Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 5/8 maq. 27-28
  • Nka Theola Boima ba ’Mele Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Theola Boima ba ’Mele Joang?
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ja ho Feta Tekanyo, ho Etsa Boitlhakiso ba ’Mele bo Fokolang
  • Leraba la ho Theola ’Mele ka ho Itima Lijo ho Ipolaisang Tlala
  • Ho Theola Boima ba ’Mele ho Sireletsehileng
  • Ho Fetola Lijo tsa Hao le Mokhoa oa Hao oa Bophelo
  • Na ho Theola Boima ba ’Mele ke Ntoa e ke Keng ea Hlōloa?
    Tsoha!—1989
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
  • Litsela Tse ’Nè Tsa ho Hlōla
    Tsoha!—1989
  • Nka Etsa’ng Haeba ke sa Rate Tsela eo ke Shebahalang ka Eona?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 5/8 maq. 27-28

Nka Theola Boima ba ’Mele Joang?

“HO NONA ke eona feela ntho e tšabehang e ka etsahalang bophelong ba moshemane oa mocha.” Ke kamoo ho ileng ha bokolla moshemane oa mocha ea bitsoang Judd. Haeba u e-na le boima bo feteletseng ba ’mele, u tla tseba hantle hore na o ikutloa joang.

Leha ho le joalo, mafura a ’mele a fetang tekanyo a ka u bakela kotsi ho feta feela ho fetola ponahalo ea hao. Ho nona ka ho feteletseng ho ka u beha kotsing ea likotsi tsa bophelo tse ngata—mathata a manonyeletso, maloetse a amanang le ho hema, le lefu la tsoekere, haesita le mafu a bolaeang a kang lefu la pelo le kankere ea mala a ka u hlaselang hamorao bophelong.a

Ka ho hlakileng, haeba u batla u iphile linama, sena ha se hlile ha se bolele hore u lokela ho theola boima ba ’mele. Ba bang ba rōna re mpa feela re futsitse kaheho ea ’mele o moholo; re bonahala re le boima ho feta kamoo re ka ratang esita leha re le boima bo loketseng.b Empa haeba ngaka ea hao e tiisitse hore u na le mafura a ’mele a mangata ho feta a loketseng bophelo bo botle, ho ka ameha mabaka a mang a ’maloa. Buka The Healthy Adolescent e re: “Ho se sebetse hantle ha mekotlana ea maro a qhatsehelang ka ho toba maling e kang ea manyeme, kolu, le e pel’a liphio ho . . . ’nile ha amahanngoa le ho nona ka ho feteletseng bathong ba bang.”

Ho ja ho Feta Tekanyo, ho Etsa Boitlhakiso ba ’Mele bo Fokolang

Mabakeng a mangata, ho nona ka ho feteletseng ke feela phello ea mekhoa e seng metle ea ho ja le ea khaello ea boitlhakiso ba ’mele. Judd e mocha oa hopola: “Kaha ’mè o ne a lokela ho sebetsa hore a re phelise, ’na le ngoan’eso . . . re ne re iphepa. Re ne re ja lipakete tsa lipompong, re li theosetsa ka libotlolo tsa lilithara tse peli tsa [linomapholi].” Na seo se utloahala se tloaelehile?

Leha ho le joalo, bakeng sa bacha ba bang, ho ja hase hakaalo bakeng sa tlala joalokaha e le bakeng sa ho khotsofatsa tlhoko ea ho hlokomeloa le boiketlo. Bacha ba joalo ba ka ja ho feta tekanyo ka boiteko bo fosahetseng ba ho theola khatello, joaloka tlhalo ea batsoali, lefu la ea ratoang, kapa tlokotsi e ’ngoe e itseng.

Bothata ba ho ja ho feta tekanyo hangata bo mpefatsoa ke khaello ea boitlhakiso ba ’mele. A Parent’s Guide to Eating Disorders and Obesity ea hlokomela: “Thelevishene ha e hloke feela ho se etse letho, empa mananeo a eona le lipapatso le tsona li khothalletsa ho ja . . . le ho ja . . . le ho ja ho eketsehileng.”

Leraba la ho Theola ’Mele ka ho Itima Lijo ho Ipolaisang Tlala

Ba bang ba bolela hore Leamerika le le leng ho ’ohle a mane le lenaneong la ho itima lijo ha mofuta o itseng. Empa, karolo e fetang 90 lekholong ea batho ba theolang boima ba ’mele ka ho itima lijo ba boela ba nona hape. Ho senyeha kae?

’Mele oa hao o tšoana le sebōpi; boko ba hao ke ho lekanyang mocheso. Ha u ja, tlhahiso ea ’mele oa hao ea matla e chesa lijo ho hlahisa matla. Ha ho kena libeso tse ngata ho feta tseo ’mele o li hlokang, li bolokoa e le mafura. Joale, ha u ipolaisa tlala hore u theole lik’hilogramo, u tla theola boima ba ’mele—qalong. Empa ’mele oa hao ka potlako o kena ho ‘tsamaiso ea maqakabetsi’ ebe o theola tekanyo ea hao ea mocheso ka ho theola tšebetso ea tlhahiso ea matla. U qala ho nona hape, esita leha u le lenaneong la ho theola boima ba ’mele ka ho ipolaisa tlala, ’me boholo ba seo u se jang se bolokoa e le mafura. U boela u nyolla boima ka k’hilogramo e ’ngoe le e ’ngoe eo u e theotseng le ho eketsehileng. Ka ho ferekana, u leka mokhoa o mong oa ho theola boima ba ’mele ka ho itima lijo. Empa ha u ntse u bo theola ka ho eketsehileng—u nona ka ho eketsehileng.

Kahoo u ka bona hore na ke hobane’ng ha merero e bohlale ea ho theola boima ba ’mele ka ho itima lijo e sa sebetse. Lipilisi tsa ho itima lijo li ka theola takatso ea hao ea ho ja ka nakoana, empa kapele-pele ’mele o qala ho li tloaela ebe takatso ea hao ea lijo ea khutla. Kapa tlhahiso ea ’mele oa hao ea matla ea theoha ebe ua nona. Ha ho sa boleloa ka liphello tse tsamaisanang le hoo tseo ba bang ba bileng le tsona, joaloka molikoalikoane, khatello e phahameng ea mali, ho hlaseloa ke matšoenyeho, le bokhoba. Ho ka boleloa se tšoanang ka lipilisi tse felisang metsi kapa tse potlakisang tlhahiso ea ’mele ea matla. Dr. Lawrence Lamb ka ho toba o beha taba tjena: “Ha ho na ntho e tšoanang le pilisi e sireletsehileng, e sebetsang e etsang hore u theole mafura a ’mele.”

Joaloka motho e mocha, ’mele oa hao o hloka lik’hilojule le limatlafatsi tse batlang li le ngata letsatsi le letsatsi. Ho theola boima ba ’mele ka ho itima lijo ho ipolaisang tlala ha e le hantle ho ka liehisa khōlo ea hao. Hape, nahana ka seo Bibele e se bolelang ka Morena Saule ho 1 Samuele 28:20: “Matla a na a le sieo ho eena, ke hobane o na a sa ka a ja letho tsatsi lohle le bosiu bohle.” Ka ho tšoanang, ho latela ngaka e ’ngoe, bacha ba lekang ho ipolaisa tlala ba ka ba le “mokhathala, . . . ho tepella maikutlong, mohatsela, ho sebetsa hampe sekolong, ho sibeha, matšoenyeho, amenorrhea [khatello e sa tloaelehang kapa ho khaotsa ho ilela khoeli], le ho ba botsoa ha kelello.”

Ho Theola Boima ba ’Mele ho Sireletsehileng

Tsela e sireletsehileng ea ho theola boima e qala ka tlhahlobo e feletseng e etsoang ke ngaka ea lelapa. E ka hlahloba hore na ho na le mathata a bophelo a ka hlōlang morero o bonolo oa ho theola boima ba ’mele ka ho itima lijo. E ka boela ea u thusa ho ipehela pakane e utloahalang ea ho theola boima ba ’mele le ho rera mokhoa oa ho finyella pakane eo ka nako e utloahalang.

Bibele e re: “Ho motho ha ho se molemo ho feta hore a je le hore ka sebele a noe ’me a etse hore sephefumolohi sa hae se bone molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moeklesia 2:24, NW) Kahoo lenaneo la ho theola boima ba ’mele le u timang monyaka oa ho ja ho ka etsahala hore le se sebetse hamorao. Ho fapana le hoo, ke ho ja ho feta tekanyo hoo Bibele e ho nyatsang. (Liproverbia 23:20, 21) Litlhahiso tse seng kae ke tsena tse tla u thusa ho ba le “mekhoa e itekanetseng” ha u ja.—1 Timothea 3:11, NW.

E-ja lijo tsa hoseng! The New Teenage Body Book ea lemosa: “Tlala le boikutlo ba ho tingoa ho hong li ikakhela ka matla. U tla ba le tšekamelo ea ho khetšela lijo—le lik’halori [lik’hilojule]—hamorao motšehare.”

Noa khalase e khōlō ea metsi pele u e-ja. Sena se tla u khorisa. Ho noa metsi a lekaneng le hona ho bonahala ho phetha karolo ho fokotseng mafura a ’mele a bolokiloeng. Ka hona lingaka li etsa tlhahiso ea ho noa bonyane likhalase tse robeli tsa metsi letsatsi le letsatsi.

U se ke ua ja u shebeletse TV. Dr. Seymour Isenberg o re: “Ha u tšoarehile u shebeletse TV . . . , u [ka] qala ho ja joaloka mochine.”

