Tsela ea 5—Ikemisetse ’me U Khothatse le ba Lelapa la Hao
“E mong le e mong ea masene o tla sebetsa ka tsebo.” (Liproverbia 13:16) Ho ba le tsebo ea motheo ka litaba tsa bophelo ho ka u hlomella ’me ha u thusa hore u ikemisetse ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore u ntlafatse bophelo ba hao le ba litho tse ling tsa lelapa.
◯ Tsoela pele ho ithuta. Linaheng tse ngata, mekhatlo ea sechaba le ea praefete e fana ka mananeo a thuto le lingoliloeng tse buang ka lintlha tse ngata tse amanang le bophelo. Rua molemo ho ’ona, u ithute litsela tsa motheo tsa ho ntlafatsa bophelo ba hao ’me u qobe ho bo beha kotsing. Lula u amohela likhopolo tse ncha ’me u ikemisetse ho etsa liphetoho tse seng kae.
Mekhoa e metle eo u ithutang eona u bile u phela ka eona e ka ’na ea ruisa bana ba hao le bana ba bona molemo. Ha batsoali ba beha mohlala o motle tabeng ea ho ja lijo tse nang le phepo e nepahetseng, ea bohloeki, ea ho robala ka ho lekaneng, ea ho ikoetlisa le ea ho thibela maloetse, bana ba bona ba ka ’na ba rua molemo.—Liproverbia 22:6.
◯ Ho hlokahala’ng hape? E le hore motho a phele hantle a be a tšoarelle mokhoeng oo, ha ho hlokahale feela hore a be le thahasello. Ho khaotsa mekhoa e mebe eo motho a bileng le eona ka nako e telele e ka ba ntho e thata, ’me hangata ho hlokahala hore a be le boikemisetso bo matla e le hore a etse liphetoho tse seng kae feela. Batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba susumelletseha hore ba etse seo ba tsebang hore ba lokela ho se etsa esita le ha ba se ba bolelloa hore ba ka ’na ba tšoaroa ke boloetse bo itseng bo kotsi kapa ba shoa. Joale ba tla susumetsoa ke’ng? Joaloka rōna bohle, ba lokela ho hopola sepheo kapa morero o ka sehloohong oa bophelo.
Balekane ba lenyalo ba lokela ho lula ba phetse hantle ba bile ba le matla e le hore ba tsoele pele ho thusana. Batsoali ba labalabela ho tsoela pele ba thusa bana ba bona ba bile ba ba koetlisa. Bana ba hōlileng ba lokela ho hlokomela beng ka bona ba tsofetseng. Ho phaella lintlheng tsena, nahana ka takatso e babatsehang ea ho ba tlhohonolofatso sechabeng ho fapana le ho ba moroalo. Lintho tsena tsohle li akarelletsa ho rata ba bang le ho ameha ka bona.
Lebaka le leng le matla le ho feta le ka susumetsang motho ke ha a ananela Moetsi oa rōna a bile a inehetse ho eena. Batho ba lumelang ho Molimo ba lakatsa ho sireletsa mpho e tsoang ho eena ea bohlokoa, e leng bophelo. (Pesaleme ea 36:9) Ha re phetse hantle, re ka khona ho sebeletsa Molimo re le mafolofolo haholoanyane. Ha ho lebaka la bohlokoa kapa le susumetsang ho feta leo la hore re hlokomele bophelo ba rōna.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Thabela melemo e tlisoang ke mokhoa o motle oa bophelo