Ho Loantša Bothata ba ho Nona Haholo Bongoaneng
HO EA ka Lefapha la Bophelo le Litšebeletso Tsa Sechaba United States, pakeng tsa 1980 le 2002, palo ea bacha ba nonneng haholo e ile ea imena ka makhetlo a mararo, ’me baneng ba baholoanyane ea imena ka makhetlo a fetang a mabeli. Likotsi tsa nako e telele tse amahanngoang le ho nona haholo bongoaneng, li akarelletsa khatello e phahameng ea mali, lefu la tsoekere, lefu la pelo le mefuta e ’maloa ea kankere.a
Ho nona haholo bongoaneng ho ka ’na ha amahanngoa le lintho tse ngata, tse akarelletsang ho se ikoetlise, lipapatso tse lebisitsoeng ho bacha le lijo tse se nang phepo e nepahetseng tse fumanehang habonolo. Litsi Tsa United States Tsa Taolo ea Mafu li re: “Ho nona haholo bongoaneng ho bakoa ke ho ja lijo tse nang le lik’hilojule tse ngata le ho se ikoetlise ka ho lekaneng.”
Bana, bacha le batho ba baholo ba lokela ho hlokomela tsela eo ba jang ka eona. Ho na le mehato e ’maloa eo ba ka e nkang empa ba sa fetelletse lintho. Nahana ka mohlala oa mohlankana e mong ea bitsoang Mark, ea ileng a fumana hore ho fetola tsela eo a jang ka eona ho ntlafalitse bophelo ba hae haholo. Mark o re: “Ho na le nako eo ka eona ke neng ke rata ho ja haholo lijo tse se nang phepo.” Tsoha! e ile ea buisana le Mark ho fumana hore na o ile a etsa liphetoho joang.
U qalile neng ho ba le bothata ba ho ja haholo?
Ha ke qeta lithuto tsa ka sekolong se phahameng. Ka nako eo, ke ile ka qala ho ja lireschorenteng haholo. Ho ne ho e-na le lireschorente tse peli haufi le moo ke neng ke sebetsa teng, kahoo ke ne ke e-ja lijo tsa motšehare ho e ’ngoe ea tsona hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng. Ke ne ke fumana ho le bonolo ho ja lijo tsa reschorenteng ho e-na le hore ke iketsetse lijo tsa motšehare.
Ho ile ha etsahala’ng ha u tloha lapeng?
Tsela eo ke neng ke e-ja ka eona e ile ea mpefala le ho feta. Ke ne ke sa tsebe ho pheha, ’me ke se na chelete e kaalo; empa reschorente eo ke neng ke e rata, e ne e se hōle le moo ke lulang. Ke ne ke bona ho ja moo ho le bonolo ebile ho sa je chelete e ngata. Ho phaella tabeng ea hore ke ne ke ja lijo tse sa lokelang, ke ne ke ja lijo tse ngata haholo. Ke ne ke sa khotsofalle ho ja lijo tse lekaneng feela. Ke ne ke odara li-chips tse ngata, seno-mapholi se seholohali le li-hamburger tse khōlō—ntho leha e le efe eo ke neng ke khona ho e reka—ke ne ke batla e khōlō ka ho fetisisa.
Ke eng se ileng sa etsa hore u fetole tsela eo u jang ka eona?
Lilemong tse ’maloa tse fetileng, ke ile ka qala ho nahanisisa haholo ka bophelo ba ka. Ke ne ke nonne haholo. Ke ne ke ikutloa ke khathetse ka linako tsohle, ke bile ke sa itšepe. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho etsa liphetoho.
U ile ua laola tsela eo u jang ka eona joang?
Ke ile ka etsa liphetoho hanyane ka hanyane. Ke ile ka qala ka ho fokotsa ho ja lijo tse ngata. Ke ne ke ipolella ke re, “Hase lijo tsa ho qetela tsena; ke tla boela ke je hape.” Ka linako tse ling ke ne ke lokela hore ke tlohe tafoleng ea lijo. Empa ke ne ke thaba haholo ka mor’a ho etsa joalo, ke ikutloa eka ke mohlōli.
Na ho na le liphetoho tse khōlō tseo u ileng ua lokela ho li etsa?
Ke ile ka lokela ho tlohela lintho tse ling ka ho feletseng. Ka mohlala, ke ile ka khaotsa ho noa lino-mapholi ’me ka noa metsi feela. Ho ne ho le boima. Ke ne ke rata lino-mapholi, ’me ke hloile ho noa metsi. Ka mor’a hore ke noe metsi, ke ne ke noa methamo e se mekae ea juse, e le hore e siee tatso e monate ka lehanong la ka. Ka mor’a nako, ke ile ka qala ho rata metsi.
Ke eng hape eo u ileng ua e etsa ntle le ho khaotsa ho ja lijo tse se nang phepo e nepahetseng?
Ke ile ka nkela lijo tse se nang phepo e nepahetseng sebaka ka tse matlafatsang. Ke ile ka qala ho ja litholoana—liapole, libanana, mefuta e fapaneng ea monokotšoai le mahapu. Ke ile ka boela ka ja nama e se nang mafura e kang khōhō kapa tlhapi ea tuna. Ha nako e ntse e e-ea, ke ile ka qala ho rata lijo tseo. Ke leka ho ja meroho haholo ho feta lijo tse ling tsohle. Ke hlokometse hore nakong ea lijo ke ja hanyenyane haeba ke ile ka thiba tlala ka ho ja lijo tse bobebe. Ka mor’a nako, lerato la ka la lijo tse se nang phepo e nepahetseng le ile la fela.
Na see se bolela hore ha u sa ja lireschorenteng?
Che, ke ntse ke e-ea ka linako tse ling. Empa haeba ke e-ea, ke laola tsela eo ke jang ka eona. Haeba ke ngoathetsoe lijo tse ngata haholo, ke kōpa ntho eo ke tla li fokoletsa ka ho eona pele ke qala ho ja. Ka tsela eo, ke ja lijo tse lekaneng ho e-na le hore ke je haholo hobane feela ke tšaba ho siea lijo poleiting.
U ruile molemo ofe ka ho etsa liphetoho?
Boima ba ka ba ’mele bo theohile ebile ke se ke na le matla a eketsehileng. Ke thabela tsela eo ke shebahalang ka eona. Ka holim’a tsohle, ke thabela ho tseba hore ha ke itlhokomela, ke tlotlisa Molimo ea mphileng mpho ea bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Pele, ke ne ke nahana hore hoa bora ho latela mokhoa o motle oa bophelo. Empa hona joale kaha ke se ke qalile ho itlhokomela, kea bona hore ke iketselitse ntho e molemo ka ho fetisisa!b
a Lentsoe “ho nona haholo bongoaneng” le bolela ho kula ho amang bana le bacha. Litsebi li re bacha ba nonneng haholo ba na le monyetla o etsang karolo ea 70 lekholong oa hore ba none ha e se e le batho ba baholo.
b Tsoha! ha e buelle ka ho khetheha mokhoa o itseng oa ho theola boima ba ’mele. Motho ka mong o lokela ho hlahloba ka hloko mokhoa oo a o khethang le ho buisana le ngaka ea hae pele a etsa qeto ea ho fetola tsela eo a jang ka eona. Qoba ho latela mekhoa e ratoang e kotsi ea ho itima lijo tse itseng.