Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/10 maq. 20-22
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha U Lula U Hloname
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Jehova o Pholosa ba Imetsoeng Maikutlong
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Motho o Ikutloa Joang ha a Tepeletse Maikutlo?
    Tsoha!—2009
  • Nka Hlaphoheloa Joang ka Mor’a Lefu la Ntate?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 9/10 maq. 20-22

Bacha Baa Botsa

Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Hlonama Hakaale?

“Ha metsoalle ea ka e imetsoe ke mathata, ke e thusa ho a rarolla le ho etsa hore e ikutloe e hlasimolohile. Empa ka mor’a moo, ke ea hae, ke kene ka kamoreng ebe ke ea lla—e leng seo ba bangata ba sa se hlokomeleng.”—Kellie.a

“Ha ke hloname ke itšehla thajana. Ha ke mengoa sebakeng se itseng, ke beha lebaka e le hore ke se ke ka ea. Ke khona ho patela ba lelapa leso hore ke hloname. Ba nahana hore lintho li ntsamaela hantle.”—Rick.

NA U kile ua ikutloa joaloka Kellie le Rick? Haeba ho joalo, u se ke ua potlakela ho etsa qeto ea hore ho na le se phoso ka uena. Taba ke hore motho e mong le e mong o na le nako ea ho hlonama. Esita le banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea Bibele ba ne ba ikutloa ka tsela eo.

Ka linako tse ling, u ka ’na ua tseba hore na ke hobane’ng ha u hloname; empa ka linako tse ling u ka ’na ua se ke ua tseba. Anna ea lilemo li 19 o re: “Hase hore u lokela ho etsahalloa ke ntho e tšosang e le hore u hloname. Ho ka itlela nako leha e le efe le ha u se na mathata. Hoa makatsa empa hoa etsahala!”

Ho sa tsotellehe hore na sesosa ke’ng—esita le haeba ho bonahala eka ha se eo—u ka etsa’ng ha u sithabetsoa ke ho hlonama?

Tlhahiso ea #1: Bua ka taba ena. Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Kellie o re: “Ke ikutloa ke imolohile haholo ha ke qeta ho bua le motho e mong ka taba ena. Qetellong ho na le motho ea tsebang hore na ke ikutloa joang. A ka nkakhella thapo ’me a ’ntša ka mokoting—a mpholosa!”

Tlhahiso: Ka tlaase mona ngola lebitso la “motsoalle oa ’nete” eo u ka mo phetlelang sefuba ha u sithabelitsoe ke ho hlonama.

․․․․․

Tlhahiso ea #2: Ngola ka taba ena. Ha ho hlonama ho ama tsela eo u talimang lintho ka eona bophelong, u ka ’na ua ngola maikutlo a hao. Lipesalemeng tsa hae tse bululetsoeng, ka linako tse ling Davida o ne a bontša hore o hloname haholo. (Pesaleme ea 6:6) Ho ngola maikutlo a hao ho tla u thusa ho “sireletsa bohlale bo sebetsang le matla a ho nahana.”—Liproverbia 3:21.

Heather o re: “Ho ngola ho nthusa hore ke hlophise lintho tse ngata tse ka kelellong ea ka tse bakoang ke ho hlonama. Ha u hlalosa maikutlo a hao le ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo u ikutloang ka eona, ho hlonama ho sithabetsang ho tla kokobela.”

Tlhahiso: Ba bang ba khetha hore ba be le buka eo ba ka ngollang ho eona. Haeba u e-na le eona, u ka ngola eng? Ha u hloname, hlalosa hore na u ikutloa joang le hore na u nahana hore ke’ng e etsang hore u hloname. Ka mor’a khoeli, bala seo u se ngotseng. Na tsela eo u ikutloang ka eona e fetohile? Haeba e fetohile, ngola se u thusitseng.

Tlhahiso ea #3: Rapella taba ena. Bibele e re ha u rapella lintho tse u tšoenyang ‘khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela pelo ea hao le matla a hao a kelello.’—Bafilipi 4:7.

Esther o re: “Ke ile ka leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke hloname, empa ka hlōleha. Ke ile ka kōpa Jehova ho nthusa hore ke thabe. Ke ne ke khathetse ke ho hlonama empa ho se na lebaka. Qetellong ke ile ka khaotsa ho hlonama. Le ka mohla, u se ke ua halala matla a thapelo!”

Tlhahiso: Nka mantsoe a ho Pesaleme ea 139:23, 24 e le mohlala oa thapelo eo u ka e etsang ho Jehova. Mo tšollele pelo ea hao, ’me u mo kōpe hore a u thuse ho fumana lebaka le etsang hore u hloname.

Ho phaella litlhahisong tse boletsoeng ka holimo, u na le boitsebiso ba bohlokoa bo Lentsoeng la Molimo. (Pesaleme ea 119:105) Ha u tlatsa kelello ea hao ka lintho tse hahang tse fumanoang litlalehong tse ka Bibeleng, seo se ka ba le tšusumetso e ntle kelellong, maikutlong le liketsong tsa hao. (Pesaleme ea 1:1-3) Buka ea Bibele ea Liketso e na le litlaleho tse susumetsang le tse thabisang. U ka fumana litlhahiso tse eketsehileng tsa kamoo u ka ruang molemo kateng ’malong oa Bibele ka ho hlahloba maqephe a robong a nang le sehlooho se reng, “Mohlala o Motle oa” bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Tse ling tsa litlaleho tsa Bibele tse tšohloang maqepheng ana ke ea Josefa, Ezekiase, Lydia le ea Davida. Leqepheng la 227, u tla ithuta kamoo moapostola Pauluse a ileng a atleha ho sebetsana le maikutlo a fosahetseng ao a neng a e-ba le ’ona ka linako tse ling ka lebaka la ho se phethahale.

Empa u ka etsa’ng haeba u lula u hloname ho sa tsotellehe boiteko boo u bo etsang?

Ha U Lula U Hloname

Ryan o re: “Ka matsatsi a mang hoseng, ke utloa ke sa batle ho tsoha e le hore ke tobane le letsatsi le leng le se nang morero.” Ryan o na le bothata ba ho tepella maikutlo, ’me hase eena feela. Liphuputso li bontša hore mocha a le mong ho ba bane o ba le bothata bo itseng ba ho tepella maikutlo pele e e-ba motho e moholo.

U ka tseba joang haeba u e-na le bothata ba ho tepella maikutlo? Matšoao a mang a akarelletsa phetoho e khōlō maikutlong le boitšoarong, ho itšehla thajana, ho felloa ke thahasello hoo e batlang e le linthong tsohle, ho ja le ho robala ka tsela e sa tloaelehang, ho ikutloa u hlile u se na thuso kapa ho ikutloa u le molato ntle ho lebaka.

Ke ’nete hore hoo e batlang e le batho bohle ba ba le letšoao kapa matšoao ana neng-neng bophelong. Empa haeba ho feta libeke tse ’maloa matšoao ana a sa khaotse, ke hobane’ng ha u sa kōpe batsoali ba hao hore ba u ise ngakeng? Ngaka e ka ’na ea u thusa hore u tsebe haeba u e-na le bothata bo itseng ’meleng bo u bakelang ho hlonama.b

Haeba u e-na le bothata ba ho tepella maikutlo, ha ho hlokahale hore u hlajoe ke lihlong. Batho ba bangata ba nang le bothata boo ba qalile ho hlasimoloha ha ba sebelisa meriana—mohlomong ba ikutloa ka tsela eo e leng khale ba qetetse ho ikutloa ka eona! Ka hona, ebang ho hlonama ha hao ho bakoa ke ho tepella maikutlo kapa che, hopola mantsoe a tšelisang a Pesalemeng ea 34:18 a reng: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.

b Ha bacha ba bang ba lula ba hloname, ba nahana ho ipolaea. Haeba le uena u kile ua nahana ka tsela eo, bua le motho e moholo eo u mo tšepang hang-hang.—Sheba Tsoha! ea May 2008, leqepheng la 26-28.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

● Na ho lla hoa thusa?

“Ha ke motho ea llang le feela, empa ke tlameha ho lla ha ke hloname. Ho lla ho thusa ho kokobetsa bohloko. Ke qala ho nahana ka tsela e hlakileng ’me ke bona bokamoso bo khanyang.”—Leanne.

● Ba bang ba ka u thusa joang hore u khaotse ho hlonama?

“Ha ke hloname, ho hlokahala hore ke qobe ho itšehla thajana. Ke ’nete hore ho ka ’na ha hlokahala hore ke be boinotšing e le hore ke inahane hantle ’me mohlomong ke be ke lle. Empa ka mor’a moo, kea tseba hore ke hloka ho ba le batho ba bang e le hore ke tlose mohopolo oa ka nthong leha e le efe e etsang hore ke hloname.”—Christine.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 21]

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

“Ke atisa ho hlonama ha ke qeta nako e ngata ke amehile haholo ka ’na. Kahoo nako le nako ha ke thusa ba bang, seo se faposa kelello ea ka ’me ke boele ke thabe.”

“Ha ke ikoetlisa kamehla, ha ke atise ho hlonama kaha ke ikutloa ke thabile. Ho ikoetlisa ho ntšiea ke khathetse hoo ke sa tleloeng ke ho hlonama!”

[Litšoantšo]

Drenelle

Rebekah

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

U ka khona ho tsoa ka mokoting o tebileng oa ho hlonama, ka thuso ea ba bang le boiteko boo u bo etsang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela