Maikutlo a Babali
Litlhohonolofatso Tse Enneng ho Feta Maruo (March 2009) Sehlooho seo se ile sa qotsa mantsoe a Kostas, a reng: “Molimo ha a batle hore re phele bophelo ba ho hafa ka nkatana.” Ke ne ke nahana hore Jehova ha a behele bahlanka ba hae moeli oa hore na ba be le lintho tse ngata hakae hafeela ba Mo etelletsa pele. Na ho fosahetse ho hafa ka nkatana, ha motho a ntse a sebeletsa Jehova ka botšepehi?
J. D., United States
Karabo ea “Tsoha!”: Bibele ha e nyatse leruo. Ha e le hantle, bahlanka ba Molimo ba bangata ba nakong e fetileng ba ne ba ruile. (Genese 25:5; 26:12-16; Jobo 1:1-3) Leha ho le joalo, ba ruileng ba lokela ho hopola hore ‘pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.’ (1 Johanne 2:16) Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a re: “Lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe.” O boletse hore ba bang ba khaolitse ho ameha ka lintho tsa moea hobane ba lakatsa ho rua, kahoo “ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.” (1 Timothea 6:10) Ke ’nete hore Lentsoe la Molimo ha le re ba ruileng ba lokela ho ikutloa ba le molato hobane ba e-na le lintho tse ngata ho feta ba bang. Bakreste ba khothalletsoa hore “ba be seatla se bulehileng, ba itokisetse ho arolelana” le ba bang, ho sa tsotellehe hore na ba ruile kapa che.—1 Timothea 6:18.
Le Hoja a sa Bue, Rea mo Utloa (October 2008) Ke khothalitsoe haholo ke sehlooho sena se buang ka Hillary, ea nang le lefu la Rett syndrome. Setloholo sa ka se lilemo li hlano ha se bone, ha se utloe, ha se tsamaee, ha se bue kapa hona ho lula. Hona joale ke tšepa hore ho na le se etsahalang bokong ba sona ha ke se binela, ke se balla, ke bua le sona le ha ke se phaphatha kapa ke se silila. Ke ile ka lla ha ke bala mantsoe a ’mè oa Hillary, ha a re: “Le hoja ke sa utloe hore na o re’ng, Jehova eena oa mo utloa.” A ile a nthusa ho lemoha hore le hoja setloholo sa ka se sa khone ho bua, Jehova o tseba se ka pelong ea sona.
M. A., Japane
Morali oa ka o lilemo li 43, leha ho le joalo ke qala ho bala sehlooho se nthusitseng ho utloisisa boemo ba hae le sesosa sa kholofalo ea hae. Ke utloela Hillary, ’mè oa hae le ausi oa hae bohloko. Le hoja re arohantsoe ke lik’hilomithara tse likete, ke utloisisa boemo boo ba tobanang le bona ’me ke ananela mohlala oa bona oa tumelo, lerato le mamello.
T. Y., Ghana
Ho Ntša Mpa—Hase Tharollo e se Nang Mathata (June 2009) Kea le leboha ka letoto la lihlooho tse neng li bua ka taba ena ea ho ntša mpa. Ha ke le lilemo tse ka holimo ho 20, ke ile ka khetha ho ntša mpa, e leng ntho eo ke ikoahlaelang eona haholo. Ke ne ke tla ikutloa ke feletsoe ke tšepo hoja ebe ke ne ke sa tsebe ’nete hona joale. Ke ananela hore ebe ke na le tšepo ’me kea tseba hore Jehova oa tšoarela.
Lebitso ha lea boleloa, United States
Bacha Baa Botsa . . . Nka Tobana Joang le ho Shoeloa ke Motsoali? (August 2009) Ke lilemo li 22 feela, ’me lefu la Ntate le ile la tla ka potlako le ka tšohanyetso hoo ke ileng ka sithabela habohloko. Joalokaha ho boletsoe sehloohong seo, ke tla sitoa ho ba le eena liketsahalong tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ka. Le hoja ho se ho fetile lilemo tse tharo, ke ntse ke thatafalloa ho khutlela setloaeling. Leha ho le joalo, sehlooho sena se ntšelisitse haholo. Litlhahiso tse fanoeng moo li nthusitse ho sebetsana le boemo boo, le hoja ho ne ho le thata ho li sebelisa. Kea le leboha ka mosebetsi o babatsehang oo le o etsang.
N. P., Fora