Rapela pele u ja. Hopola: ‘Molimo o hlolile lijo hore li jeoe ka teboho ke ba nang le tumelo le ba tsebang ’nete ka ho nepahetseng.’ (1 Timothea 4:3, NW) Ha a hopola kamano ea hae e haufi le Mōpi, mocha ea tšabang Molimo a ke ke a batla ho kenella ho jeng ho feta tekanyo ho isa bohōleng ba ho iketsa botsoa monahanong le liketsong. Thapelo e ka matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho ja ka tekanyo.

E-ja butle. Ho nka ho ka etsang metsotso e 20 hore mpa e romele boko molaetsa oa hore e khotše. Kahoo ho ja butle ho tla u thusa ‘ho ja u be u khore,’ eseng ho feta moo!—Levitike 25:19.

Batla mekhoa e seng kotsi bophelong e ka nkelang ho ja sebaka—haholo-holo haeba u e-na le tloaelo ea ho ja nako le nako ha u tenehile, u tšohile, u jeoa ke bolutu, kapa u tepeletse maikutlong. Bua le motho eo u mo tšepang. Otlolla maoto, kapa u etse boitlhakiso ba ’mele. Etsa mosebetsi oa ho itlosa bolutu. Mamela ’mino. Ho molemo le ho feta, leka ho khotsofatsa takatso ea hao ea moea. (1 Petrose 2:2) Etsoe, lijo ha li hahe tumelo. (Bapisa le Ba-Heberu 13:9.) Empa ho bala Bibele hoa ho etsa, ’me sena se ka thusa ho tlosa kelello ea hao takatsong ea hao ea lijo.

Ho Fetola Lijo tsa Hao le Mokhoa oa Hao oa Bophelo

Liphetoho li ka boela tsa lokela ho etsoa ho seo u neng u se ja. Molao oa Moshe o ne o thibela ho jeoa ha mafura. (Levitike 3:16, 17) Le hoja sena e ne e le ka mabaka a bolumeli, ho qoba lijo tse mafura—tse kang li-cheeseburger kapa lijo tse halikiloeng ka mafura—hoa utloahala bakeng sa lijo tse loketseng. Linomapholi tse tsoekere le likuku le tsona ka ho tšoanang li tlaase phepong ’me li na le lik’hilojule tse ngata. ’Me le hoja ho noka leqa la nama ea khomo e sa nonang ka letsoai le lengata ho ka etsa hore e latsoehe hamonate, le etsa hore ’mele oa hao o boloke metsi.

Litsebi tse ngata tsa lijo lia lumela hore ho thabela lijo tseo u li ratang ka seoelo ho ke ke ha u ntša kotsi. Empa haeba u hlile u batla ho theola boima ba ’mele, u tlameha ho hōlisa thato ea lijo tse loketseng bophelo haholoanyane tse kang litholoana, matokomane, lithollo tse felletseng, le meroho. Setsebi se seng sa lijo se etsa khothalletso: “E-ja lijo tse fapaneng hore u se ke ua teneha.” Na ha u phehe heno? Ha ho le joalo bua le ’mè oa hao u bone hore na a ka thusa. Ka sebele, lelapa lohle le tla rua molemo ha ho etsoa liphetoho lijong tse jeoang letsatsi le letsatsi.

Le hoja ho ja ka nepo e le habohlokoa, u ke ke ua theola lik’hilogramo ntle le ha u ka nyolla “selekanyetsa mocheso” sa boko ba hao. Joang? Ka ho etsa boitlhakiso ba ’mele bo lekaneng ho ka etsang metsotso e 20 bonyane ka makhetlo a mararo ka beke. (1 Timothea 4:8) Ntho e kang ho tsamaea kapele kapa ho hloa litepisi e ka ba e lekaneng. Boitlhakiso ba ’mele bo etsa hore u shebahale u le ’mele u tlaasana hape u tiile haholoanyane ho sa tsotellehe boima ba hao kapa mofuta oa ’mele oa hao. Kaha ho nyolla sebōpi sa tlhahiso ea ’mele oa hao ea matla, u besa lik’hilojule, hape u besa mafura. Ka ho etsa boitlhakiso ba ’mele u ka fetola k’hemistri ea ’mele oa hao. U ka eketsa boholo ba mesifa ea hao, ’me mesifa e besa lik’hilojule le ha u robetse!

Ka ho qophella le boikemisetso, u ka hapa ntoa khahlanong le boima ba ’mele bo fetelletseng.c Ka sebele, ho theola lik’hilogramo tse seng kae ho ke ke ha rarolla mathata a hao kaofela, empa u ka shebahala le ho ikutloa hamolemonyana. U ka qala ho utloa u ithata.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ka etsang karolo ea 80 lekholong ea bacha ba nonneng ka ho feteletseng ba lula ba nonne ka ho feteletseng ha e se e le batho ba baholo.

b Bona “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha Ke Nonne Hakaale?”

c Ho ka hlokahala hore batho ba nang le mathata a tebileng a ho ja ba batle thuso ea litsebi ho ba thusa ho sebetsana le matšoenyeho a bona.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Boitlhakiso ba ’mele le lijo tse itekanetseng, tse tletseng phepo ke motheo oa ho theola boima ba ’mele ho sireletsehileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela