U ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao
RUSTAM ea lulang Russia, o phathahane bophelong. Nakong e fetileng, o ne a tloaetse ho etsa lintho tse behang bophelo ba hae kotsing empa a hlokomela hore seo se senya bophelo ba hae. O ile a khaotsa ho tsuba le ho noa joala ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, ho qeta letsatsi lohle a lutse ka pel’a k’homphieutha ho ne ho etsa hore a ikutloe a khathetse.
Le hoja Rustam a ne a qala mosebetsi ka hora ea borobeli hoseng, e ne e le ka seoelo a ikutloang a hlaphohetsoe ka botlalo pele ho hora ea leshome ’me o ne a atisa ho kula. Kahoo o ile a fetola mokhoa oo a tloaetseng ho etsa lintho ka oona. Phello e ile ea e-ba efe? O re: “Lilemong tse supileng tse fetileng, ha ke e-s’o ka ke qeta matsatsi a fetang a mabeli ka selemo ke sa ee mosebetsing ka lebaka la ho kula. Ke ikutloa ke thabile—ke hlaphohetsoe ke bile ke falimehile—’me ke thabela bophelo!”
Ram le mosali oa hae le bana ba bona ba babeli ba lula Nepal. Motseng oo ba lulang ho oona ha ho na tsamaiso e ntle ea likhoerekhoere ’me ho na le menoang e mengata le lintsintsi. Nakong e fetileng, Ram le ba lelapa la hae ba ne ba atisa ho ba le mathata a matšoafo esita le ho ba le tšoaetso ea mahlo. Le bona ba ile ba etsa liphetoho tse ileng tsa ntlafatsa bophelo ba bona haholo.
Hlokomela Bophelo ba Hao!
Ebang ba ruile kapa ba futsanehile, batho ba bangata ha ba hlokomele hore na mokhoa oo ba phelang ka oona o ba ama joang ’meleng. Ba ka ’na ba nka hore ho ba le bophelo bo botle ke ntho e iketsahallang feela kapa eo ba ke keng ba e laola. Ho ba le maikutlo a nyahamisang joalo ho sitisa ba bang hore ba ntlafatse bophelo ba bona le hore ba phele ka tsela e molemo haholoanyane.
Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na maemo a hao a lichelete ke afe, ho na le mehato ea bohlokoa eo u ka e nkang ho sireletsa bophelo ba hao le ba litho tsa lelapa la hao le ho bo ntlafatsa haholo. Na u tla rua molemo ha u etsa joalo? Hantle haholo! U ka ntlafatsa bophelo ba hao ’me ua qoba ho bo khutsufatsa ho sa hlokahale.
Ka seo ba se buang le seo ba se etsang, batsoali ba ka ruta bana ba bona ho itlhokomela ’meleng ka ho ba thusa hore ba be le mekhoa e metle, e leng se ka etsang hore ba phele hantle. Nako e ngata eo ba e qetang le litšenyehelo tseo ba bang le tsona li tla tlisa molemo ka ho ba fokoletsa bohloko, nako eo ba e qetang ba kula le chelete eo ba lefellang meriana ka eona. Joalokaha batho ba tloaetse ho bolela, Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.
Lihloohong tse latelang, re tla hlahloba litsela tse hlano tsa motheo tse thusitseng Rustam, Ram le ba bang ba bangata. Le uena litsela tseo li ka u thusa!
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Rustam
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Ram le ba lelapa la hae ba kha metsi a hloekileng a nooang