Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 7/8 maq. 6-25
  • Ha ho Nona ho se Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha ho Nona ho se Molemo
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nona Haholo ho Eketsa Likotsi
  • Lintlha Tse Ncha Tse Tataisang Boimeng ba ’Mele
  • Ke’ng se re Nontšitseng Hakaale?
  • Na Re ka Atleha?
  • Na ho Theola Boima ba ’Mele ke Ntoa e ke Keng ea Hlōloa?
    Tsoha!—1989
  • Botenya—Bo Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2004
  • Ke Hobane’ng ha Ke Nonne Hakaale?
    Tsoha!—1994
  • Nka Theola Boima ba ’Mele Joang?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 7/8 maq. 6-25

Ha ho Nona ho se Molemo

Rosa ea lilemo li 35 o ile a tletleba: “Liphahlo tsa ka ha li sa ntekana. Hona joale ke etsa liponto tse 190 [lik’hilograma tse 86], ’me ha ho mohla nkileng ka nahana hore ke tla ba motenya hakana!”

ROSA hase eena feela ea tšoenyehileng ka ho nona. United States, moo a lulang teng, hoo e ka bang karolo ea boraro ea sechaba ke batho ba batenya.a Lenane la batho ba baholo ba batenya Brithani le imenne habeli lilemong tse leshome tse fetileng. ’Me Japane—moo ho nona ho neng ho sa tloaeleha—botenya bo ntse bo tloaeleha.

Bana ba nonang ho feta tekano ba ntse ba eketseha. Bacha ba Maamerika ba ka bang limilione tse 4,7 ba pakeng tsa lilemo tse 6 le tse 17 ba nonne ho tlōla tekano, ha hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea bana, Canada, e le ba batenya. Lilemong tsa morao tjena ho bonahala palo ea bana ba batenya e imenne ka makhetlo a mararo Singapore.

Linaheng tse ling, botenya bo bakoang ke ho nona bo talingoa e le bopaki ba nala le bophelo bo botle, e leng ho lakatsehang haholo ho e-na le ho futsaneha le ho haelloa ke lijo. Empa linaheng tsa Bophirimela, tseo hangata ho tsona lijo li fumanehang habonolo, ho nona ha ho hlile ha ho lakatsehe. Ho e-na le hoo, e ba taba e nkoang ka ho teba. Hobane’ng?

Dr. C. Everett Koop, eo e neng e le ngaka ea mafu ’ohle, United States, o re: “Le hoja batho ba bangata ba lumela hore bothata ba botenya bo ama chebahalo feela, ha e le hantle ke lefu le tebileng.” Setsebi sa ho sebetsa ha maro a batho F. Xavier Pi-Sunyer oa New York oa hlalosa: “[Ho nona ha Maamerika ho] beha batho ba eketsehileng kotsing ea ho tšoaroa ke lefu la tsoekere, khatello ea methapo ea mali, lefu la stroke, lefu la pelo, esita le mefuta e itseng ea kankere.”

Ho Nona Haholo ho Eketsa Likotsi

Nahana ka phuputso e ’ngoe e entsoeng ho baoki ba basali ba Maamerika ba 115 000, e ileng ea ba beha leihlo ka lilemo tse 16. Phuputso eo e fumane hore ha batho ba baholo ba nona ka lik’hilograma tse hlano ho isa ho tse robeli, kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la pelo ea eketseha. Phuputso ena, e hatisitsoeng ho The New England Journal of Medicine ea la 14 September, 1995, e bontšitse hore karolo e le ’ngoe borarong ea mafu a bakoang ke kankere le halofo ea a bakoang ke lefu la pelo a bakoa ke ho nona. Ho ea ka tlaleho e ho The Journal of the American Medical Association (JAMA) ea la 22/29 May, 1996, “78% ea lefu la khatello ea methapo ea mali ho banna le 65% ea lona ho basali, e bakoa ka ho toba ke botenya.” American Cancer Society e re batho ba “nonneng ho tlōla tekano” (ba karolong ea 40 lekholong kapa ho feta ea boima bo loketseng) “ba kotsing e khōlō ea ho tšoaroa ke kankere.”

Empa hase ho nona ka bohona ho leng kotsi; tulo eo mafura a leng ho eona ’meleng e ka boetse ea baka boloetse. Ha e le hantle batho ba mafura ho tloha thekeng ho ea holimo ba kotsing e khōlō ho feta ba batenya liqholong le liropeng. Mafura mpeng a amahanngoa le monyetla oa ho tšoaroa ke lefu la tsoekere, lefu la pelo, kankere ea matsoele le kankere ea pōpelo.

Ka ho tšoanang, bacha ba batenya ba ba le khatello ea methapo ea mali, k’holeseterole e ngata le lilelekela tse ling tsa lefu la tsoekere. ’Me hangata e ba batho ba baholo ba batenya. The New York Times, e sebelisa boitsebiso bo hatisitsoeng koranteng ea bongaka ea Brithani, The Lancet, e tlalehile hore “batho ba neng ba le batenya bongoaneng ba ile ba shoa kapele haholo ’me ba tšoaroa ke mafu a mangatanyana ba sa le tlaase haholo lilemong ho feta batho ba bang ka kakaretso.”

Lintlha Tse Ncha Tse Tataisang Boimeng ba ’Mele

’Muso oa United States, o kholisehile hore boima ba ’mele ke bothata bo tebileng, o ile oa buella lintlha tse matlanyana tse tataisang boimeng ba ’mele ka 1995. (Bona lebokose le leqepheng le latelang.) Lintlha tse nchafalitsoeng tse tataisang li khetholla “boima ba ’mele o shahlileng,” “boima ba ’mele o itekanetseng” le “boima ba ’mele o motenya.” Lintlha tsena tse tataisang li sebetsa ho banna hammoho le basali, ho sa tsotellehe lilemo tsa bona.

Lintlha tse tataisang tsa 1990 li ne li lumella motho ea ’mele o itekanetseng ho nona ha a le lilemong tse mahareng, hoo hangata ho bitsoang ho ipha ’mele. Lintlha tse ncha tse tataisang ha li lumelle sena, kaha matšoao a bontša hore batho ba baholo ha baa lokela ho nona ha ba ntse ba hōla.b Kahoo, motho eo pele ho neng ho nkoa hore o ’mele o itekanetseng a ka ’na a iphumana hona joale a le sehlopheng sa ba batenya. Ka mohlala, motho ea bolelele ba limithara tse 1,68 ea pakeng tsa lilemo tse 35 le 65 ea boima ba lik’hilograma tse 75 a ka be a bile sehlopheng sa ba boima ba ’mele o shahlileng tlas’a lintlha tse tataisang tsa 1990. Empa tlas’a lintlha tse ncha tse tataisang, o tlōtse boima bo loketseng ka lik’hilograma tse hlano!

Ke’ng se re Nontšitseng Hakaale?

Liphatsa tsa lefutso li ka bakela motho botenya, empa hase tsona tse ikarabellang bakeng sa monono linaheng tsa Bophirimela. Ho na le ho hong ho ikarabellang bothateng boo.

Litsebi tsa bophelo li lumela hore ho ja lijo tse mafura ho ka re nontša. Boholo ba nama le lihlahisoa tse ngata tsa lebese, lijo tse bakoang, tse apehoang ka potlako, tse bobebe, tse halikoang, mero le oli li mafura a mangata, ’me ho li ja ho ka nontša. Joang?

Ha e le hantle, re nontšoa ke ho ja lijo tse nang le lik’hilojule tse fetang tseo ’mele ea rōna e li sebelisang. Grama ka ’ngoe ea mafura e na le lik’hilojule tse 38, ha li bapisoa le tse 17 grameng ea protheine kapa grameng ea k’habohaedreite. Kahoo re ja lik’hilojule tse ngata ha re e-ja mafura. Empa ho na le ntlha e ’ngoe hape ea bohlokoa—tsela eo ka eona ’mele oa motho o sebelisang matla a tsoang ho lik’habohaedreite, liprotheine le mafura. ’Mele o qala ka ho sebelisa lik’habohaedreite le liprotheine pele, ebe ho latela mafura. Lik’hilojule tse sa sebetsang tsa mafura li fetoha mafura a ’mele. Kahoo ho fokotsa lijo tse mafura ke habohlokoa bakeng sa ho theola boima ba ’mele.

Empa ba bang ba lumelang hore ba fokolitse lijo tse mafura ba iphumana ba ntse ba nona. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore ba ja haholo. ’Maphepo e mong oa United States o re: “Re ja haholo hobane re ngoatheloa haholo. Ha li le teng, rea li ja.” Batho ba bang ba khetha ho ja haholo lijo tse se nang mafura haholo kapa tse se nang mafura ka ho feletseng. Empa setsebi se sebetsang femeng ea boeletsi khoebong ea lijo, United States, sea hlalosa: “Hangata lijo tse seng mafura haholo li fuoa tatso ka ho tšeloa tsoekere [e nang le lik’hilojule tse ngata].” Kahoo, The New York Times e ile ea tlaleha: “Ho na le litšekamelo tse peli lilemong tsa bo-1990—tsa ho fumana se molemohali ka chelete eo motho a e lefang le ea ho ja lijo tse se nang mafura haholo kapa tse se nang mafura ka ho feletseng—tse khothalletsang ho ja le ho noa ho tlōla tekano,” e leng ho nontšang.

Bophelo ba ho lula feela le bona boa nontša. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng Brithani ho fumanoe hore ba ka holimo ho karolo e le ’ngoe borarong ho batho ba baholo naheng eo ba sebelisa metsotso e ka tlaase ho 20 ka beke bakeng sa boikoetliso ba ’mele. Ba ka tlaase ho halofo ha ba e-s’o kopanele papaling leha e le efe e sehlahlo. Linaheng tse ngata tsa Bophirimela ho tsamaea ka koloi ho nketse ho tsamaea ka maoto sebaka, ’me ho shebella thelevishene nako e telele ho khothalelitse botsoa le ho ja le noa ho tlōla tekano. United States, bana ba lulela ho shebella thelevishene ka lihora tse hakanyetsoang ho tse 26 beke le beke, ho sa balelloe nako eo ba e qetang lipapaling tsa video. Ho sa le joalo, ke likolo tse ka etsang karolo ea 36 lekholong feela tse sa ntseng li ruta lithuto tsa mesebetsi ea matsoho.

Ho boetse ho na le mabaka a ho nona a amanang le kelello. Dr. Lawrence Cheskin, oa Johns Hopkins Weight Management Center o re: “Re ja ho khotsofatsa maikutlo a rōna. Rea ja ha re thabile, rea ja ha re koatile. Re hōtse re lumela hore lijo li nkela lintho tse ngata sebaka.”

Na Re ka Atleha?

Taba ea monono e rarahane. Selemo le selemo Maamerika a hakanyetsoang ho limilione tse 80 a leka ho theola boima ba ’mele ka ho itima lijo. Empa hoo e batlang e le bohle ba khutlela mekhoeng ea bona ea pele ea ho ja ka mor’a ho fokotsa boima bo itseng. Ka mor’a lilemo tse hlano, ba etsang karolo ea 95 lekholong ba boela ba nona.

Se hlokahalang bakeng sa ho fokotsa mafura ’meleng le hore a lule a fokotsehile ke ho fetola mokhoa oa bophelo. Ho etsa liphetoho tse joalo ho hloka boiteko le boikemisetso, hammoho le thuso ea ba lelapa le metsoalle. Maemong a mang thuso ea bongaka e ka ’na ea hlokahala.c Leha ho le joalo, e le hore boiteko ba hao bo atlehe, u tlameha ho ba le tšusumetso e nepahetseng. Ke habohlokoa hore u ipotse, ‘Ke hobane’ng ha ke batla ho fokotsa mafura ’meleng?’ Boiteko ba hao ba ho fokotsa mafura ’meleng bo ka ’na ba atleha haeba takatso ea hao ke ho qoba likotsi tsa ’ona bophelong ’me u bile u lakatsa ho ikutloa u phela hantle ’me u shebahala hantle le hore boleng ba bophelo ba hao bo ntlafale.

U ka ja ka bongata lijo tse hlabosang le tse khotsofatsang tse nang le phepo e matlafatsang ’me li bile li e-na le lik’hilojule tse fokolang. Empa pele re hlahloba lijo tse ka u thusang ho fokotsa mafura ’meleng, a re ke re hlahlobeng kamoo mefuta e meng ea lijo e ka bang kotsi kateng bophelong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hangata botenya bo hlalosoa e le ho ba karolong ea 20 lekholong kapa ho feta ea boima boo ho lumeloang hore ke bo loketseng.

b Lintlha tse tataisang tsa 1995 li sebetsa lihlopheng tse ngata tsa lilemo empa eseng lihlopheng tsohle. Ho JAMA ea la 19 June, 1996, Dr. Robert M. Russell o re: “Ho na le tumellano e akaretsang ea hore lintlha tse tataisang boimeng ba ’mele li ka ’na tsa se ke tsa sebetsa ho batho ba fetileng lilemo tse 65. Ebile ho nona haholoanyane ha motho ea hōlileng ho ka ’na ha mo tsoela molemo ka ho mo fa matla ao a ka a bolokelang linako tsa ho kula le ho mo thusa ho sireletsa mesifa le maro a masapo.”

c Bakeng sa litlhahiso tsa ho fokotsa mafura ’meleng, bona Tsoha! ea May 8, 1994, leqepheng la 27-9; January 22, 1993, leqepheng la 12-14 (ea Senyesemane); le ea December 8, 1989, leqepheng la 3-12.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Na boima ba ’mele oa hao bo sehlopheng sa “boima ba ’mele o shahlileng,” “boima ba ’mele o itekanetseng,” kapa “boima ba ’mele o motenya”? Boitsebiso bo bontšitsoeng lebokoseng lena la lipalo bo tla u thusa ho araba potso ena

[Chate e leqepheng la 6]

Lintlha Tsa 1995 Tse Tataisang Boimeng Ba ’mele Bakeng Sa Banna Le Basali

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Bolelele*

m

1,98

1,90

1,80 BOIMA BA ’MELE O SHAHLILENG BOIMA BA ’MELE O ITEKANETSENG BOIMA BA ’MELE O MOTENYA

1,70

1,60

1,50

kg 30 40 50 60 70 80 90 100 110

Boima†

Lipalo-palo li nkiloe: Lefapheng la Temo la United States, Lefapheng la Bophelo le Litšebeletso tsa Sechaba la United States

* Ho sa roaloa lieta.

† Ho sa aparoa. Boima bo holimo bo sebetsa bathong ba leng litho le ba masapo a sephara, joaloka banna ba bangata.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela