Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/10 maq. 21-31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na e Bile Qeto e Molemo?
  • LE TSEBA’NG KA MOAPOSTOLA JOHANNE?
  • BANA BATLANG LITŠOANTŠO
  • TSE HLAHANG MAKASINENG ENA
  • Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • Se ka Tšohloang ke Lelapa
    Tsoha!—2010
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2008
  • U Tla Araba Joang?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 9/10 maq. 21-31

Se ka Tšohloang ke Lelapa

Na e Bile Qeto e Molemo?

Balang Mareka 12:41-44. Joale shebang setšoantšo sena, ebe le ngola likarabo meleng e ka tlaase.

1. Matlōle a polokelo ea matlotlo a ne a le hokae?

NTLHA E THUSANG: Balang Mareka 12:35; 13:1.

․․․․․

2. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khahloa ke mohlolohali, le hoja a ne a fane ka chelete e seng kae feela?

NTLHA E THUSANG: Balang Mareka 12:28-30.

․․․․․

3. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore mohlolohali eo ha aa ka a hula ka thata, le hoja a ne a fane ka “sohle seo a neng a phela ka sona”?

NTLHA E THUSANG: Balang Matheu 6:25, 31-33.

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Na u nahana hore mohlolohali eo o ile a etsa qeto e bohlale? Ke hobane’ng ha u arabela joalo? Ho tla etsahala’ng haeba u itloaetsa ho fana ka seatla se bulehileng?

NTLHA E THUSANG: Balang Luka 6:38; Liketso 20:35.

LE TSEBA’NG KA MOAPOSTOLA JOHANNE?

4. Na baeta-pele ba bolumeli ba ne ba talima Johanne e le setsebi le sebui se hloahloa?

NTLHA E THUSANG: Balang Liketso 4:13.

․․․․․

5. Johanne o ile a fuoa tokelo efe e khethehileng?

NTLHA E THUSANG: Balang Tšenolo 1:1-3.

․․․․․

SE KA TŠOHLOANG:

Johanne o ngotse libuka tse kae tsa Bibele? U ka etsisa Johanne joang?

BANA BATLANG LITŠOANTŠO

Na le ka fumana litšoantšo tsee makasineng ee? Hlalosang ka mantsoe a lōna se etsahalang setšoantšong ka seng.

TSE HLAHANG MAKASINENG ENA

Arabang lipotso tsena, le be le fane ka temana kapa litemana tsa Bibele tse sa tlatsoang.

LEQEPHE 9 Ke’ng e tlisang thabo e khōlō? Liketso 20:․․․

LEQEPHE 9 Barutuoa ba Jesu ba khetholloa ka eng? Johanne 13․․․

LEQEPHE 21 Khotso ea Molimo e ka etsa’ng? Bafilipi 4:․․․

LEQEPHE 22 Jehova o haufi le bo-mang? Pesaleme ea 34:․․․

● Likarabo li leqepheng la 21

Likarabo Bakeng Sa Leqephe La 31

1. Ka tempeleng.

2. Mohlolohali o ile a fa Molimo sohle seo a neng a ka se khona

3. Molimo o tšepisa hore o tla re hlokomela haeba re eteletsa pele borapeli ba hae.

4. Che. Ba ne ba nka hore Johanne ke motho ea sa rutehang le ea tloaelehileng.

5. O ile a bululeloa hore a ngole libuka tsa Bibele, tse akarelletsang ea Tšenolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela