64,3-69,7 67,4-76,1
1,73 63,4-67,0 65,6-71,1 68,8-77,9
1,75 64,3-68,4 67,0-72,4 70,2-79,7
1,78 65,2-69,7 68,4-73,8 71,5-81,5
1,80 66,1-71,1 69,7-75,1 72,9-83,3
1,83 67,4-72,4 71,1-77,0 74,2-85,1
1,85 68,8-74,2 72,4-78,8 76,1-86,9
1,88 70,2-76,1 74,2-80,6 77,9-89,2
1,90 71,5-77,9 75,6-82,4 79,7-91,5
1,93 73,3-79,7 77,4-84,7 81,9-93,7
BASALI
1,47 46,2-50,2 49,3-54,8 53,4-59,3
1,50 46,6-51,1 50,2-55,7 54,3-60,7
1,52 47,0-52,0 51,1-57,0 55,2-62,0
1,55 48,0-53,4 52,0-58,4 56,6-63,4
1,58 48,9-54,8 53,4-59,7 57,9-64,7
1,60 50,2-56,1 54,8-61,1 59,3-66,5
1,63 51,6-57,5 56,1-62,5 60,7-68,4
1,65 53,0-58,8 57,5-63,8 62,0-70,2
1,68 54,3-60,2 58,8-65,2 63,4-72,0
1,70 55,7-61,6 60,2-66,5 64,7-73,8
1,73 57,0-62,9 61,6-67,9 66,1-75,6
1,75 58,4-64,3 62,9-69,3 67,4-77,0
1,78 59,7-65,6 64,3-70,6 68,8-78,3
1,80 61,1-67,0 65,6-72,0 70,2-79,7
1,83 62,5-68,4 67,0-73,3 71,5-81,0
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Li fetoletsoe ho tsoa mananeng a Society of Actuaries and Association of Life Insurance Medical Directors of America