Li-yurt—Matlo a Bo-hloma-u-hlomole ba Asia Bohareng
KE’NG e bonolo e chitja e u bolokang u futhumetse mariha empa u pholile hlabula? Bo-hloma-u-hlomole ba Asia Bohareng ba ne ba tla re ke yurt! Ho tloha lesabasabeng la Mongolia le Kazakhstan ho ea lithabeng le liphuleng tsa Kyrgyzstan, matlo ana a moetlo a kile a ata haholo.
Yurt ke ntlo e kang tente, e chitja e khabisitsoeng ka meseme maboteng. Ka ntle e koahetsoe ka masela a entsoeng ka boea ba nku. Li-yurt li bobebe ebile ho bonolo ho li hloma empa li tiile ’me batho ba lula hamonate ka ho tsona hlabula ha ho chesa le mariha ha ho bata. Batho ba Kyrgyzstan ba re yurt ke ntlo e thokoa; ba Kazakhstan ba re ke ntlo ea boea ba nku; ’me ba Mongolia, ba re ke ger, e bolelang “lehae.”
Li-yurt li ka ’na tsa e-ba thokoa kapa tsa e-ba tšoeu, ho latela hore na ho sebelisitsoe boea bo joang. Hangata li-yurt tsa Kyrgyzstan le tsa Kazakhstan li khabisoa ka mekhabiso ea moo e entsoeng ka boea bo dailoeng ka mebala e khanyang ’me e ba le litšoantšo tsa lenaka la pheleu. Nakong e fetileng, likobo tse ntle le limmete tse entsoeng ka boea ba nku li ne li bontša hore lelapa le ruile ebile ke la maemo.
Ntho e ka sehloohong ho yurt ke selikalikoe kapa lebili le bohareng leo maballo ’ohle a hokelloang ho lona. Lebili lena le boima le bileng le tiileng ke lona le etsang hore ntlo e tsitse. Lesela le koahelang lebili leo le ka buloa e le hore moea o kene, kapa la koaloa ha maemo a leholimo a le mabe. Bosiu ha ho hlakile, ba lelapa ba ka bula lesela leo ’me ba talima leholimo le nang le linaleli.
Li Loketse Bophelo ba Bo-hloma-u-hlomole
Batho ba mahaeng likarolong tse ling tsa Kazakhstan, Kyrgyzstan le Mongolia e ntse e le bo-hloma-u-hlomole. Bukeng ea hae e bitsoang Yurts—Living in the Round, Becky Kemery o bolela kamoo likamele li ntseng li sebelisoa kateng ho tsamaisa li-yurt Mongolia: “Litšiea li belesoa kameleng. Qetellong ho behoa lebili; ’me le khohlela hantle seloteng. Masela a entsoeng ka boea ba nku a belesoa kameleng e ’ngoe. Moo ho se nang likamele, balisa ba sebelisa li-yak kapa lipere ho hula li-yurt ka likariki, kapa li-yurt li ka ’na tsa tsamaisoa ka teraka ea Russia.”
Li-yurt tsa Mongolia li na le maballo a otlolohileng le marulelo a bataletseng ho feta tse ling. A li thusa ho mamella lifefo tse matla le letolo le otlang lithoteng. Li-yurt tsa Kyrgyzstan le Kazakhstan li shebahala li phahame li bile li le chitja ho feta tse ling. Ka tloaelo, monyako oa yurt o shebisoa ka letsatsing, e le hore khanya ea letsatsi e kene. Ka hare, ho menoa limmete tse khanyang tse khabisitsoeng ka masela a entsoeng ka boea ba nku le likobo ’me li pakoa holim’a lekese la lehong le shebaneng le monyako. Ka tloaelo, moeti oa bohlokoa kapa hlooho ea lelapa e lula ka pel’a qubu ena e mebala-bala.
Ka lehlakoreng le letona la monyako oa yurt ke sebaka se khethetsoeng basali. Thepa eohle ea ho pheha, ea ho hloekisa, ea ho rōka le ea ho etsa masela ka boea e lula moo. Lehlakore le leng ke la banna. Moo ho lula lisale, liphali le thepa e ’ngoe eo ba tsomang le ho hlokomela liphoofolo ka eona.
Li-yurt ha li Felisoe ke Liphetoho Tsa Lipolotiki
Bophelo ba bo-hloma-u-hlomole bo ile ba fetoha haholo ka mor’a Phetohelo ea Makomonisi ka 1917. Marussia a ile a haha likolo, lipetlele le litsela ho pholletsa le Asia Bohareng, ’me a etsa hore batho ba qale ho lula sebakeng se le seng.
Ha nako e ntse e ea, batho ba bangata ba moo ba ile ba khaotsa ho ba bo-hloma-u-hlomole ’me ba lula metseng le litoropong. Leha ho le joalo, ka linako tse ling balisa ba ntse ba sebelisa li-yurt hlabula ha ba alosa linku, likhomo le lipere mapolasing.
Monna e mong oa Kyrgyzstan ea bitsoang Maksat ea habileng ho ba lilemo li 40, o re: “Ha ke sa le mohlankana ke ne ke thusa Ntate ho alosa mohlape o neng o le tlhokomelong ea hae. Ka July, ha lehloa le se le qhibilihile ’me makhalo a bulehile, re ne re isa liphoofolo makhulong a holimo lithabeng.
“Ha re fihla moo re ne re hloma yurt ea rōna pel’a molatsoana o thabeng, e le hore re be le metsi a mangata bakeng sa ho pheha le ho hlatsoa. Re ne re lula moo ho fihlela ha ho se ho qala ho bata mathoasong a October.” Kahoo le batho ba kajeno ba ntse ba sebelisa li-yurt.
Li-yurt Tsa Mehleng ea Kajeno
Libakeng tse kang Kyrgyzstan, ho tloaelehile hore motho a bone li-yurt haufi le tsela. Li sebelisoa e le mabenkele kapa libaka tseo ho rekisetsoang lijo ho tsona, moo baeti ba ka thabelang lijo tsa teng. Baeti ba ka boetse ba utloa hore na bophelo ba mahaeng ba Kyrgyzstan bo joang ka hore ba robale ka har’a yurt lithabeng tsa Kyrgyzstan kapa haufi le Letša la Issyk Kul le nang le metsi a hloekileng.
Li-yurt li boetse li phetha karolo e itseng meetlong ea mapato ea batho ba bang ba Asia Bohareng. Maksat o re: “Kyrgyzstan, mofu o behoa ka har’a yurt, moo ba lelapa le metsoalle ba tlang ho siamela moratuoa oa bona ea hlokahetseng.”
Morao tjena li-yurt li qalile ho sebelisoa linaheng tsa Bophirimela. Batho ba bang ba buella hore ho sebelisoe li-yurt kaha li molemo ebile ha li senye tikoloho. Empa li-yurt tse ngata tsa kajeno ha li tšoane le tse neng li etsoa mehleng ea pele. Ho sebelisoa thepa ea sejoale-joale, ’me tse ngata li hahoa ka tsela eo li ke keng tsa hlomoloa.
Le hoja ho sa tsejoe hantle hore na li-yurt li qalile hokae, ha ho pelaelo hore matlo ana ke a bohlokoa haholo. Li-yurt li tla lula li amahanngoa le bo-hloma-u-hlomole ba Asia Bohareng ’me ke bopaki bo tiileng ba hore batho bana ba nang le sepheo ba bileng ba tenyetsehang le maemo ba bohlale.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Li-“yurt” tse hlonngoeng haufi le Letša le tummeng la Issyk Kul le Kyrgyzstan