Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 5/8 maq. 24-26
  • Ke Hobane’ng ha Ke Nonne Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Ke Nonne Hakaale?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlanyetsa Bosesaane
  • Ke Mang ea Reng U Nonne?
  • Ke Hobane’ng ha Ke Shebahala ka Tsela Ena?
  • Hlaolela Khotsofalo Bakeng sa ’Mele oa Hao
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
  • Na ho Theola Boima ba ’Mele ke Ntoa e ke Keng ea Hlōloa?
    Tsoha!—1989
  • Nka Etsa’ng Haeba ke sa Rate Tsela eo ke Shebahalang ka Eona?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ke Hobane’ng ha ke le Mosesaane Hakaale?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 5/8 maq. 24-26

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Ke Nonne Hakaale?

“Ke ikutloa ehlile ke nonne e le kannete, leha ho le joalo ha ke ipekha sekaleng ha ke boima hakaalo ho ea ka lipalo.”—Patti.

“Ho nona . . . ho theola boitlhompho ba hao ho isa boemong bo tlaase ka ho fetisisa. Ke ’nile ka ba le boima bo feteletseng ba ’mele ho tloha ha ke le sehlopheng sa bone sekolong sa praemari . . . Ho tloha ka nako eo ba ile ba qala ho ntheha mabitso.”—Judd.

BOIMA ba ’mele. Ke hoo e batlang e le maikutlo a lulang a tšoenya bacha ba bang, haholo-holo banana. Ha ho ne ho etsoa phuputso sehlopheng se seng sa banana ba lilemong tsa ho kena sekolo, ba etsang karolo ea 58 lekholong

ba ne ba inka e le ba nonneng.

Ho ea ka phuputso e ’ngoe ea United States, bacha ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba banana ba etsang karolo ea 34 lekholong ba nang le boima bo feteletseng ba ’mele ba ile ba noa lipilisi tse theolang boima ba ’mele bakeng sa hore ba fokotse boima boo. Hoo e ka bang a le mong ho ba bane o ile a retelehela ho hlatseng lijo e le hore li se ke tsa iphetola mafura ’meleng! Ha e tlaleha ka phuputso e ’ngoe, The New Teenage Body Book e re: “Ka ho nyarosang, hoo e batlileng e le halofo ea ba lilemo li robong le hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea ba lilemo li leshome le leshome le motso o mong ba ne ba itima lijo e le hore ba theole boima ba ’mele. Banana ba etsang karolo ea 70 lekholong ba nang le lilemo tse leshome le metso e ’meli ho isa ho tse leshome le metso e tšeletseng ba ne ba leka ho fokotsa boima ba ’mele—’me ba etsang karolo ea 90 lekholong ba nang le lilemo tse leshome le metso e supileng ba ne ba theola boima ba ’mele ka ho itima lijo.”

Ho Hlanyetsa Bosesaane

Ka makholo a lilemo botenya bo ne bo nkoa e le bo khahlehang ho banna le basali. Empa ka bo-1920, indasteri ea lifeshene ea United States e ile ea hlahisa liphetoho. Ka tšohanyetso seemo sa ho ba mosesaane se ile sa fetoha tekanyetso ea botle. Mashome a lilemo hamorao bosesaane bo ntse bo kene fesheneng. TV le limakasine li thusitse ho hōlisa boemo bona ka liphatlalatso tse bohlale tsa khoebo tse tsoelang pele tse bontšang limotlelara tsa ba batona le ba batšehali tse nang le ’mele e mesesaane. Ha se ho tsotellehang hore ba bangata ba limotlelara tsena tse nang le ’mele e mesesaane ba ipolaisa tlala hore ba lule ba le basesaane! Bacha ba limilione (le batho ba baholo) ka tsela e poteletseng ba ile ba rupeloa hore ba lumele hore ho khahleha ho tsamaisana le bosesaane. Joale, ha se ho makatsang, hore ebe bacha ba seng basesaane haholo ba inka e le ba nonneng le ba sa khahleheng.

Khatello ea lithaka ha e thuse. Bacha ba nang le boima bo feteletseng ba ’mele hangata e-ba bahlaseluoa ba ho songoa ho sa feleng, ho nyenyefatsoa le ho hlouoa, ho bakang seo mongoli e mong a ileng a se hlalosa e le “bohloko bo boholohali ba kelello”—bohloko bo ka bang teng leha motho e se e le ea moholo.

Ke Mang ea Reng U Nonne?

Bonyane ho ea ka pono ea lingaka—ka lehlohonolo tabeng ea hore na u na le boima bo feteletseng ba ’mele kapa che ho ameha ho fetang feela hore na u shebahala joang ha u apere liaparo tsa ho sesa. Ka kakaretso lingaka li hlalosa motho e le ea nonneng ka ho feteletseng haeba a e-na le boima ba 20 lekholong ho feta boo a lokelang ho ba le bona. Leha ho le joalo, lipalo tse lekanyetsang bolelele le boima li theiloe holim’a karolelano, ’me li ka fana ka khopolo e akaretsang feela ea hore na motho ea phetseng hantle o lokela ho ba le boima bofe ba ’mele. Ka hona lingaka tse ling li khetha ho lekanyetsa monono o feteletseng eseng feela ka boima ba ’mele empa le ka mafura a eketsehileng a ’mele. Ho ea ka A Parent’s Guide to Eating Disorders and Obesity, “ho basali mafura a lokela ho etsa karolo ea 20 ho isa ho ea 27 lekholong ea sehlopha sa lisele tsa ’mele ’me ho banna e be karolo ea 15 ho isa ho ea 22 lekholong ea sehlopha sa lisele tsa ’mele.”

Bafuputsi ba bang ba lumela hore ke hoo e ka bang bacha ba seng ba kae bao ka sebele e leng ba nang le boima bo feteletseng ba ’mele. Ponong ea bophelo bo botle ba ’mele, ho hang ho ka ’na ha se ke ha e-ba le lebaka la hore u theole boima ba ’mele. Phuputsong e boletsoeng qalong, ba fetang halofo ea banana bao ho ileng ha etsoa liphuputso ho bona ba ne ba inka e le ba nang le boima bo feteletseng ba ’mele, empa e ne e le feela ba etsang karolo ea 15 lekholong bao ka sebele ba neng ba le joalo.

Ke Hobane’ng ha Ke Shebahala ka Tsela Ena?

Sena se ka ’na sa e-ba le matšeliso a fokolang ha u italima ka seiponeng; u ka ’na ua se ke ua ba le seo u se nkang e le ’mele o khahlehang. Ngoanana e mong eo e leng mocha ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o ile a tletleba: “Ke rata ho fokotsa boima ba ’mele, ke be molelele, ’me ke be le ’mele o bōpehileng hantle haholoanyane.”

Leha ho le joalo, hopola hore ka lebaka la hobane u le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20, ’mele oa hao o fetoha ka potlako. Dr. Iris Litt o hlalosa hore: “Ka ho tloaelehileng, bashanyana le banana ba eketsa boima ba ’mele ha ba kena bohlankaneng le boroetsaneng. Empa ha haholo-holo bashanyana ba e-ba le lihlopha tse eketsehileng tsa lisele tsa mesifa, banana ba ba le lihlopha tsa lisele tsa mafura. Nakong ea ho kena bohlankaneng le boroetsaneng, ngoanana o bokella mafura a ’mele a tlohang ho robeli lekholong—e leng karolelano e tšoanang ea banana le bashanyana nakong ea bongoana—ho isa ho hoo e ka bang karolo ea 22 lekholong ea mafura a ’mele. Ka nako e tšoanang, liphetoho masapong li matlafatsa ho ba le boima bo eketsehileng ba ’mele bananeng. Bashanyana ba ba le mahetla a batsi, ha banana bona ba e-ba le liqholo tse pharaletseng.” Liphetoho tsena li nka nako. Empa ngoanana ea motenya ea lilemo li 11 kapa li 12 a ka fetoha ho tloha ha a kena boroetsaneng ho ba mocha ea bōpehileng hantle. Empa le teng a ka ’na a se fetohe.

Haeba sena se ipakile e le ’nete ka boemo ba hao, e ka ’na ea e-ba ka lebaka la liphatsa tsa lefutso tseo u li futsitseng ho batsoali ba hao. Lingaka tse ling li lumela hore se tsamaisanang le lebala la letlalo la hao, mofuta oa moriri, le bolelele, motheo oa sebōpeho sa ’mele oa hao, se ile sa “ngoloa bukeng,” joalokaha mopesaleme a ile a ngola, mabapi le liphatsa tsa lefutso le kemolo. (Pesaleme ea 139:16) Bukeng ea hae The Weighting Game Dr. Lawrence Lamb o phahamisa ntlha e tšoanang le eo mopesaleme a ileng a bululeloa ho e ngola: “U tsoetsoe u e-na le buka ea bophelo e lekanyetsang hore na boima ba hao ba ’mele bo lokela ho ba bokae, u lokela ho nona hakae, likarolong tse fapa-fapaneng tsa bophelo ba hao.”

Liphuputso li netefalitse hore liphatsa tsa lefutso li na le tšusumetso sebōpehong sa ’mele. Bana ba nketsoeng ka lapeng ba sekamela ho ba le sebōpeho sa ’mele se tšoanang le sa batsoali ba bona ba sebele, ho sa tsotellehe sebōpeho sa ’mele seo batsoali ba ileng ba ba nka ba nang le sona. ’Me kaha mafahla a na le liphatsa tsa lefutso tse tšoanang, ha ea lokela ho ba se makatsang hore mafahla a sekamela ho beng le boima bo tšoanang ba ’mele.

See se bolela’ng ho uena? Ka mohlala, ha re nke hore ka bobeli batsoali ba hao ba nonne ka ho feteletseng. Ka hona le uena u na le monyetla oa 80 lekholong oa ho ba ea nonneng ka ho feteletseng. Menyetla ea ho nona ka ho feteletseng e aroha ka lehare haeba e le a le mong feela oa batsoali ea nonneng ka ho feteletseng. Boikoetliso le ho theola boima ba ’mele ka ho itima lijo bo ka thusa ho isa tekanyong e itseng. Empa ka kakaretso, re batla re tšoarella libōpehong tsa motheo tsa ’mele ea rōna. Haeba ’mele oa hao o oela sehlopheng sa ectomorph, ka tlhaho u mosesaane ebile u mamarane. Empa haeba liphatsa tsa hao tsa lefutso li khethetse ’mele oa hao ho ba sehlopheng sa endomorph—e leng motho ea nang le seemo se sechitja le ea nonneng—ka ho hlakileng u ne u ke ke ua ba mosesaane. Esita leha u e-na le boima ba ’mele bo loketseng ho ea ka lingaka, u tla bonahala u nonne ho feta kamoo u ka ’nang ua rata kateng.

Hlaolela Khotsofalo Bakeng sa ’Mele oa Hao

Na see sea nyahamisa? Mohlomong. Empa litaba tse molemo ke hore Jehova Molimo o ile a bōpa batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, ba phethahetse ’meleng. Esita le hoja ba ile ba fetoha ba sa phethahalang ’me ba fetisetsa ho se phethahale baneng ba bona, Molimo o tla etsa bonnete ba hore likoli tsohle tsa ’mele tse futsitsoeng li lokisoe lefatšeng la hae le lecha le lokileng.—Jobo 14:4; Ba-Roma 5:12; 2 Petrose 3:13.

Hopola hore, litekanyetso tsa botle e ka ’na ea e-ba taba ea sechaba kapa boithatelo ba botho. Kahoo, se nkoang se le setle sea fapana ho pholletsa le lefatše ’me se ka ’na sa fetoha ha nako e ntse e feta. Ke hobane’ng ha “u lumella lefatše le u potolohileng hore le u qobelle hore u bōpehe joaloka lona”? (Ba-Roma 12:2, Phillips) Ke hobane’ng u ka inehela litekanyetsong tsa lona le liponong tsa lona tse fetoloang hangata?

Ka sebele ha ho hlokahale hore u inyenyefatse kapa u tepelle maikutlong hobane feela u se mosesaane. Molimo ha a re ahlole ho ea ka bolelele ba rōna kapa sebōpeho. Bibele e re: “Hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) E, seo e leng sa bohlokoa ho Molimo ke “motho ea ka sephiring, e leng oa pelo”—eseng boholo ba liqholo tsa hao kapa letheka. (1 Petrose 3:4) ’Me hangata batho ba tla hohelehela ho uena, haeba u le ea thabileng, ea nang le botho bo bonolo, ea seatla se bulehileng, le ea nang le kameho ka batho ba bang.

Sena ha se bolele hore ha ho letho leo u ka le etsang bakeng sa ho ntlafatsa ponahalo ea hao. Empa haeba ho hang u sa khotsofalla seemo sa hao, ha ho hlokahale hore u ahlole ’mele oa hao ka hore u itime lijo ka tsela e feteletseng bakeng sa ho theola boima ba ’mele. Mohlomong ho mpa feela ho u hloka hore u be hlokolosi ka mofuta le mebala ea liaparo tseo u li aparang, ho khetha liaparo le mebala tse koahelang seo u nahanang hore ke likoli le ho matlafatsa lintho tsa hao tsa bohlokoa.

Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua ikutloa hore ho ka ba molemo ho fokotsa boima bo seng bokae ba ’mele. Kapa u ka ’na ua ba le bothata ba sebele bo tlisoang ke ho nona ho feteletseng ’me u lokele ho fokotsa boima ba ’mele eseng feela hore u shebahale hamolemonyana empa e le bakeng sa bophelo bo botle ba ’mele. Hore na seo u ka se etsa joang ka ho sireletsehileng ke taba e tla tšohloa sehloohong se latelang.

[Lebokose le leqepheng la 26]

“Ke Mosesaane ka ho Feteletseng”

Hase bacha bohle ba lumelang hore ho ba mosesaane ke ntho e khahlehang haholo. Mark e monyenyane o ile a tletleba: “Ke moshanyana ea lilemo li 15 ea otileng ’me ke songoa ka mehla.” Bosesaane hangata e mpa e le feela phello ea ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. ’Mele o hōlang o sebelisa lik’hilojule tse ngata ka ho fetisisa. Mocha a ka ’na a se ke a ipha linama ho fihlela ka mor’a hore sekhahla sa khōlo se emise. Liphatsa tsa lefutso le tsona li na le karolo eo li e phethang. Ka ho hlakileng ho kula le ho se tsitse ha li-hormone le hona ho ka baka bosesaane bo fetisisang, ’me ho hlokahala tlhokomelo ea ngaka maemong a joalo. Thuso ea lingaka e ka ’na ea e-ba e loketseng ka ho tšoanang bakeng sa bacha ba seng ba sa je ka baka la hobane ba tepeletse maikutlong kapa ba e-na le bothata bo tebileng ba ho ja, bo kang ho itima lijo ka sepheo sa ho theola boima ba ’mele hobane motho a nahana hore o motenya.

Boemong bofe kapa bofe, haeba u nahana hore u mosesaane ka ho feteletseng, fumana maikutlo a ngaka ka sena. Mohlomong u mpa feela u lokela ho ithuta ho amohela—’me mohlomong esita le ho ithuta ho rata—ponahalo ea hao.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ba bangata ba nahana hore ba na le boima bo feteletseng ba ’mele hobane ha ba na seemo se tšoanang le sa limotlelara tse limakasineng tsa feshene

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela